Baahlodi 8:1-35

  • Baefraime ba phehisana kgang le Gideone (1-3)

  • Marena a Midiane a a lelekiswa ebile a a bolawa (4-21)

  • Gideone o hana ho ba morena (22-27)

  • Pale ya bophelo ba Gideone (28-35)

8  Jwale banna ba Efraime ba re ho Gideone: “Ke hobaneng ha o re entse tjee? Ke hobaneng ha o sa re bitsa ha o yo lwantsha Bamidiane?”+ Yaba ba phehisana kgang le yena.+  Empa a re ho bona: “Seo ke se entseng ha se letho ha se bapiswa le seo le se entseng. Na morara o thonakilweng ke Efraime+ ha o molemo ho feta morara o kotutsweng ke Abi-ezere?+  Modimo o entse hore le hlole dikgosana tsa Midiane e leng Orebe le Zebe.+ Nna ha ke a etsa letho ha ke bapiswa le lona.” Ha a qeta ho bua mantswe ana, ba tlohela ho halefa.  Yaba Gideone le banna ba 300 ba tshela noka ya Jordane mme ba nna ba lelekisa dira tsa bona le hoja ba ne ba kgathetse.  Jwale a re ho banna ba Sukothe: “Ke kopa hore le fe banna bana ba tsamayang le nna bohobe ka ha ba kgathetse mme re ntse re lelekisa marena a Midiane e leng Zeba le Zalmuna.”  Empa dikgosana tsa Sukothe tsa re: “Ke hobaneng ha re lokela ho fa masole bohobe? Na o se o hlotse Zeba le Zalmuna?”  Yaba Gideone o re: “Ka ha le buile mantswe ana, ke tla le shapa ka meutlwa le dihlahla tse hlabang tsa lefeelleng+ ha Jehova a nthusa hore ke hlole Zeba le Zalmuna.”  Ha a tloha moo, a nyolohela Penuele mme a kopela masole a hae bohobe empa banna ba Penuele ba mo araba ka tsela e tshwanang le ya banna ba Sukothe.  Ka hoo, a boela a re ho banna ba Penuele: “Ha ke kgutla ke hlotse, ke tlo diha tora ena.”+ 10  Jwale Zeba le Zalmuna ba ne ba le Karkore le masole a bona e leng banna ba ka bang 15 000. E ne e le banna bohle ba setseng ho tswa lebothong la sesole la batho ba Botjhabela+ ka ha banna ba 120 000 ba neng ba nkile disabole ba ne ba shwele. 11  Gideone a nna a nyoloha ka tsela ya ba dulang ditenteng ka botjhabela ho Noba le Jogbeha+ mme a ba hlasela ba sa lebella. 12  Ha marena a mabedi a Midiane e leng Zeba le Zalmuna a baleha, Gideone a a lelekisa mme a a tshwara. Batho bohle ba dulang ditenteng ba tshoha. 13  Jwale Gideone mora wa Joashe a kgutla ntweng ka tsela e pakeng tsa dithaba e nyolohelang Herese. 14  Ha a le tseleng a tshwara mohlankana ya tswang Sukothe yaba o mo hloma dipotso. Ka hoo, mohlankana eo a mo ngolla mabitso a dikgosana le banna ba baholo ba Sukothe, e ne e le banna ba 77. 15  Yaba o ya ho banna ba Sukothe mme o re: “Zeba le Zalmuna bao le neng le ntshoma ka bona ke bana, le re, ‘Na o se o hlotse Zeba le Zalmuna hoo re lokelang ho fa banna ba hao ba kgathetseng bohobe?’”+ 16  Jwale a nka banna ba baholo ba motse wa Sukothe a ba shapa ka meutlwa le dihlahla tse hlabang tsa lefeelleng, a ba kenya tseleng.+ 17  A diha tora ya Penuele+ mme a bolaya banna ba motse. 18  A re ho Zeba le Zalmuna: “Le bolaile banna ba mofuta ofe Tabore?” Yaba ba re: “Ba ne ba tshwana le wena, e mong le e mong a tshwana le mora wa morena.” 19  Yaba o re: “Ke bana beso, bara ba mme. Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang hore haeba le ne le sa ba bolaya, ke ne nke ke ka le bolaya.” 20  Jwale a re ho Jethere mora wa hae wa letsibolo: “Ema, o ba bolaye.” Empa Jethere a se ke a ntsha sabole ya hae. O ne a tshohile hobane o ne a sa le monyenyane. 21  Yaba Zeba le Zalmuna ba re: “Ema mme o re bolaye ka ha monna o bonahala ka matla a hae.” Ka hoo, Gideone a ema mme a bolaya Zeba le Zalmuna+ yaba o nka mekgabiso e bopehileng jwalo ka kgwedi e neng e le melaleng ya dikamele tsa bona. 22  Ha morao banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, wena le mora wa hao ha mmoho le setloholo sa hao ka ha o re pholositse ho Bamidiane.”+ 23  Empa Gideone a re ho bona: “Nke ke ka le busa, le mora wa ka a ke ke a le busa. Jehova ke yena ya tla le busa.”+ 24  Gideone a tswela pele ho re: “Ereng ke le kope ntho e le nngwe feela: E mong le e mong wa lona a mphe lesale la nko ho tswa dinthong tseo a di hapileng.” (Ka ha setjhaba seo ba se hlotseng se ne se ena le masale a kgauta a nko hobane e ne e le Baishmaele.)+ 25  Jwale ba re: “Re tla fana ka ona.” Yaba ba ala seaparo mme e mong le e mong o lahlela lesale la nko ho sona. 26  Masale a nko a kgauta ao a neng a a kopile a ne a le boima bo ka etsang dikhilokramo tse 19,* ntle ho mekgabiso e bopehileng jwalo ka kgwedi, masale, diaparo tsa boya bo pherese tse neng di aparwa ke marena a Midiane le difaha tse neng di le melaleng ya dikamele.+ 27  Gideone a etsa efoda*+ ka kgauta eo, a e beha motseng wa hae wa Ofra+ yaba Baiseraele bohle ba e rapela*+ moo mme e ile ya ba leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae.+ 28  Ka hoo, Baiseraele ba hlola Bamidiane+ mme ha ba a ka ba hlola ba tshwenya Baiseraele* hape. Ho ile ha eba le kgotso naheng ka dilemo tse 40 mehleng eo ya Gideone.+ 29  Yaba Jerubaale+ mora wa Joashe o kgutlela ha hae mme o dula teng. 30  Gideone a ba le bara ba 70* ka ha o ne a ena le basadi ba bangata. 31  Serethe* sa hae se neng se dula Shikeme le sona sa mo tswalla mora mme a mo reha Abimeleke.+ 32  Gideone mora wa Joashe a shwa a tsofetse haholo mme a patwa lebitleng la ntate wa hae Joashe le neng le le Ofra ya Baabi-ezere.+ 33  Hang ha Gideone a qeta ho shwa, Baiseraele ba boela ba rapela* medimo ya Baale+ mme ba kgetha Baale-berithe hore e be modimo wa bona.+ 34  Baiseraele ha ba a ka ba hopola Jehova Modimo wa bona,+ ya neng a ba pholositse ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potolohile.+ 35  Ho sa tsotellehe melemo yohle eo Jerubaale e leng Gideone a ileng a e etsetsa Baiseraele, ha ba a ka ba tshepahalla* ba lelapa la hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dishekele tsa kgauta tse 1 700.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ba etsa botekatse le yona.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Ho ka etsahala hore ebe ho buuwa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.
Ka Seheberu: “ha ba a ka ba hlola ba phahamisetsa Baiseraele hlooho.”
Ka Seheberu: “a ba le bara ba 70 ba tswileng thekeng la hae.”
Kapa: “ba etsa botekatse le.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba bontsha lerato le tshepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.