Deuteronoma 13:1-18

  • Tsela eo le lokelang ho tshwara bakwenehi ka yona (1-18)

13  Haeba ho hlaha moprofeta hara lona kapa motho ya bolelang diketsahalo esale pele ka ditoro mme a le fa pontsho kapa dimakatso  mme pontsho kapa dimakatso tseo a le boleletseng tsona di phethahala mme a re, ‘A re lateleng medimo e meng,’ medimo eo le sa kang la e tseba ‘mme re e sebeletse,’  le se ke la mamela mantswe a moprofeta eo kapa a molori eo+ hobane Jehova Modimo wa lona o a le leka+ e le hore a tsebe hore na le rata Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle.+  Le latele Jehova Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke ditaelo tsa hae, le mamele lentswe la hae, ke yena eo le lokelang ho mo sebeletsa mme le mo kgomarele.+  Empa moprofeta eo kapa molori eo a bolawe+ hobane o le kgothaleditse hore le fetohele Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta mme a le lopolla ntlong ya bokgoba, ho le kgelosa tseleng eo Jehova Modimo wa lona a le laetseng hore le tsamaye ho yona. Le tlose se sebe hara lona.+  Haeba ngwaneno, mora wa mme wa hao, mora wa hao, moradi wa hao, mosadi wa hao ya ratehang kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo a leka ho o hohela sephiring a re, ‘A re ye mme re sebeletse medimo e meng,’+ medimo eo wena kapa baholoholo ba hao le sa kang la e tseba,  medimo ya ditjhaba tse le potolohileng ebang ke tse haufi kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e nngwe ya naha ho ya pheletsong e nngwe ya naha,  o se ke wa dumellana le yena kapa wa mo mamela+ kapa wa mo utlwela bohloko kapa wa mo qenehela kapa wa mo sireletsa.  Ho ena le hoo, ka sebele o lokela ho mo bolaya.+ E be wena wa pele ya mo tlepetsang ka majwe e le hore a shwe ebe ka mora moo setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe.+ 10  O mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa+ hobane o ne a batla hore o fetohele Jehova Modimo wa hao ya o ntshitseng naheng ya Egepeta ka tlung ya bokgoba. 11  Jwale Baiseraele bohle ba tla utlwa mme ba tshohe mme le ka mohla ha ho na motho ya tla hlola a etsa ntho e mpe jwalo ka ena hara lona.+ 12  Haeba le utlwa ho buuwa mantswe ana a latelang ho e meng ya metse ya lona eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona hore le dule ho yona, 13  ‘Ho na le banna ba se nang molemo ba tswileng hara lona e le hore ba kgelose baahi ba metse ya bona, ba re: “A re yeng mme re sebeletse medimo e meng,” medimo eo le sa kang la e tseba.’ 14  Le hlahlobe taba ena, le etse dipatlisiso mme le botsisise.+ Haeba e le nnete hore ntho ena e mpe e a etsahala hara lona, 15  le bolaye baahi ba motse oo ka sabole.+ Le fedise+ ntho e nngwe le e nngwe e ho wona ho akarelletsa le mehlape ya wona ka sabole. 16  Dintho tsohle tseo le di hapileng ho wona le di bokellele bohareng ba lebala la motse oo mme le tjhese motse oo ka mollo, dintho tsa wona tse hapuweng e tla ba nyehelo e feletseng ho Jehova Modimo wa lona. E tla ba motse o senyehileng ka ho sa feleng. Le ka mohla motse oo ha o a lokela ho hahwa botjha. 17  Le se ke la nka letho le tlo fediswa+ e le hore Jehova a ka tlohela ho halefa mme a le hauhele a be a le atise feela jwalo ka ha a hlapanyeditse baholoholo ba lona.+ 18  Le mamele* Jehova Modimo wa lona ka ho latela ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno mme le etse dintho tse thabisang Jehova Modimo wa lona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Le mamele lentswe la.”