Deuteronoma 16:1-22

  • Paseka; Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso (1-8)

  • Mokete wa Dibeke (9-12)

  • Mokete wa Maphephe (13-17)

  • Ho kgethwa baahlodi (18-20)

  • Dintho tse sa lokelang ho sebediswa ha ho rapelwa (21, 22)

16  Le boloke kgwedi ya Abibe* mme le keteke Paseka ya Jehova Modimo wa lona+ hobane Jehova Modimo wa lona o ile a le ntsha Egepeta bosiu ka kgwedi ya Abibe.+  Le etsetse Jehova Modimo wa lona nyehelo ya sehlabelo sa Paseka+ ho tswa mohlapeng wa dinku le dipodi le mohlapeng wa dikgomo,+ sebakeng seo Jehova a kgethang hore lebitso la hae le dule ho sona.+  Le se ke la se jelella le ntho le ha e le efe e nang le tomoso.+ Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng e leng bohobe ba mahloreho hobane le tswile naheng ya Egepeta ka potlako.+ Le etse sena ha feela le ntse le phela e le hore le hopole letsatsi leo le tswileng naheng ya Egepeta ka lona.+  Ho se ke ha fumanwa hlama e bodila ho lona sebakeng sohle sa lona ka matsatsi a supileng.+ Hape ho se ke ha eba le nama le ha e le efe eo le tla etsa sehlabelo ka yona letsatsing la pele mantsiboya, e lokelang ho sala bosiu kaofela ho fihlela hoseng.+  Le ke ke la dumellwa ho etsa nyehelo ya sehlabelo sa Paseka metseng le ha e le efe eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona.  Empa e lokela ho etsetswa sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a kgethang hore lebitso la hae le be ho sona. Le etse nyehelo ya sehlabelo sa Paseka mantsiboya hang ha letsatsi le dikela,+ ka letsatsi* leo le ileng la tswa Egepeta ka lona.  Le e phehe ebe le e jella+ sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a tla se kgetha+ mme hoseng le ka kgutlela ditenteng tsa lona.  Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a tsheletseng mme ka letsatsi la bosupa ho tla ba le seboka se hlomphehang sa Jehova Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe ka letsatsi lena.+  Le bale dibeke tse supileng. Le qale ho di bala ho tloha ha le qala ho kotula koro.*+ 10  Jwale le keteke Mokete wa Dibeke wa Jehova Modimo wa lona+ ka ho tlisa dinyehelo tsa boithaopo tse tswang ho lona. Le fane ka tsona ho ya ka moo Jehova Modimo wa lona a le hlohonolofaditseng ka teng.+ 11  Le thabe ka pela Jehova Modimo wa lona sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a kgethang hore lebitso la hae le be ho sona,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, makgoba a lona a banna le a basadi, Balevi ba ka hara metse* ya lona, baditjhaba, dikgutsana* le bahlolohadi ba leng hara lona. 12  Le hopole hore le ne le le makgoba Egepeta+ mme le latele melao ena ka hloko. 13  Le keteke Mokete wa Maphephe*+ ka matsatsi a supileng ha le bokella dintho tse tswang seotlong sa lona le sehatelong sa lona sa oli le sa veine. 14  Le thabe nakong ya mokete wa lona,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, makgoba a lona a banna le a basadi, Balevi, baditjhaba, dikgutsana* le bahlolohadi ba ka hara metse ya lona. 15  Le keteke mokete wa Jehova Modimo wa lona ka matsatsi a supileng+ sebakeng seo Jehova a se kgethang hobane Jehova Modimo wa lona o tla hlohonolofatsa dihlahiswa tsohle tsa lona le dintho tsohle tseo le di etsang+ mme le tla thaba.+ 16  Hararo ka selemo, e mong le e mong e motona ho lona a hlahe ka pela Jehova Modimo wa lona sebakeng seo a se kgethang: Moketeng wa Mahobe a se Nang Tomoso,+ Moketeng wa Dibeke+ le Moketeng wa Maphephe*+ mme ho se ke ha eba le ya mong ho lona ya tlang ho Jehova a sa nka letho. 17  E mong le e mong a tlise mpho e lekanang le tlhohonolofatso eo Jehova Modimo wa lona a mo fileng yona.+ 18  Le kgethe baahlodi+ le balaodi bakeng sa maloko ohle a metseng* eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona mme ba ahlole setjhaba ka toka. 19  Le se ke la sotha toka,+ la ba leeme+ kapa la amohela tjotjo hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale+ mme e sotha mantswe a ba lokileng. 20  Le phehelle toka+ feela, e le hore le ka tswela pele le phela mme la nka naha eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona. 21  Haufi le aletare ya Jehova Modimo wa lona eo le iketseditseng yona, le se ke la lema sefate sa mofuta le ha e le ofe hore le etse palo e halalelang ka sona.*+ 22  Hape le se ke la iketsetsa pilara e halalelang+ e leng ntho eo Jehova Modimo wa lona a e hloileng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “nako e behilweng.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bana ba se nang bontate.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Kapa: “bana ba se nang bontate.”
Ka Seheberu: “ka hara dikeiti tsohle tsa lona.”