Deuteronoma 24:1-22

  • Lenyalo le tlhalo (1-5)

  • Ho hlompha bophelo (6-9)

  • Ho nahanela bafutsana (10-18)

  • Melao ya ho kotula (19-22)

24  Haeba monna a nyetse mosadi empa a se a sa mo batle hobane a fumane hore o itshwere ka tsela e sa hlompheheng, a mo ngolle lengolo la tlhalo,+ a mo fe lona mme a mo leleke.+  Ha mosadi eo a se a tsamaile ntlong ya hae, a ka nyalwa ke monna e mong.+  Haeba monna wa hae wa bobedi a se a sa mo batle* mme a mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo fa lona mme a mo leleka ntlong ya hae kapa haeba monna eo a shwa,  monna wa hae wa pele ya ileng a mo leleka a ke ke a dumellwa hore a mo nyale hape ka mora hore a silafatswe hobane ho etsa jwalo ke ntho e nyonyehang ho Jehova. Le se ke la tlisa sebe naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa.  Haeba monna a qeta ho nyala, a se ke a ya sesoleng kapa a fuwa mosebetsi le ha e le ofe. A qete selemo a se na boikarabelo le ha e le bofe, a dule hae mme a thabise mosadi wa hae.+  Ho se ke ha eba le motho ya nkelang e mong lelwala la letsoho kapa tshilwana e le bopaki ba hore o tla patala sekoloto sa hae*+ hobane ho etsa jwalo e tla be e le ho nka ntho eo a iphedisang ka yona.*  Haeba ho fumanwa motho ya kwetetseng e mong wa bana babo ba Iseraele, a ile a mo tshwara hampe mme a mo rekisa,+ motho ya mo kwetetseng o lokela ho shwa.+ Le tlose se sebe hara lona.+  Haeba ho ena le lefu la lepera,* le etse bonnete ba hore le latela ditaelo tsohle tseo baprista ba Balevi ba le fang tsona.+ Le etse feela jwalo ka ha ke ba laetse.  Le hopole seo Jehova Modimo wa lona a se entseng ho Miriame ha le ne le le tseleng le tswa Egepeta.+ 10  Haeba o adima moahisani wa hao ntho le ha e le efe,+ o se ke wa kena ka tlung ya hae e le hore o inkele ntho eo a itseng e tla ba bopaki ba hore o tla o patala. 11  O eme ka ntle mme motho ya o kolotang e lokela ho ba yena ya tlisang ntho eo e tlang ho ba bopaki ba hore o tla o patala. 12  Haeba motho eo e le mofutsana, o se ke wa robala o ena le ntho eo a o fileng yona e le bopaki ba hore o tla o patala.+ 13  O e kgutlisetse ho yena hang ha letsatsi le dikela. O tla robala ka seaparo sa hae+ mme o tla o hlohonolofatsa. Jehova Modimo wa hao o tla nka hoo e le ketso e lokileng. 14  O se ke wa etsetsa mosebeletsi ya futsanehileng bolotsana ebang ke e mong wa bana beno kapa ke moditjhaba ya naheng ya heno ka hara metse* ya lona.+ 15  O mo fe moputso wa hae letsatsing lona leo,+ pele letsatsi le dikela hobane ke mofutsana ebile o hloka moputso oo e le hore a nne a phele. Ho seng jwalo, o tla llela ho Jehova ka lebaka la hao mme o tla be o entse sebe.+ 16  Bontate ha ba a lokela ho bolaelwa dibe tsa bana ba bona le bana ha ba a lokela ho bolaelwa dibe tsa bontate ba bona.+ Motho e mong le e mong o lokela ho bolaelwa sebe sa hae.+ 17  Le se ke la ahlola moditjhaba kapa kgutsana*+ ka mokgwa o se nang toka hape le se ke la nka seaparo sa mohlolohadi e le bopaki ba hore o tla patala.*+ 18  Le hopole hore le ne le le makgoba Egepeta mme Jehova Modimo wa lona o ile a le lopolla teng.+ Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena. 19  Ha o kotula tshimong ya hao mme o lebetse ngata tshimong, o se ke wa kgutla ho ya e nka. E lokela ho salla moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi+ e le hore Jehova Modimo wa hao a ka o hlohonolofatsa dinthong tsohle tseo o di etsang.+ 20  Ha o kotula sefate sa hao sa mohlwaare, o se ke wa kgutlela morao wa yo se kotula hape. Se setseng se tla salla moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi.+ 21  Ha o bokella morara o serapeng sa hao sa morara, o se ke wa kgutla ho ya bokella o setseng. O lokela ho salla moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi. 22  Le hopole hore le ne le le makgoba naheng ya Egepeta. Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “a mo hloile.”
Kapa: “e le tebeletso.”
Kapa: “ho nka bophelo ba hae.”
Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “lepera” le ka bolela dintho tse ngata mme le ka akareletsa mafu a fapaneng a letlalo a tshwaetsanwang. Le ka boela la akareletsa mafu a mang a fumanwang diaparong le ka matlung.
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
Kapa: “e le tebeletso.”