Lengolo le Yang ho Bafilipi 3:1-21

  • Le se ke la tshepa dintho tseo batho ba di tshepang (1-11)

    • Dintho tsohle ha di na thuso ka lebaka la Kreste (7-9)

  • Ho sebeletsa moputso ka thata (12-21)

    • Lehodimong ke habo rona (20)

3  Qetellong bana beso, le nne le sebeletse Morena le thabile.+ Ha ke na bothata ba ho le ngolla dintho tseo ke seng ke le ngolletse tsona hobane ke di ngola molemong wa lona.*  Itlhokomeleng ho ba jwalo ka dintja. Itlhokomeleng ho batho ba kotsi le be le itlhokomele ho batho ba batlang hore le bolle.+  Ke rona ba bolotseng e le ka nnete,+ rona ba sebeletsang Modimo ba tataiswa ke moya wa hae le ba tshepileng Kreste Jesu+ eseng dintho tseo batho ba di tshepileng.  Empa hara batho bohle, ke nna ya nang le mabaka a ho tshepa dintho tseo batho ba di tshepileng. Haeba ho na le motho ya nahanang hore o na le mabaka a ho tshepa dintho tseo, nna ke na le mabaka a fetang a hae.  Ke boloditswe ka letsatsi la borobedi,+ ke wa setjhaba sa Iseraele, ke wa leloko la Benjamine, ke Moheberu ya tswetsweng ke Baheberu,+ ke ne ke le Mofarisi+ ke latela molao.  Ka ha ke ne ke tjheseha haholo, ke ne ke hlorisa phutheho.+ Ke ne ke bontsha hore ha ke na molato ka ho etsa dintho tse lokileng ho ya ka molao.  Le ha ho le jwalo, dintho tseo ke neng ke di nka e le tsa bohlokwa, ke se ke di nka di se na thuso* ka lebaka la Kreste.+  Ha e le hantle, ke nka dintho tsohle di se na thuso hobane dintho tseo ke di tsebang ka Kreste Jesu Morena wa ka di bohlokwa ho feta dintho tseo kaofela. Ke tlohetse dintho tsohle ka lebaka la hae mme ke di nka e le toti* e ngata hore Kreste a tle a nkamohele  le hore ke be molatedi wa hae. Ha ke nkwe ke le motho ya lokileng hobane ke mamela molao empa hobane ke dumela+ ho Kreste.+ Modimo o nka ke lokile hobane ke na le tumelo.+ 10  Ke batla ho tseba Kreste le matla a ya mo tsositseng+ ebile ke batla ho utlwa bohloko+ le ho shwa jwalo ka yena+ 11  ka tshepo ya hore ke tla tsoswa tsohong ya pele ya bafu.+ 12  Ha ke eso fumane moputso oo ebile ha ke eso etse dintho tseo ke ikemiseditseng ho di etsa.+ Ke etsa sohle seo nka se kgonang hore ke phethe seo Kreste Jesu a nkgethetseng sona.+ 13  Bana beso, ha ke nke hore ke se ke fumane moputso wa ka. Empa ke kgodisehile ka ntho e le nngwe: Ke lebala dintho tse fetileng+ mme ke hahamalla dintho tse ka pele.+ 14  Ke leka ka matla hore ke fumane moputso+ o tswang ho Modimo e leng bophelo+ ba lehodimong boo a mpitseditseng bona ka Kreste Jesu. 15  Ka hoo, rona bohle ba nang le tumelo e matla,+ a re nahaneng ka tsela ena. Ha le sa nahane ka tsela eo, Modimo o tla le thusa hore le nahane jwalo. 16  Le ha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse. 17  Bana beso, etsisang mohlala wa ka+ mme le etsise le ba latelang mohlala oo re le behetseng wona. 18  Ho na le batho ba bangata ba nyefolang hore Kreste o shwetse palong.* Ke ne ke hlola ke bua ka bona hangata empa hona jwale ke bua ka bona ke lla. 19  Qetellong ba tla fediswa. Dimpa tsa bona ke medimo ya bona. Ba ithorisa ka dintho tse hlabisang dihlong tseo ba di etsang ebile ba nahana ka dintho tsa lefatshe feela.+ 20  Empa rona lehodimong+ ke habo rona+ ebile re letetse mopholosi wa rona ya lehodimong ka tabatabelo e leng Morena Jesu Kreste.+ 21  O tla sebedisa matla a hae a maholo ao a a fuweng ho laola dintho tsohle+ mme o tla fetola mmele ya rona e fokolang hore e tshwane le* mmele wa hae o halalelang.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ho le sireletsa.”
Kapa mohlomong: “ke kgethile ho di tlohela.”
Kapa: “dithole; matlakala.”
Kapa: “palong eo batho ba hlokofatswang ho yona.” Sheba Tlhaloso ya Palo.
Ka Segerike: “e dumellane le.”