Baahlodi 9:1-57

  • Abimeleke e ba morena wa Shikeme (1-6)

  • Papiso ya Jothame (7-21)

  • Abimeleke o busa batho ka sehloho (22-33)

  • Abimeleke o hlasela Shikeme (34-49)

  • Mosadi o lematsa Abimeleke mme o a shwa (50-57)

9  Ka mora nako Abimeleke+ mora wa Jerubaale a ya Shikeme ho dikgaitsedi tsa mme wa hae mme a re ho tsona le ho lelapa lohle la ntatemoholo wa hae:*  “Ke kopa le botse baetapele* bohle ba Shikeme, ‘Na ho molemo hore banna ba 70 e leng bara bohle ba Jerubaale+ ba le buse kapa hore monna a le mong a le buse? Le hopole hore ke lesapo la lona le nama ya lona.’”*  Ka hoo, dikgaitsedi tsa mme wa hae tsa mo buella, tsa pheta mantswe ao ho baetapele bohle ba Shikeme mme baetapele ba susumelletseha* ho latela Abimeleke ka ha ba ile ba re: “Ke ngwanabo rona.”  Ba mo fa dikotwana tse 70 tsa silevera tse tswang ntlong* ya Baale-berithe+ mme Abimeleke a di sebedisetsa ho hira banna ba sa sebetseng le ba se nang boitshwaro hore ba tsamaye le yena.  Ka mora moo, a ya ntlong ya ntate wa hae e Ofra+ mme a bolaya bana babo+ ba 70 e leng bara ba Jerubaale, a ba bolaela hodima lejwe le le leng. Ke Jothame feela ya ileng a phonyoha e leng mora e monyenyane wa Jerubaale hobane o ne a ipatile.  Yaba baetapele bohle ba Shikeme le batho bohle ba Bethe-milo ba a bokana mme ba etsa Abimeleke morena,+ haufi le sefate se seholo se neng se le pela pilara e neng e le Shikeme.  Ha ba tsebisa Jothame, hanghang a tsamaya mme a ema Thabeng ya Gerizime+ yaba o a ba hweletsa o re: “Mmameleng, lona baetapele ba Shikeme mme Modimo o tla le mamela.  Ka nako e nngwe ho ne ho ena le difate tse ileng tsa bokana hore di ikgethele* morena. Ka hoo, tsa re ho sefate sa mohlwaare, ‘Re buse.’+  Empa sefate sa mohlwaare sa re ho tsona, ‘Na ke tele oli ya ka, eo ba e sebedisang ho tlotlisa Modimo le batho mme ke yo foka makala a ka hodima difate tse ding?’ 10  Jwale difate tsa re ho sefate sa feie,* ‘Tloo mme o re buse.’ 11  Empa sefate sa feie sa re ho tsona, ‘Na ke tele monate wa ka le ditholwana tsa ka tse ntle mme ke yo foka makala a ka hodima difate tse ding?’ 12  Ka mora moo difate tsa re ho sefate sa morara, ‘Tloo mme o re buse.’ 13  Yaba sefate sa morara se re ho tsona, ‘Na ke lokela ho tela veine ya ka e ntjha e thabisang Modimo le batho mme ke yo foka makala a ka hodima difate tse ding?’ 14  Qetellong difate tse ding kaofela tsa re ho sefate sa monokotshwai, ‘Tloo mme o re buse.’+ 15  Yaba monokotshwai o re ho tsona, ‘Haeba ka nnete le nkgetha hore ke be morena wa lona, tloong mme le itshireletse tlasa moriti wa ka. Empa haeba le sa batle, mollo o tla tswa sefateng sa monokotshwai mme o tjhese difate tsa kedare tsa Lebanone.’ 16  Jwale, na le kgethile Abimeleke hore e be morena+ ka tsela e nepahetseng le e hlomphehang, na le bontshitse mosa ho Jerubaale le ba lelapa la hae mme na le mo tshwere ka tlhompho e mo tshwanelang? 17  Ha ntate a ne a le lwanela,+ o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a le pholose ho Bamidiane.+ 18  Empa kajeno le futuhetse lelapa la ntate mme le bolaetse bara ba hae ba 70 hodima lejwe le le leng.+ Ka mora moo, Abimeleke e leng mora wa lekgoba la mosadi+ la Gideone, la mo etsa morena ho baetapele ba Shikeme hobane feela e le ngwanabo lona. 19  Jwale haeba kajeno le tshepahaletse Jerubaale le ba lelapa la hae mme le ba hlomphile, le thabe le Abimeleke mme le yena a thabe le lona. 20  Empa haeba ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke mme o tjhese baetapele ba Shikeme le ba Bethe-milo.+ Hape mollo o ke o tswe ho baetapele ba Shikeme le Bethe-milo mme o tjhese Abimeleke.”+ 21  Jwale Jothame+ a baleha a ya Beere mme a dula moo hobane o ne a tshaba abuti wa hae Abimeleke. 22  Abimeleke a busa Iseraele ka dilemo tse tharo. 23  Yaba Modimo o dumella hore ho be le lehloyo pakeng tsa Abimeleke le baetapele ba Shikeme mme ba etsetsa Abimeleke bolotsana 24  e le hore Abimeleke a ka ba molato wa polao+ ya bara ba Jerubaale ba 70 ha mmoho le baetapele ba Shikeme ba ileng ba mo thusa ho bolaya bana babo. 25  Ka hoo, baetapele ba Shikeme ba beha banna hore ba lalle Abimeleke hodima thaba. Ba ne ba utswetsa motho e mong le e mong ya fetang pela bona tseleng eo. Ka mora nako, Abimeleke a bolellwa ka taba ena. 26  Jwale Gale mora wa Ebede le bana babo ba tshelela Shikeme+ mme baetapele ba Shikeme ba ba ka lehlakoreng la hae. 27  Banna ba Shikeme ba ya masimong mme ba bokella morara o tswang dirapeng tsa bona tsa morara, ba o hatakela e le hore ba etse veine. Ka mora moo ba ya ntlong ya modimo wa bona,+ ba ja, ba nwa mme ba lakaletsa Abimeleke bomadimabe. 28  Yaba Gale mora wa Ebede o re: “Abimeleke ke mang, hona Shikeme ke mang hore re mo sebeletse? Na ha se mora wa Jerubaale+ mme na molaodi wa hae ha se Zebule? Sebeletsang banna ba Hamore e leng ntate wa Shikeme. Empa ke hobaneng ha re lokela ho sebeletsa Abimeleke? 29  Haeba feela batho bana ba ne ba ntatela, ke ne ke tla tlosa Abimeleke.” Jwale a re ho Abimeleke: “Eketsa masole a hao mme o tle le ona o tlo ntwantsha.” 30  Ha Zebule kgosana ya motse a utlwa seo Gale mora wa Ebede a se buileng, a halefa haholo. 31  Ka hoo, a romela baromuwa ho Abimeleke ka sekgukgu, a re: “Gale mora wa Ebede le bana babo ba tlile Shikeme mme ba susumetsa batho ba motse hore ba o fetohele. 32  Jwale wena le banna ba hao le tsohe bosiu mme le ba lalle ka ntle ho motse. 33  Hang ha letsatsi le tjhaba hoseng, o tsohe o hlasele motse. Jwale ha Gale a tla le banna ba hae ho tla o lwantsha, o leke ka hohle ho mo hlola.” 34  Ka hoo, Abimeleke le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsoha bosiu, ba ba lalla ka ntle ho Shikeme ka dihlopha tse nne. 35  Ha Gale mora wa Ebede a tswa mme a ema keiting ya motse, Abimeleke le banna ba nang le yena ba tswa moo ba neng ba ba lalletse teng. 36  Ha Gale a bona batho a re ho Zebule: “Bona, ho na le batho ba theohang hodima thaba.” Empa Zebule a re ho yena: “O bona meriti ya dithaba eseng batho.” 37  Ha morao Gale a re: “Bona! Ho na le batho ba theohang bohareng ba naha mme sehlopha se seng se tla ka tsela ya sefate se seholo sa Meonenime.” 38  Yaba Zebule o re ho yena: “O lebetse hore o ile wa re, ‘Abimeleke ke mang hore re mo sebeletse?’+ Na batho baa ha se bao o ba lahlileng? Jwale tswa o yo ba lwantsha.” 39  Ka hoo, Gale a yo lwantsha Abimeleke, a etelletse baetapele ba Shikeme pele. 40  Abimeleke a mo lelekisa mme Gale a baleha. Ho ile ha bolawa batho ba bangata ho ya fihla keiting ya motse. 41  Jwale Abimeleke a nna a dula Aruma mme Zebule+ a leleka Gale le bana babo hore ba tswe Shikeme. 42  Letsatsing le hlahlamang batho ba ya naheng mme Abimeleke a bolellwa ka taba ena. 43  Ka hoo, Abimeleke a arola banna ba hae ka dihlopha tse tharo mme ba lalla batho naheng. Jwale ha a bona batho ba tswa motseng, a ba hlasela mme a ba bolaya. 44  Abimeleke le banna bao a neng a ena le bona ba mathela pele yaba ba ema keiting ya motse. Dihlopha tse pedi di ne di hlasela batho bohle ba naheng di ba bolaya. 45  Abimeleke a lwantsha batho ba motse letsatsi lohle, a hapa motse oo. A bolaya batho ba ho wona mme a o diha+ yaba o o tshela ka letswai. 46  Ha baetapele bohle ba tora ya Shikeme ba utlwa taba ena, hanghang ba ya kamoreng e ka tlasa ntlo ya Ele-berithe.+ 47  Hang ha Abimeleke a bolellwa hore baetapele ba tora ya Shikeme ba bokane, 48  Abimeleke le banna ba nang le yena ba nyolohela Thabeng ya Zalmone. Abimeleke a nka selepe, a kgaola lekala la sefate a le jara lehetleng yaba o re ho batho ba nang le yena: “Phakisang le etse ntho eo le boneng ke e etsa.” 49  Jwale batho bohle le bona ba kgaola makala mme ba latela Abimeleke. Ba beha makala kamoreng e ka tlasa ntlo mme ba e tjhesa. Ka hoo, batho bohle ba tora ya Shikeme ba ile ba shwa. E ne e le banna le basadi ba ka bang 1 000. 50  Yaba Abimeleke o ya Thebeze. O ile a hloma ditente motseng wa Thebeze, a o lwantsha mme a o hapa. 51  Ho ne ho ena le tora e sireleditsweng ka marako bohareng ba motse. Banna le basadi bohle ha mmoho le baetapele bohle ba motse ba ne ba balehela moo. Ba ne ba ikwalla ka moo mme ba hlwella hodima marulelo a tora eo. 52  Jwale Abimeleke a ya toreng e le hore a e senye. A ya monyako wa tora eo hore a e tjhese. 53  Jwale e mong wa basadi a lahlela tshilwana* hloohong ya Abimeleke mme a mo pshatla lehata.+ 54  Kapelepele a bitsa mohlanka ya jereng dibetsa tsa hae mme a re ho yena: “Ntsha sabole ya hao mme o mpolaye e le hore ba se ke ba re ka nna, ‘O bolailwe ke mosadi.’” Mohlanka wa hae a mo hlaba yaba o a shwa. 55  Ha banna ba Iseraele ba bona hore Abimeleke o shwele, kaofela ha bona ba kgutlela hae. 56  Ka hoo, Modimo a kgutlisetsa bobe boo Abimeleke a bo entseng ho ntate wa hae ka hore ebe o ile a bolaya bana babo ba 70.+ 57  Modimo o ile a boela a etsa hore bobe bohle boo banna ba Shikeme ba bo entseng bo kgutlele ho bona, ka hoo ba tlelwa ke bomadimabe ba Jothame+ mora wa Jerubaale.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “lelapa la ntlo ya ntate wa mme wa hae.”
Kapa mohlomong: “beng ba naha.”
Kapa: “ke amana le lona ka madi.”
Ka Seheberu: “dipelo tsa bona tsa susumelletseha.”
Kapa: “tempeleng.”
Ka Seheberu: “tlotse.”
Kapa: “feiga.”
Lejwe leo ho silwang ka lona.