Baahlodi 5:1-31

  • Pina ya tlholo ya Debora le Barake (1-31)

    • Dinaledi di lwana le Sisera (20)

    • Molapo o phoroselang wa Kishone wa ba hohola (21)

    • Ba ratang Jehova ba jwalo ka letsatsi (31)

5  Letsatsing leo, Debora+ le Barake+ mora wa Abinoame ba ile ba bina pina ena:+   Rorisang Jehova!“Ka lebaka la moriri o sa tlangwang* Iseraele,Ka lebaka la batho ba ileng ba ithaopa.+   Mamelang, lona marena! Mamelang lona babusi!Ke tla binela Jehova.Ke tla binela* Jehova Modimo wa Iseraele+ dithoriso.+   Jehova, ha o ne o tswa Seire,+Ha o ne o tloha naheng ya Edomo,Lefatshe le ile la thothomela mme mahodimo a tsholoha,Maru a ntsha metsi.   Dithaba tsa qhibidiha* ka pela sefahleho sa Jehova+Le Sinai ka pela sefahleho sa Jehova+ Modimo wa Iseraele.+   Matsatsing a Shamgare+ mora wa Anathe,Matsatsing a Jaele,+ ho ne ho se na batho ba tsamayang ditseleng tse kgolo,Batho ba ne ba tsamaya ka ditsela tse ding.   Ho ne ho se ho se na batho ba dulang Iseraele,Ba ne ba le siyo, ho fihlela nna Debora,+ ke ema,Ho fihlela ke ema jwalo ka mme Iseraele.+   Ba ile ba kgetha medimo e metjha+Yaba ho ba le ntwa dikeiting tsa metse.+ Ho ne ho se na thebe kapa lerumo,Hara ba 40 000 Iseraele.   Ke tshehetsa balaodi ba Iseraele,+Ba ileng ba ithaopela ho tsamaya le batho.+ Rorisang Jehova! 10  Lona bapalami ba ditonki tse sootho,Lona ba dulang hodima dimmete tsa boleng bo phahameng,Le lona ba tsamayang tseleng,Nahanang ka sena: 11  Mantswe a ba kgang metsi a ne a utlwahala didibeng.Ba ne ba bua ka diketso tse lokileng tsa Jehova moo,Diketso tse lokileng tsa batho ba hae ba dulang Iseraele. Yaba batho ba Jehova ba theohela dikeiting. 12  Tsoha, tsoha, Wena Debora!+ Tsoha, tsoha, o bine pina!+ Ema, Barake!+ O tsamaye le batlamuwa ba hao, wena mora wa Abinoame! 13  Jwale ba neng ba setse ba theohela ho bahlomphehi,Batho ba Jehova ba theohela ho nna ho tla lwantsha ba matla. 14  Banna ba ka kgohlong* ba tswang lelokong la Efraime,Ba o setse morao, Benjamine, hara ditjhaba tsa heno. Balaodi ba theoha ba tswa Makire,+Banna ba neng ba bokella masole* ba tswa lelokong la Zabulone. 15  Dikgosana tsa Isakare di ne di ena le Debora,Barake+ o ne a le jwalo ka Isakare. A romelwa thoteng ka maoto.+ Leloko la Rubene le ne le sa kgone ho etsa qeto. 16  Ke hobaneng ha o ile wa dula pakeng tsa disatlelebeke* tse pedi,O ba mametse ha ba letsetsa mehlape diphala?+ Leloko la Rubene le ne le sa kgone ho etsa qeto. 17  Gileade a nna a dula ka lehlakoreng le leng la Jordane,+Ke hobaneng ha Dane a ile a dula dikepeng?+ Ashere a dula a sa etse letho lebopong la lewatle,A nna a dula dibakeng tsa hae tseo dikepe di emang ho tsona.*+ 18  Setjhaba sa Zabulone e ne e le setjhaba se ileng sa beha bophelo ba sona kotsing ho isa lefung,Setjhaba sa Nefthali le sona+ se ile sa beha bophelo ba sona kotsing se le thabeng.+ 19  Marena a tla, a lwana,Marena a Kanana le ona a ile a lwana+A le Tanake, metsing a Megido.+ Ha ba a ka ba hapa leruo la silevera.+ 20  Dinaledi tsa lwana lehodimong,Tsa lwantsha Sisera di le ditseleng tsa tsona. 21  Molapo o phoroselang* wa Kishone wa ba hohola,+Molapo o phoroselang* wa kgale, molapo o phoroselang* wa Kishone. Ke ile ka hatakela ba matla. 22  Yaba ditlhako tsa dipere di tila nqa e le nngweHa dipere tsa hae tsa ntwa di ntse di matha ka matla.+ 23  ‘E se e ka Meroze e ka hlahelwa ke tlokotsi,’ ho boletse lengeloi la Jehova,‘Le baahi ba yona ba hlahelwe ke tlokotsiHobane ha ba a ka ba thusa Jehova,Ha ba a thusa Jehova ka ba matla.’ 24  Mosadi ya hlohonolofetseng ho feta ba bang ke Jaele,+Mosadi wa Hebere+ wa Mokene,O hlohonolofaditswe ho feta basadi ba bang ba dulang ditenteng. 25  O kopile metsi, a mo fa lebese. A mo fa mafi* ka hara sekotlolo se seholo se setle.+ 26  O ile a nka tshepe ya tente,A nka hamore e boima ka letsoho le letona. Yaba o kokotela Sisera, a mo pshatla hlooho,A mo hlaba ditlhafunelo* a ba a di pshatla.+ 27  A akgeha pakeng tsa maoto a hae, a wa, a rapalla,A akgeha pakeng tsa maoto a hae mme a wa,A shwella moo a akgehetseng teng. 28  Mosadi a sheba ka fensetere,E ne e le mme wa Sisera. O ne a ipotsa a re:‘Ke hobaneng ha kariki ya hae ya ntwa e diehile ho fihla?Ke hobaneng ha ke sa utlwe lerata la dipere tsa hae tse mathang?’+ 29  Basadi ba bohlale ba hlomphehang ba mo araba,Le yena o ne a ikaraba ka makgetlo, 30  ‘E tlameha ebe ba ntse ba arolelana dintho tseo ba di hapileng,Mohlabani e mong le e mong o nka ngwanana a le mong* kapa ba babedi,*Sisera o nka masela a mebalabala, masela a mebalabala,Banna ba hapang dintho ba nke seaparo se kgabisitsweng, masela a mebalabala,Diaparo tse pedi tse kgabisitsweng bakeng sa melala ya bona.’ 31  Ka hoo, dira tsohle tsa hao di ke di fediswe,+ Jehova,Empa ba o ratang ba be jwalo ka letsatsi ha le hlaha ka kganya ya lona.” Ho ile ha eba le kgotso naheng ka dilemo tse 40.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “bahlabani ba sa tlamang moriri.”
Kapa: “bapala diletsa tsa mmino bakeng sa.”
Kapa mohlomong: “thothomela.”
Kapa: “phuleng.”
Kapa mohlomong: “ba tshwarang disebediswa tsa mongodi.”
Kapa: “mekotla e mmedi e ka mahlakoreng a tonki.”
Kapa: “moo ho fihlelwang teng.”
Kapa: “nokana.”
Kapa: “nokana.”
Kapa: “nokana.”
Kapa: “A mo fa romo; lebese le themmeng.”
“Ditlhafunelo” ke karolo ya hlooho e pakeng tsa phatla le tsebe.
Ka Seheberu: “popelo.”
Ka Seheberu: “dipopelo tse pedi.”