Ho Bagalata 2:1-21

  • Pauluse o kopana le baapostola Jerusalema (1-10)

  • Pauluse o kgalemela Petrose (Kefase) (11-14)

  • Ho thwe motho o lokile ha feela a ena le tumelo (15-21)

2  Ka mora dilemo tse 14 ke ile ka kgutlela Jerusalema ke tsamaya le Barnabase+ le Tite.+  Ke ile ka kgutlela teng hobane Morena o ne a ntshenoletse hore ke yo bolella ditjhaba ditaba tse monate moo. Ke ile ka di bolella banna ba hlomphehang ka lekunutu e le ho etsa bonnete ba hore ditaba tseo ke di phatlalatsang di nepahetse, ho seng jwalo ke ne ke tla be ke sebeletsa lefeela.  Le hoja Tite+ a ne a tsamaya le nna, ha ho na motho ya ileng a mo qobella hore a bolle+ le ha e ne e le Mogerike.  Empa taba ena e tlile ka lekunutu ka bana ba bo rona ba sa tshepahaleng,+ ba tlileng ka phuthehong ho tla senya kgotso+ eo rona balatedi ba Kreste Jesu re nang le yona e le hore ba ka re etsa makgoba.+  Ha re a ka ra ba mamela ho hang+ e le hore re dule re ena le nnete ya ditaba tse monate.  Le bana ba bo rona ba nkwang e le ba bohlokwa+ ha ba a ka ba fetola tsela eo ke nahanang ka yona ebile ha ho na letho le letjha leo ba ileng ba mpolella lona hobane Modimo ha a ahlole motho ho latela tsela eo a shebahalang ka yona.  Ba ile ba bona hore ke filwe mosebetsi wa ho phatlalatsa ditaba tse monate ho batho ba sa bollang+ feela jwalo ka ha Petrose a ne a di phatlalatsa ho batho ba bolotseng.  Modimo o ile a fa Petrose matla a hore e be moapostola ho batho ba bolotseng mme nna o mphile matla a hore ke be moapostola ho batho ba ditjhaba tse ding.+  Ba ile ba hlokomela hore Modimo o bile mosa* ho nna.+ Ka lebaka leo, Jakobo+ le Kefase* le Johanne ba neng ba le jwalo ka dipilara tsa phutheho, ba ile ba tshwara nna le Barnabase+ ka matsoho a matona ho bontsha hore ba dumellana le taba ya hore re ye ditjhabeng tse ding mme bona ba ye ho batho ba bolotseng. 10  Ntho e le nngwe eo ba ileng ba re kopa yona ke hore re thuse bafutsana, e leng ntho eo ke neng ke ikemiseditse ho e etsa.+ 11  Le ha ho le jwalo, ha Kefase*+ a tlile Antioke,+ ke ile ka ya ho yena ka mo kgalemella phoso eo a neng a e entse. 12  Pele banna ba neng ba rometswe ke Jakobo+ ba fihla, o ne a tlwaetse ho ja le batho ba ditjhaba+ empa eitse ha ba fihla a kgaotsa ho ja le bona a ba a tloha ho bona hobane o ne a tshaba batho ba bolotseng.+ 13  Bajuda ba bang bohle le Barnabase ba ile ba mo etsisa.* 14  Empa ha ke bona hore ha ba phele tumellanong le nnete ya ditaba tse monate,+ ke ile ka re ho Kefase* ka pela bona kaofela: “Wena o Mojuda empa o phela jwalo ka batho ba ditjhaba tse ding eseng jwalo ka Mojuda. Jwale ke hobaneng ha o batla ho etsa hore batho ba ditjhaba tse ding ba phele jwalo ka Bajuda?”+ 15  Rona bao ka tlhaho re leng Bajuda eseng baetsadibe ba tswang ditjhabeng, 16  re a tseba hore motho ha e be ya lokileng ka lebaka la ho latela molao empa ka lebaka la tumelo+ eo a nang le yona ho Jesu Kreste.+ Ka hoo, re dumela ho Kreste Jesu e le hore ho ka thwe re lokile ka lebaka la tumelo ya rona ho Kreste eseng ka lebaka la ho latela molao ka ha ha ho motho eo ho ka thweng o lokile hobane feela a mamela molao.+ 17  Haeba le rona re fumanwa re le baetsadibe empa re batla ho bitswa batho ba lokileng ka lebaka la Kreste, na seo se bolela hore Kreste o re kgothaletsa ho etsa dibe? Tjhe, ha ho jwalo. 18  Haeba ke kgutlela dinthong tseo ke neng ke tlwaetse ho di etsa,* ke tla be ke tlola molao. 19  Ke ile ka lokoloha* molaong+ e le hore nka phelela Modimo. 20  Ke kgokgothetswe palong le Kreste.+ Ha e sa le nna ya phelang+ empa ke Kreste ya phelang ka hare ho nna. Hona jwale ke se ke phela ka tumelo eo ke nang le yona ho Mora wa Modimo+ ya ileng a nthata a ba a fana ka bophelo ba hae molemong wa ka.+ 21  Ha ke hane* mosa wa Modimo+ hobane haeba molao ke wona o etsang hore motho e be ya lokileng, Kreste o tla be a shwetse lefeela.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Kapa: “ba etsisa boikaketsi boo.”
Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Ka Segerike: “Haeba ke haha dintho tseo ke neng ke di dihile.”
Kapa: “Ke ile ka shwa molaong.”
Kapa: “lahle.”