Deuteronoma 22:1-30

  • Ho hlompha diphoofolo tsa batho ba bang (1-4)

  • Ho apara diaparo tsa batho ba bong bo fapaneng (5)

  • Ho tshwara diphoofolo hantle (6, 7)

  • Lebota le lekgutshwanyane ho potoloha marulelo (8)

  • Dintho tse sa lokelang ho kopanngwa (9-11)

  • Ditjobo diaparong (12)

  • Melao mabapi le thobalano (13-30)

22  Haeba o bona poho kapa nku ya ngwaneno e lahleha, o se ke wa e tlohela ka boomo.+ O e kgutlisetse ho ngwaneno.  Empa haeba ngwaneno a sa dule haufi le wena kapa o sa mo tsebe, o tlise phoofolo eo ha hao mme e dule ha hao ho fihlela ngwaneno a tla a ntse a batlana le yona. Jwale o e kgutlisetse ho yena.+  O etse ntho e tshwanang ka tonki ya hae, diaparo tsa hae le ka ntho le ha e le efe eo ngwaneno a e lahlileng mme o e thotse. O se ke wa e tlohela.  Haeba o bona tonki kapa poho ya ngwaneno e wela tseleng, o se ke wa e tlohela ka boomo. O mo thuse ho e phahamisa.+  Mosadi ha a lokela ho apara diaparo tsa banna le monna ha a lokela ho apara diaparo tsa basadi. Mang kapa mang ya etsang dintho tsena, o a nyonyeha ho Jehova Modimo wa lona.  Haeba o thola sehlaha sa nonyana tseleng se ena le madinyane kapa mahe ebang se le sefateng kapa fatshe mme mma ona a fuame madinyane kapa mahe, o se ke wa nka madinyane ha mmoho le mma ona.+  O tlohele mma ona hore a tsamaye empa o ka inkela madinyane. O etse sena e le hore o ka atleha mme o phele nako e telele.  Haeba o haha ntlo, o etse le lebota le lekgutshwanyane* ho potoloha marulelo a hao+ e le hore wena le ba lelapa la hao le se ke la eba le molato wa madi hobane motho a wele a le ho yona.  Le se ke la jala peo ya mofuta o mong dirapeng tsa lona tsa morara.+ Ho seng jwalo, dihlahiswa tsa peo eo le tsa dirapa tsa morara di tla nkwa di iswe sehalalelong. 10  Le se ke la pana poho le tonki ha mmoho ha le lema.+ 11  Le se ke la apara diaparo tse entsweng ka ulu e kopaneng le line.+ 12  Le etse ditjobo* dikhoneng tse nne tsa diaparo tsa lona.+ 13  Haeba monna a nyala mosadi mme a etsa thobalano le yena empa a se a sa mo batle* 14  mme a mo qosa ka ho etsa boitshwaro bo bobe a bile a mo senya lebitso a re, ‘Ke nyetse mosadi enwa empa ha ke robala le yena ha ke a fumana bopaki ba hore ke morwetsana,’ 15  ntate le mme wa ngwanana ba lokela ho fana ka bopaki ba hore moradi wa bona e ne e le morwetsana mme ba bo tlise ho banna ba baholo keiting ya motse. 16  Ntate wa ngwanana eo o tla re ho banna ba baholo, ‘Ke file monna enwa moradi wa ka hore e be mosadi wa hae empa ha a sa mo batla* 17  ebile o mo qosa ka ho etsa boitshwaro bo bobe, o re: “Ke fumane hore moradi wa hao ha a na bopaki ba hore ke morwetsana.” Jwale bopaki ba borwetsana ba moradi wa ka ke bona.’ Ba ale lesela ka pela banna ba baholo ba motse. 18  Banna ba baholo ba motse oo,+ ba tla nka monna eo mme ba mo shape.+ 19  Ba mo patadise dikotwana tsa silevera tse etsang boima bo ka hodimonyana ho khilokramo* mme ba di fe ntate wa ngwanana hobane monna eo o sentse lebitso la morwetsana wa Iseraele.+ Le ha ho le jwalo, e tla nne e be mosadi wa hae ha feela a ntse a phela. Monna eo a ke ke a dumellwa ho mo hlala. 20  Le ha ho le jwalo, haeba qoso eo e le nnete mme ho se na bopaki ba hore ngwanana eo e ne e le morwetsana, 21  banna ba baholo ba tlise ngwanana eo monyako wa ntlo ya ntate wa hae mme banna ba motse wa habo ba mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa hobane o entse ntho e hlabisang dihlong+ Iseraele ka ho etsa thobalano* a ntse a dula ka tlung ya ntate wa hae.+ Le tlose se sebe hara lona.+ 22  Haeba monna a fumanwa a robetse le mosadi wa monna e mong, ka bobedi ba lokela ho bolawa.+ Le tlose se sebe Iseraele. 23  Haeba morwetsana a lebeleditswe ke monna mme monna e mong a kopana le yena motseng ebe o robala le yena, 24  ka bobedi le ba tlise keiting ya motse oo mme le ba tlepetse ka majwe ho fihlela ba shwa. Ngwanana eo a bolawe hobane ha a ka a hweletsa ho kopa thuso motseng le monna eo a bolawe hobane o tlotlolotse mosadi wa monna e mong.+ Le tlose se sebe hara lona. 25  Le ha ho le jwalo, haeba monna a kopana le ngwanana ya lebeleditsweng tshimong mme a mo beta, monna eo o tla bolawa a le mong. 26  Le se ke la etsa ngwanana eo letho hobane ha a etsa sebe se lokelwang ke lefu. Ketso ena e tshwana le ya monna ya hlaselang motho e mong mme a mo bolaya.+ 27  O kopane le yena tshimong mme ngwanana ya lebeleditsweng o ile a hweletsa ho kopa thuso empa ho ne ho se na motho ya mo pholosang. 28  Haeba ho etsahala hore monna a kopane le ngwanana wa morwetsana ya sa lebeletswang, a mo nka a robala le yena mme ba fumanwa,+ 29  monna eo a fe ntate wa ngwanana eo dikotwana tsa silevera tse etsang boima ba dikramo tse 570* mme e tla ba mosadi wa hae+ hobane o mo tlotlolotse. Ha feela monna eo a ntse a phela, a ke ke a dumellwa hore a mo hlale. 30  Ho se ke ha eba le monna ya nkang mosadi wa ntate wa hae e le hore a se ke a tlotlolla ntate wa hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lehora.”
Kapa: “ditjellane.”
Kapa: “a mo hloya.”
Kapa: “o mo hloile.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 100.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ka ho etsa botekatse.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 50.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.