Ho Bakolose 2:1-23

  • Kreste ke lekunutu le halalelang la Modimo (1-5)

  • Elang hloko hore le se ke la thetswa (6-15)

  • Ntho ya sebele ke Kreste (16-23)

2  Ke batla hore le tsebe hore na ke lwana ka thata hakae molemong wa lona, molemong wa ba leng Laodisia+ le molemong wa bohle ba eso ka ba mpona.  Ke etsa seo hore ba tshedisehe+ le hore ba kopanngwe ke lerato.+ Seo se tla etsa hore ba be le maruo a mangata e leng hore ba utlwisise hantle le hore ba be le tsebo e nepahetseng ka Kreste e leng lekunutu le halalelang la Modimo.+  Matlotlo ohle a bohlale le a tsebo a patilwe ho yena.+  Ke bua tjena e le hore ho se ke ha eba le ya tla le kgelosa ka mashano.  Le hoja ke se moo le lona, ke dula ke nahanne ka lona. Ke thabela ho utlwa hore le etsa dintho ka tsela e hlophisehileng+ le hore le tshepa Kreste ka dipelo tsohle tsa lona.+  Ka lebaka leo, jwalo ka ha le amohetse Kreste Jesu Morena, le dule le mo mamela.  Jwalo ka ha le ithutile, tumelo ya lona ho Kreste e lokela ho le matlafatsa le ho le tiisa jwalo ka sefate se nang le metso e tebileng.+ Tumelo ya lona e lokela ho tiya+ le ho feta ha le leboha Modimo ka mehla.+  Itlhokomeleng e le hore ho se ke ha eba le ya tla le tshwasa ka bohlale ba lefatshe le ka leshano.+ Dintho tsena ha di tswe ho Kreste empa di tswa meetlong ya batho le tseleng eo batho ba tlwaetseng ho etsa dintho ka yona  hobane Kreste o na le makgabane ohle a Modimo.+ 10  Ka hoo, ha le haellwe ke letho ka lebaka la hae, yena eo e leng hlooho ya mebuso yohle le balaodi.+ 11  Ka ha le balatedi ba hae, le ile la bolla empa eseng ka tsela eo batho ba etsang ka yona. Ho ena le hoo, le ile la bolla ka ho tlohela dintho tse ratwang ke mmele ya lona e nang le sebe.+ Ena ke tsela eo bahlanka ba Kreste ba tshwanetseng ho bolla ka yona.+ 12  Le ile la patwa le yena ka ho kolobetswa ka kolobetso e tshwanang le ya hae.+ Ka ha le balatedi ba hae, le lona le ile la tsoswa+ ha mmoho le yena hobane le dumela mesebetsing e matla ya Modimo, ya ileng a mo tsosa bafung.+ 13  Ho feta moo, le hoja le ne le shwele ka lebaka la dibe tsa lona le ka hobane le sa bolla, Modimo o ile a etsa hore le phele e le hore le be mmoho le Kreste.+ O ile a tshwarela dibe tsohle tsa rona ho tswa pelong+ 14  a ba a hlakola tokomane e ngotsweng ka letsoho,+ e nang le melao+ le e hanyetsanang le rona.+ O e tlositse ka ho e otlella palong.*+ 15  O hlotse mebuso le balaodi ka yona* mme a bontsha batho bohle hore o e hlotse+ yaba e tla e mo setse morao jwalo ka batshwaruwa. 16  Ka hoo, ho se ke ha eba le motho ya le ahlolang ka hore na le jang kapa le nwang+ kapa ka hore na le keteka mekete ya selemo le selemo, ya ha kgwedi e qala+ kapa ya sabatha.+ 17  Dintho tseo ke seriti sa dintho tse tlang+ empa ntho ya sebele ke Kreste.+ 18  Hlokomelang batho ba ikokobetsang hore feela ba bonwe ke batho le ba rapelang mangeloi* hobane ba ka le thibela hore le fumane moputso.+ Batho bao ba kgomarela dintho tseo ba di bonang ebile ba ithorisa ka dintho tseo ba di nahanang tse se nang thuso. 19  Ha ba latele hlooho+ e leng ya fang mmele wohle dintho tseo o di hlokang ebile a o kopanya ha mmoho ka manonyello le mesifa hore o hole ka matla a Modimo.+ 20  Haeba le ile la shwa le Kreste ebile le tlohetse menahano ya lefatshe,+ ke hobaneng ha le phela jwalo ka ha eka le ntse le le karolo ya lefatshe, ka hore le nne le mamele ditaelo tsee:+ 21  “O se ke wa tshwara, wa latswa kapa wa ama ntho le ha e le efe”? 22  Dintho tseo tsohle di a fela ha di sebediswa ebile ke ditaelo le dithuto tsa batho.+ 23  Le hoja dintho tseo di bonahala eka di etsa hore batho ba hlalefe, ha di ba thuse ho lwantsha ditakatso tsa bona tse fosahetseng. Sena se bakwa ke hore batho ba a ikgethela hore na ba batla ho rapela Modimo jwang. Ba a itematsa hobane ba batla hore batho ba re ba ikokobeditse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “palong eo batho ba hlokofatswang ho yona.” Sheba Tlhaloso ya Palo.
Kapa mohlomong: “ka Kreste.”
Kapa: “ba rapelang ka tsela eo mangeloi a rapelang ka yona.”