Deuteronoma 14:1-29

  • Le se ke la utlwa bohloko ka tsela e feteletseng (1, 2)

  • Dijo tse hlwekileng le tse sa hlwekang (3-21)

  • Karolo ya leshome bakeng sa Jehova (22-29)

14  Le bara ba Jehova Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa+ kapa la itsheha diphatleng* bakeng sa motho ya shweleng+  ka ha le setjhaba se halalelang+ ho Jehova Modimo wa lona mme Jehova o le kgethile hore le be setjhaba sa hae, thepa ya hae e kgethehileng* hara ditjhaba tsohle tse hodima lefatshe.+  Le se ke la ja ntho le ha e le efe e nyonyehang.+  Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang:+ poho, nku, podi,  kgama, tshephe, letsa, podi ya naheng, hlwaele, nku ya naheng le phuthi.  Le ka ja phoofolo le ha e le efe e nang le tlhako e arohaneng ebile e thuisa.  Le ha ho le jwalo, le se ke la ja diphoofolo tse latelang tse thuisang kapa tse nang le tlhako e arohaneng: Kamele, mmutla le pela hobane di a thuisa empa ha di na tlhako e arohaneng. Ha di a hlweka bakeng sa lona.+  Le se ke la ja le kolobe hobane e na le tlhako e arohaneng empa ha e thuise. Ha e a hlweka bakeng sa lona. Ha le a lokela ho ja nama ya tsona kapa ho thetsa ditopo tsa tsona.  Le ka ja dintho tse latelang tse phelang ka metsing: Ntho le ha e le efe e nang le maphewana le makgakgapha le ka e ja.+ 10  Empa le se ke la ja eng kapa eng e se nang maphewana le makgakgapha. Ha e a hlweka bakeng sa lona. 11  Le ka ja nonyana le ha e le efe e hlwekileng. 12  Empa tsena ke tseo le sa lokelang ho di ja: Ntsu, phakwe e jang ditlhapi, lenong le letsho,+ 13  mmankgodi o mofubedu, mmankgodi o motsho, mefuta yohle ya mmankgodi, 14  mofuta o mong le o mong wa lekgwaba, 15  mpshe, sephooko, nonyana ya metsing, mofuta o mong le o mong wa phakwe, 16  sephooko se senyenyane, sephooko se ditsebe di telele, kgantshi, 17  letata le jang ditlhapi, lenong, seinodi, 18  mokotatsie, mofuta o mong le o mong wa kokolofitwe, popopo le mmankgane. 19  Dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo le tsona ha di a hlweka bakeng sa lona. Le se ke la di ja. 20  Le ka ja sebopuwa le ha e le sefe se hlwekileng se fofang. 21  Le se ke la ja phoofolo le ha e le efe e fumanweng e shwele.+ Le ka e fa moditjhaba ya ka hara metse* ya lona kapa la mo rekisetsa yona mme a ka e ja ka ha lona le setjhaba se halalelang ho Jehova Modimo wa lona. Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.+ 22  Le etse bonnete ba hore le fana ka karolo ya leshome ya dihlahiswa tsohle tsa peo ya lona tse tswang masimong selemo le selemo.+ 23  Le jelle karolo ya lona ya leshome ya dijo tse kotutsweng, ya veine ya lona e ntjha, ya oli ya lona, ya matsibolo a lona a mohlape wa dikgomo le wa dinku le dipodi ka pela Jehova Modimo wa lona, sebakeng seo a tla kgetha hore lebitso la hae le dule ho sona+ e le hore le ithute ho tshaba Jehova Modimo wa lona ka mehla.+ 24  Empa haeba leeto le eba lelelele haholo bakeng sa lona mme le sa kgone ho nka dintho tsena tsohle ho ya sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a se kgethang bakeng sa lebitso la hae+ hobane se le hole haholo le lona (ka ha Jehova Modimo wa lona o tla le hlohonolofatsa), 25  jwale le ka rekisa dintho tseo mme le ye sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a tla se kgetha le nkile tjhelete eo. 26  Le ka reka eng kapa eng eo le e batlang ebang ke dikgomo, dinku, dipodi, veine le dino tse ding tse nang le jwala le ntho le ha e le efe eo le e thabelang mme le tla di jella moo ka pela Jehova Modimo wa lona mme le thabe le ba malapa a lona.+ 27  Hape le se ke la lebala Balevi ba ka hara metse ya lona+ hobane ha ba a fuwa kabelo kapa lefa ha mmoho le lona.+ 28  Qetellong ya dilemo tse ding le tse ding tse tharo, le tlise karolo ya leshome ya dihlahiswa tsa lona tsa selemo seo mme le di behe ka hara metse ya lona.+ 29  Molevi ya sa fuwang kabelo kapa lefa ha mmoho le lona, moditjhaba, kgutsana* le mohlolohadi ba ka hara metse ya lona, ba tla tla mme ba je ba kgotsofale+ e le hore Jehova Modimo wa lona a ka le hlohonolofatsa dinthong tsohle tseo le di etsang.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “la kuta pakeng tsa mahlo.”
Kapa: “letlotlo la bohlokwa.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”