Deuteronoma 15:1-23

  • Selemong se seng le se seng sa bosupa dikoloto di a hlakolwa (1-6)

  • Ho thusa bafutsana (7-11)

  • Makgoba a lokollwe ka selemo se seng le se seng sa bosupa (12-18)

    • Tsebe ya lekgoba e phunywe ka elese (16, 17)

  • Matsibolo a diphoofolo a lokela ho halaletswa (19-23)

15  Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, le lokela ho hlakola dikoloto.+  Ona ke mokgwa oo le lokelang ho hlakola sekoloto ka ona: Motho e mong le e mong ya kolotwang, o tla hlakola sekoloto sa moahisani wa hae. A se ke a qobella moahisani wa hae kapa ngwanabo hore a mo patale hobane sekoloto se hlakotsweng se tla bolelwa phatlalatsa ho Jehova.+  Le ka qobella moditjhaba hore a patale+ empa le lokela ho hlakola sekoloto le ha e le sefe sa ngwanabo lona.  Le ha ho le jwalo, ha ho na motho ya lokelang ho futsaneha hara lona hobane Jehova o tla le hlohonolofatsa+ naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa  ha feela le mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hloko mme le etsa bonnete ba hore le phetha ditaelo tsena tsohle tseo ke le fang tsona kajeno.+  Jehova Modimo wa lona o tla le hlohonolofatsa feela jwalo ka ha a le tshepisitse mme le tla adima ditjhaba tse ngata tjhelete ya lona empa ho ke ke ha hlokahala hore le adime letho ho tsona.+ Le tla laola ditjhaba tse ngata empa tsona di ke ke tsa le laola.+  Haeba e mong wa bana ba bo lona a futsaneha ho o mong wa metse ya lona naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona kapa la tima ngwanabo lona wa mofutsana.+  Le fane+ mme le mo adime eng kapa eng eo a e hlokang kapa eo a se nang yona.  Le hlokomele hore le se ke la ba le monahano ona o mobe ka dipelong tsa lona wa hore ‘Selemo sa bosupa, e leng selemo sa tokollo se haufi’+ yaba le a timana mme ha le fe ngwanabo lona wa mofutsana letho. Haeba a ka llela ho Jehova ka lebaka la lona, le tla be le entse sebe.+ 10  Le mo fe le thabile+ eseng le* belaela hobane ke yona ntho e tla etsa hore Jehova Modimo wa lona a le hlohonolofatse nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang.+ 11  Ho tla dula ho ena le bafutsana naheng.+ Ke ka lebaka leo ke le fang taelo ena, ‘Le lokela ho fa ngwanabo lona ya hloriswang le ya futsanehileng naheng ya habo lona le thabile.’+ 12  Haeba o rekiseditswe e mong wa bana beno, ebang ke monna kapa mosadi wa Moheberu mme a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng, jwale ka selemo sa bosupa o mo lokolle.+ 13  Haeba o mo lokolla, o se ke wa mo tsamaisa a sa nka letho. 14  O mo fe ho hong o thabile ho tswa mohlapeng wa hao, seotlong sa hao le sehatelong sa hao sa oli le sa veine. O mo fe feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o hlohonolofaditse. 15  Le hopole hore le ne le le makgoba naheng ya Egepeta le hore Jehova Modimo wa lona o ile a le lopolla. Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena kajeno. 16  Empa haeba a re ho wena, ‘Ha ke batle ho tloha ha hao’ hobane a o rata a bile a rata le ba lelapa la hao ka ha a ntse a o sebeletsa a thabile,+ 17  o nke elese* o mo phunye tsebe ka yona mme e hlahelle lemating mme o tla dula e le lekgoba la hao bophelo bohle ba hae. O etse se tshwanang le ka lekgoba la hao la mosadi. 18  O se ke wa utlwa bohloko ha o lokolla lekgoba la hao mme le tsamaya hobane mosebetsi oo le o etseditseng ona ka dilemo tse tsheletseng o ka lekana le moputso oo mosebeletsi ya hirilweng a o fumanang ka makgetlo a mabedi mme Jehova Modimo wa hao o o hlohonolofaditse nthong e nngwe le e nngwe eo o e entseng. 19  Le halaletse letsibolo le leng le le leng le letona mohlapeng wa lona wa dikgomo le wa dinku le dipodi ho Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la sebedisa matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo* ho etsa mosebetsi le ha e le ofe kapa la kuta matsibolo a mehlape ya lona ya dinku le dipodi. 20  Lona le ba malapa a lona le lokela ho jella matsibolo ao ka pela Jehova Modimo wa lona selemo le selemo sebakeng seo Jehova a tla se kgetha.+ 21  Empa haeba matsibolo ao a ena le bokowa bo itseng ebang a holofetse, a foufetse kapa a ena le bothata le ha e le bofe, le se ke la etsetsa Jehova Modimo wa lona sehlabelo ka ona.+ 22  Le a jelle ka hara metse* ya lona. Motho ya hlwekileng le ya sa hlwekang a ka a ja jwalo ka ha le ja tshephe kapa kgama.+ 23  Empa le se ke la ja madi a ona.+ Le a qhalle fatshe jwalo ka metsi.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dipelo tsa lona.”
Thulusi e motsu e phunyang masoba a manyenyane.
Ka Seheberu: “dipoho.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”