Ho Baheberu 6:1-20

  • Re tswele pele ho hola (1-3)

  • Ba fellwang ke tumelo ba kgokgothela Mora palong hape (4-8)

  • Tshepo ya lona e dule e le matla (9-12)

  • Tshepiso ya Modimo e tla phethahala (13-20)

    • Kano ya Modimo le tshepiso ya hae ha di fetohe (17, 18)

6  Ka ha jwale re se re ithutile dithuto tsa motheo tse mabapi+ le Kreste, a re tsweleng pele ho hola.+ Re se ke ra kgutlela dithutong tsa motheo* e leng thuto ya ho bakela mesebetsi e se nang thuso, ya ho dumela ho Modimo,  thuto ya dikolobetso tse fapaneng, ya ho behwa matsoho,+ ya tsoho ya bafu+ le ya kahlolo e sa feleng.  Ka thuso ya Modimo re tla tswela pele ho hola.  Ho na le ba ileng ba bontshwa lesedi,+ ba ileng ba fuwa mpho e tswang lehodimong le moya o halalelang.  Ba ne ba filwe lentswe le molemo la Modimo le ditlhohonolofatso* tsa lefatshe le letjha* le tlang  empa jwale ha ba sa na tumelo.+ Batho ba jwalo ha ho kgonehe hore re ba thuse ho baka hape hobane ho tshwana le ha ba kgokgothela Mora wa Modimo palong hape le ho mo tlotlolla ka pela batho.+  Pula e nang hangata ke tlhohonolofatso e tswang ho Modimo bakeng sa mobu haeba mobu oo o monya metsi a pula mme o hlahisa dijalo tse ntle bakeng sa ba di lemmeng.  Empa haeba mobu o hlahisa meutlwa le dihlabahlabane, o tla be o se na thuso, Modimo o haufi le ho phatlalatsa hore ha o tshwanelehe hore o ka lengwa mme qetellong tshimo eo e tla tjheswa.  Baratuwa, le ha re bua jwalo, re kgodisehile hore lona le tla fumana ditlhohonolofatso ebile le boemong bo botle ba ho pholoswa. 10  Modimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi wa lona le ka moo le bontshitseng ka teng hore le rata lebitso la hae+ ka hore ebe le sebeleditse badumedimmoho le lona* mme le hona jwale le ntse le ba sebeletsa. 11  Re lakatsa hore e mong le e mong wa lona a sebetse ka thata feela jwalo ka pele e le hore tshepo ya lona e ka dula e le matla+ ho fihlela qetellong.+ 12  Le se ke la ba botswa+ empa le etsise ba ileng ba fumana ditshepiso ka lebaka la tumelo le mamello ya bona. 13  Modimo o ile a ikana ka yena+ ha a ne a tshepisa Abrahama hore o tla mo hlohonolofatsa hobane ha ho motho e moholo ho mo feta. 14  Modimo o ile a re: “Ke tla o hlohonolofatsa mme ke etse hore bana* ba hao ba be bangata.”+ 15  Abrahama o ile a fumana tshepiso ena ka mora hore a be le mamello. 16  Ha motho a etsa tshepiso o ikana ka motho e moholo ho mo feta. Kano eo e fedisa dikgang tsohle hobane ke bopaki ba hore o buile nnete.+ 17  Ka tsela e tshwanang, ha Modimo a ne a bontsha majalefa a tshepiso+ ya hae ka tsela e hlakileng hore morero wa hae ha o fetohe, o ile a tiisa tshepiso eo ka kano. 18  O entse jwalo e le hore tshepiso ya hae le kano ya hae di ka kgothatsa rona ba mo tshepileng e le hore re dule re ena le tshepo e matla. A ke ke a bua leshano+ hobane kano ya hae le tshepiso ya hae ha di fetohe ho hang. 19  Feela jwalo ka ha ankora e etsa hore sekepe se tsitse, tshepo ena+ e re thusa hore re eme re tiile, re sa belaele. Tshepo ena e re isa ka nqane ho kgaretene.+ 20  Jesu o kene moo pele ho rona, a re bulela tsela le ho re lokisetsa yona.+ Ke moprista ya phahameng jwalo ka Melkizedeke mme o tla dula e le moprista ka ho sa feleng.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “beha motheo hape.”
Ka Segerike: “matla.”
Kapa: “mehla.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “bahalaledi.”
Ka Segerike: “peo.”