Deuteronoma 19:1-21

  • Ho ba molato wa madi le metse ya setshabelo (1-13)

  • Matshwao a moedi ha a lokela ho tjhetjhiswa (14)

  • Batho ba fanang ka bopaki kgotla (15-21)

    • Ho hlokahala hore ho be le dipaki tse pedi kapa tse tharo (15)

19  Ha Jehova Modimo wa lona a fedisa ditjhaba tseo Jehova Modimo wa lona a le fang naha ya tsona mme le di lelekile ebile le se le dula metseng ya tsona le matlong a tsona,+  le kgethe metse e meraro naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona hore e be ya lona.+  Le arole naha eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona hore e be dikarolo di tharo mme le lokise ditsela e le hore mmolai le ha e le ofe a ka balehela ho o mong wa metse eo.  Jwale, mmolai a etse tjena e le hore a nne a phele: Haeba a bolaile wa habo a sa ikemisetsa ebile a sa mo hloya+  jwalo ka ha motho a ka ya le wa habo morung ho ya rwalla patsi ebe ha a re o kapa patsi ka selepe, hlooho ya selepe seo e be e tswa e otla wa habo ebe o a shwa, mmolai o lokela ho balehela ho o mong wa metse ena e le hore a phele.+  Empa haeba motse o ne o le hole haholo, motho ya amanang le motho ya bolailweng*+ o ne a ka mo lelekisa mme a mo bolaya ka lebaka la ho halefa haholo. Le ha ho le jwalo, mmolai o ne a sa lokela ho shwa ka ha o ne a sa hloya wa habo.+  Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le kgethe metse e meraro.  Haeba Jehova Modimo wa lona a atolosa sebaka sa lona jwalo ka ha a hlapanyeditse baholoholo ba lona+ mme a le file naha yohle eo a e tshepisitseng baholoholo ba lona+  mme le mamela ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno, e leng ho rata Jehova Modimo wa lona le ho tsamaya ditseleng tsa hae ka mehla,+ jwale le eketse metse e meng e meraro ho ena e meraro.+ 10  Ka tsela ena, ha ho na motho ya se nang molato ya tla bolawa+ naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa mme le ke ke la eba le molato wa madi.+ 11  Empa haeba motho a ne a hloile wa habo+ mme a ne a mo lalletse e le hore a mo hlasele ebe o mo lematsa hoo a shwang, jwale a balehela ho e meng ya metse ena, 12  banna ba baholo ba motse wa habo ba mo laele hore a latwe moo mme a iswe ho motho ya amanang le motho ya bolailweng hore a mo bolaye.+ 13  Le* se ke la utlwela motho eo bohloko hobane haeba le sa mo bolaye, Iseraele e tla ba le molato wa madi+ mme le ke ke la atleha. 14  Ha le fumana lefa naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le se ke la tjhetjhisa matshwao a moedi a moahisani wa lona+ sebakeng seo baholoholo ba sehileng meedi ho sona. 15  Motho a ke ke a behwa molato ka lebaka la phoso kapa sebe seo a se entseng haeba ho ena le bopaki ba motho a le mong.+ Bopaki* ba batho ba babedi kapa ba bararo ke bona bo tla tiisa taba.+ 16  Haeba motho a fana ka bopaki ba leshano kgahlanong le e mong mme a mo qosa ka ho etsa phoso e itseng,+ 17  batho bana ba babedi ba nang le qabang ba tla ema ka pela Jehova, ka pela baprista le baahlodi ba tla beng ba le teng ka nako eo.+ 18  Baahlodi ba tla batlisisa+ mme haeba motho ya faneng ka bopaki a buile leshano mme a qositse ngwanabo ka leshano, 19  le mo etse seo a neng a rerile ho se etsa ho ngwanabo,+ le tlose se sebe hara lona.+ 20  Ba setseng ba tla utlwa mme ba tshohe mme le ka mohla ha ba sa tla hlola ba etsa ntho le ha e le efe e mpe jwalo ka ena hara lona.+ 21  Le* se ke la mo utlwela bohloko:+ Le fane ka bophelo bakeng sa bophelo, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mopheteletsi wa madi.”
Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”
Ka Seheberu: “Molomo.”
Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”