Baahlodi 7:1-25

  • Gideone le banna ba 300 (1-8)

  • Masole a Gideone a hlola Bamidiane (9-25)

    • “Sabole ya Jehova le Gideone!” (20)

    • Moferefere ditenteng tsa Bamidiane (21, 22)

7  Jerubaale e leng Gideone+ le banna bohle ba neng ba ena le yena, ba tsoha hoseng haholo yaba ba hloma ditente Sedibeng sa Harode mme ditente tsa Bamidiane di ne di le ka leboya ho bona leralleng la More thoteng.  Jwale Jehova a re ho Gideone: “Banna ba nang le wena ba bangata haholo. Ka lebaka leo, nke ke ka ba thusa hore ba hlole Bamidiane+ hobane Baiseraele ba ka nna ba ithorisa ba re, ‘Ke rona ba ipholositseng.’+  Jwale ka kopo, bua mantswe ana ka pela banna bana: ‘Mang kapa mang ya tshohileng le ya thothomelang, a kgutlele hae.’”+ Ka hoo, Gideone a ba leka a sebedisa mantswe ana. Yaba banna ba 22 000 ba kgutlela hae mme ha sala ba 10 000.  Le ha ho le jwalo, Jehova a re ho Gideone: “Banna bana ba ntse ba le bangata haholo. Ere ba theohele metsing e le hore nka o kgethela bona moo.* Ha ke re ho wena, ‘Enwa o tla ya le wena,’ o tla ya le wena empa ha ke re ho wena, ‘Enwa a ke ke a ya le wena,’ a ke ke a ya.”  Ka hoo, a theohela metsing le banna bao. Jwale Jehova a re ho Gideone: “Arola banna bohle ba nwang metsi ka leleme jwalo ka ntja ho ba nwang metsi ba kgumame ka mangole.”  Palo ya banna ba neng ba nwa metsi ka leleme jwalo ka ntja ebile ba a nwella ka matsohong, e ne e le 300. Banna ba bang kaofela, ba ne ba nwa metsi ba kgumame ka mangole.  Yaba Jehova o re ho Gideone: “Ke tla sebedisa banna ba 300 ba nweleng metsi ka leleme jwalo ka ntja ho le pholosa mme ke tla etsa hore o hlole Bamidiane.+ Ere banna ba bang kaofela ba kgutlele hae.”  Ka hoo, ka mora hore ba nke mefaho le manaka ho setjhaba a re banna ba bang bohle ba Iseraele ba kgutlele hae mme a siya banna ba 300 feela. Bamidiane ba ne ba hlomme ditente thoteng tlasa moo Gideone a neng a hlomme tsa hae.+  Bosiung boo, Jehova a re ho yena: “Ema, o hlasele ditente tsa Bamidiane hobane ke tla etsa hore o ba hlole.+ 10  Empa haeba o tshaba ho ba hlasela, theohela ditenteng tsa bona le mohlanka wa hao Pura. 11  O mamele seo ba tla se bua mme ka mora moo o tla ba le sebete* sa ho ba hlasela.” Yaba Gideone le mohlanka wa hae Pura ba theohela pela ditente tsa Bamidiane. 12  Jwale Bamidiane le Baamaleke le batho bohle ba Botjhabela+ ba ne ba tletse thoteng jwalo ka ditsie tse ngata mme dikamele tsa bona di ne di le ngata+ jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle. 13  Gideone a theoha mme a utlwa monna e mong a phetela motswalle wa hae toro, a re: “Ke lorile toro ena. Ho ne ho ena le bohobe ba harese bo sedikadikwe bo neng bo thetehela ditenteng tsa Bamidiane. Bo ile ba tla tenteng mme ba e otla haholo hoo e ileng ya wa.+ Bo ile ba phethola tente yaba ya putlama.” 14  Yaba motswalle wa hae o re: “Ke sabole ya Gideone+ mora wa Joashe monna wa Moiseraele feela e ka etsang jwalo. Modimo o tla etsa hore a hlole Bamidiane le ditente tsohle tsa bona.”+ 15  Hang ha Gideone a utlwa toro eo le tlhaloso ya yona,+ a inama mme a rapela. Ka mora moo, a kgutlela ditenteng tsa Baiseraele a re: “Emang ka ha Jehova o tla le thusa hore le hlole masole a Bamidiane.” 16  A arola banna ba 300 ka dihlopha tse tharo mme kaofela ha bona a ba fa manaka+ le dinkgo tse kgolo tse nang le mabone* ka hare. 17  Yaba o re ho bona: “Le ntjhebe mme le nketsise. Ha ke fihla pela ditente, le etse hantle ntho eo ke e etsang. 18  Ha nna le bohle ba nang le nna re letsa manaka, le lona le letse manaka ho potoloha hohle ditenteng mme le hweletse le re, ‘Ntwa ke ya Jehova le Gideone!’” 19  Ha e eba hara mpa ya bosiu, hantle ka mora hore ho kene balebedi ba bang,* Gideone ha mmoho le banna ba 100 ba neng ba ena le yena, ba tla haufi le ditente. Ba ile ba letsa manaka+ mme ba pshatla dinkgo tse kgolo tsa metsi tseo ba di nkileng.+ 20  Dihlopha tse tharo tsa letsa manaka mme tsa pshatla dinkgo tse kgolo. Di ne di tshwere mabone ka matsoho a matshehadi. Tsa tshwara manaka ka matsoho a matona tsa a letsa, tsa hweletsa tsa re: “Sabole ya Jehova le Gideone!” 21  Ka nako eo yohle, monna e mong le e mong o ne a eme sebakeng sa hae ho potoloha ditente yaba masole ohle a Bamidiane a ditenteng a a baleha, a hweletsa a ntse a baleha.+ 22  Banna ba 300 ba tswela pele ho letsa manaka mme Jehova a etsa hore masole ao a hlabane ka disabole ditenteng tsohle+ mme a baleha ho ya fihla Bethe-shita, ho fetela Zerera, ho ya fihla moeding wa Abele-mehola+ haufi le Tabathe. 23  Yaba ho bokellwa banna ba Iseraele ba tswang lelokong la Nefthali, Ashere le lelokong lohle la Manase+ mme ba lelekisa Bamidiane. 24  Gideone a romela baromuwa sebakeng sohle se dithaba sa Efraime, a re: “Theohang le yo hlasela Bamidiane mme le ba thibele ho tshela Jordane le dinoka tse Bethe-bara.” Ka hoo, banna bohle ba Efraime ba bokellwa mme ba ba thibela ho tshela Jordane le dinoka tse Bethe-bara. 25  Ba boela ba hapa dikgosana tse pedi tsa Bamidiane e leng Orebe le Zebe. Ba bolaela Orebe lefikeng la Orebe+ mme ba bolaela Zebe sehatelong sa veine sa Zebe. Ba nna ba lelekisa Bamidiane+ mme ba tlisa hlooho ya Orebe le ya Zebe ho Gideone sebakeng sa Jordane.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “e le hore nka o behela bona tekong moo.”
Ka Seheberu: “matsoho a hao a tla ba matla.”
Kapa: “dirumula.”
Ho tloha ka hora ya leshome bosiu ho fihlela ka hora ya bobedi hoseng.