Baahlodi 6:1-40

  • Bamidiane ba hatella Baiseraele (1-10)

  • Lengeloi le kgodisa Moahlodi Gideone hore Modimo o tla mo tshehetsa (11-24)

  • Gideone o diha aletare ya Baale (25-32)

  • Modimo o fa Gideone moya wa hae o halalelang (33-35)

  • Teko ya boya ba nku (36-40)

6  Baiseraele ba ile ba boela ba sitelwa Jehova.+ Ka hoo, Jehova a nehelana ka bona matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.+  Bamidiane ba ile ba hatella Baiseraele.+ Ka lebaka la Bamidiane, Baiseraele ba ile ba iketsetsa dibaka tseo ba ka ipatang* ho tsona dithabeng, mahaheng le dibakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona.+  Ha Baiseraele ba jetse peo, Bamidiane, Baamaleke+ le batho ba Botjhabela+ ba ne ba ba hlasela.  Ba ne ba hloma ditente e le hore ba ba hlasele mme ba senye dihlahiswa tsa naha ho ya fihla Gaza. Ba ne ba sa siele Baiseraele letho le jewang le ha e le nku kapa poho kapa tonki.+  Ba ne ba tla le mehlape le ditente tsa bona ba le bangata jwalo ka ditsie+ mme bona le dikamele tsa bona ba ne ba se na palo,+ ba ne ba tla naheng ho tla e fedisa.  Jwale Baiseraele ba futsaneha haholo ka lebaka la Bamidiane mme ba kopa thuso ho Jehova.+  Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova ka lebaka la Bamidiane,+  Jehova a romela moprofeta ho Baiseraele, ya ileng a re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele o re, ‘Ke le ntshitse Egepeta ntlong ya bokgoba.+  Ka le pholosa ho Baegepeta le ho dira tsohle tse le hatellang yaba ke di leleka ka pela lona mme ke le fa naha ya tsona.+ 10  Ke ile ka re ho lona: “Ke nna Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la tshaba medimo ya Baamore bao le dulang naheng ya bona.”+ Empa ha le a ka la mmamela.’”*+ 11  Ha morao lengeloi la Jehova la tla+ mme la dula tlasa sefate se seholo se neng se le Ofra, seo e neng e le sa Joashe Moabi-ezere.+ Mora wa hae Gideone+ o ne a ntse a pola koro sehatelong sa veine e le hore a e patele Bamidiane. 12  Lengeloi la Jehova la hlaha ho yena mme la re: “Jehova o na le wena,+ wena mohlabani ya matla.” 13  Yaba Gideone o re ho lengeloi leo: “Ntshwarele morenaka empa haeba Jehova o na le rona, ke hobaneng ha re hlahetswe ke dintho tsee tsohle?+ Di hokae diketso tsohle tsa hae tse hlollang tseo baholoholo ba rona ba re phetetseng tsona+ ba re, ‘Na ha se Jehova ya re ntshitseng Egepeta?’+ Jwale Jehova o re tlohetse+ mme o nehelane ka rona ho Bamidiane.” 14  Yaba Jehova o a mo sheba mme o re: “Eya ka matla ao o nang le ona mme o tla pholosa Baiseraele ho Bamidiane.+ Na ha se nna ya o romang?” 15  Gideone a mo araba a re: “Ntshwarele Jehova. Ke tla pholosa Baiseraele jwang? Lelapa leso* ke lona le lenyenyane lelokong la Manase ebile nna ke e monyenyane ntlong ya ntate.” 16  Empa Jehova a re ho yena: “O tla fedisa Bamidiane jwalo ka ha eka ke motho a le mong hobane ke tla ba le wena.”+ 17  Gideone a re ho yena: “Jwale haeba o nkamohela, mpontshe letshwao la hore ke wena ya buang le nna. 18  Ke kopa o se ke wa tloha mona ho fihlela ke kgutla le mpho ya ka mme ke e beha ka pela hao.”+ Yaba o re: “Ke tla dula mona ho fihlela o kgutla.” 19  Gideone a tsamaya mme a hlaba potsanyane yaba o etsa bohobe bo se nang tomoso ka dilithara tse ka bang 22* tsa phofo.+ A tshela nama ka basketeng mme a tshela le moro ka pitseng. Ka mora moo, a mo tlisetsa tsona ka ntle tlasa sefate se seholo. 20  Jwale lengeloi la Modimo wa nnete la re ho yena: “Nka nama le bohobe bo se nang tomoso, o di behe hodima lefika le leholo moo mme o qhale moro.” Yaba o etsa jwalo. 21  Lengeloi la Jehova la otlolla letsoho, la thetsa nama le bohobe bo se nang tomoso ka ntlha ya lere yaba ho hlaha mollo lefikeng mme o tjhesa nama le bohobe bo se nang tomoso.+ Yaba lengeloi la Jehova le a nyamela. 22  Jwale Gideone a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+ Hanghang Gideone a re: “Oho, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke bone lengeloi la Jehova.”*+ 23  Empa Jehova a re ho yena: “Eba le kgotso. O se ke wa tshoha,+ o ke ke wa shwa.” 24  Ka hoo, Gideone a hahela Jehova aletare moo mme e bitswa Jehova-shalome*+ ho fihlela letsatsing lena. E ntse e le Ofra motseng wa Baabi-ezere. 25  Bosiung boo Jehova a re ho yena: “Nka pohwana ya ntate wa hao e leng pohwana ya bobedi e dilemo di supileng, o dihe aletare eo ntate wa hao a e etseditseng Baale mme o kgaole palo e halalelang* e pela yona.+ 26  Ka mora ho hahela Jehova Modimo wa hao aletare ka hodima thaba* ena ka majwe a palamaneng, o nke pohwana eo o fane ka yona e le nyehelo ya setjheso hodima patsi e tswang palong e halalelang* eo o e kgaotseng.” 27  Yaba Gideone o nka banna ba leshome ho bahlanka ba hae, a etsa feela jwalo ka ha Jehova a mo boleletse. Empa ka ha o ne a tshaba ba lelapa la ntate wa hae le banna ba motse haholo, ha a ka a etsa dintho tsena motshehare empa o ile a di etsa bosiu. 28  Ha banna ba motse ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba ile ba hlokomela hore aletare ya Baale e dihilwe mme palo e halalelang* e pela yona e kgaotswe le hore ho entswe nyehelo ka pohwana ya bobedi aletareng e qetang ho hahwa. 29  Ba botsana ba re: “Ke mang ya entseng tjee?” Ka mora hore ba batlisise ba re: “Gideone mora wa Joashe ke yena ya entseng tjena.” 30  Ka hoo, banna ba motse ba re ho Joashe: “Ntsha mora wa hao e le hore re mo bolaye hobane o dihile aletare ya Baale ebile o kgaotse palo e halalelang* e neng e le pela yona.” 31  Yaba Joashe+ o re ho bohle ba neng ba tlile ho yena: “Ke hobaneng ha le sireletsa Baale? Na le lokela ho mo pholosa? Mang kapa mang ya mo sireletsang o lokela ho bolawa hoseng hona.+ Haeba Baale ke modimo, a ke a itshireletse+ hobane ho na le motho ya dihileng aletare ya hae.” 32  Letsatsing leo, a reha Gideone Jerubaale* mme a qala ho mo bitsa ka lebitso leo a re: “Baale a ke a itshireletse hobane ho na le motho ya dihileng aletare ya hae.” 33  Bohle bao e leng Bamidiane+ le Baamaleke+ le ba Botjhabela ba kopanya masole a bona+ mme ba tshela noka ba ya Kgohlong* ya Jezriele yaba ba hloma ditente moo. 34  Jehova a fa* Gideone moya o halalelang+ yaba Gideone o letsa lenaka+ mme Baabi-ezere+ ba mo sala morao. 35  A romela baromuwa ho Bamanase bohle yaba le bona ba mo sala morao. A boela a romela baromuwa ho Baashere, Bazabulone le Banefthali mme ba nyoloha ho ya kopana le yena. 36  Jwale Gideone a re ho Modimo wa nnete: “Haeba o tla pholosa Baiseraele ka nna feela jwalo ka ha o tshepisitse,+ 37  ke beha boya ba nku* seotlong. Haeba phoka e eba hodima boya feela empa hohle ka thoko ho bona ho omme, jwale ke tla tseba hore o tla pholosa Baiseraele ka nna feela jwalo ka ha o tshepisitse.” 38  Ho ile ha etsahala feela jwalo. Ha a tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang mme a tlhotla boya boo ba nku, phoka eo a e tlhotlileng ya etsa metsi a ka tlalang sekotlolo se seholo. 39  Le ha ho le jwalo, Gideone a re ho Modimo wa nnete: “O se ke wa nkgalefela empa ke na le kopo ya ho qetela. Ke kopa ho etsa teko e nngwe hape ka boya ba nku. Ke kopa o etse hore boya ba nku e be bona feela bo ommeng mme ho be le phoka hohle.” 40  Jwale Modimo a etsa hore ho be jwalo bosiung boo, boya ba nku ke bona feela bo neng bo omme mme ho ne ho ena le phoka hohle.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “dibaka tse ka tlase tsa polokelo.”
Ka Seheberu: “mamela lentswe la ka.”
Ka Seheberu: “Sekete sa ka.”
Ka Seheberu: “efa.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ke bone lengeloi la Jehova difahleho di tadimane.”
E bolelang “Jehova ke Kgotso.”
Kapa: “qhobosheane.”
E bolelang “Baale a ke a Iketsetse Tshireletso ya Molao (Itwanele).”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “apesa.”
E leng boya ba nku bo sa tswa kutwa.