Deuteronoma 31:1-30

  • Moshe o haufi le ho shwa (1-8)

  • Molao o balwa phatlalatsa (9-13)

  • Joshua o a kgethwa (14, 15)

  • Taba ya hore Baiseraele ba ke ke ba mamela Modimo e bolelwa esale pele (16-30)

    • Pina e lokelang ho rutwa Baiseraele (19, 22, 30)

31  Jwale Moshe a tswa mme a bolella Baiseraele bohle mantswe ana,  a re ho bona: “Kajeno ke dilemo di 120.+ Ha ke sa tla hlola ke le etella pele* hobane Jehova o itse ho nna, ‘O ke ke wa tshela Jordane ena.’+  Jehova Modimo wa lona ke yena ya tshelang pele ho lona, o tla fedisa ditjhaba tsena ka pela lona mme le tla di leleka.+ Joshua ke yena ya tla le etella pele hore le tshele+ feela jwalo ka ha Jehova a buile.  Jehova o tla di fedisa feela jwalo ka ha a fedisitse Sihone+ le Oge+ e leng marena a Baamore le naha ya bona.+  Jehova o tla etsa hore le di hlole mme le di etse ho ya ka ditaelo tsohle tseo ke le fileng tsona.+  Le be sebete mme le be matla.+ Le se ke la tshoha kapa la haroha matswalo ka pela tsona+ hobane Jehova Modimo wa lona ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela.”+  Jwale Moshe a bitsa Joshua mme a re ho yena ka pela Baiseraele bohle: “O be sebete mme o be matla+ hobane ke wena ya tla kenya setjhaba sena naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba sona hore o tla se fa yona mme wena o tla se fa yona e le lefa.+  Jehova ke yena ya tsamayang ka pela lona mme o tla dula a ena le lona.+ A ke ke a le lahla kapa a le tlohela. Le se ke la tshoha kapa la thothomela.”+  Moshe a ngola Molao ona+ mme a o fa baprista ba Balevi ba jarang areka ya selekane sa Jehova le banna bohle ba baholo ba Iseraele. 10  Moshe a ba laela a re: “Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, ka nako e behilweng ya selemo sa tokollo,+ nakong ya Mokete wa Maphephe,*+ 11  ha Baiseraele bohle ba tla ka pela Jehova+ Modimo wa lona sebakeng seo a se kgethang, le ba balle Molao ona e le hore ba o utlwe.+ 12  Bokellang setjhaba,+ banna, basadi, bana* le baditjhaba ba dulang metseng* ya lona e le hore ba mamele mme ba ithute ka Jehova Modimo wa lona le ho mo tshaba le hore ba phethe mantswe ohle a Molao ona. 13  Jwale bara ba bona ba sa kang ba tseba Molao ona, ba tla mamela+ mme ba ithute ho tshaba Jehova Modimo wa lona ka matsatsi ohle ao ka ona le tla dula naheng eo le tshelang Jordane ho ya e nka.”+ 14  Yaba Jehova o re ho Moshe: “Nako ya hore o shwe e atametse.+ Bitsa Joshua mme le ye tenteng ya pokano e le hore ke mo kgethe hore e be moetapele.”+ Ka hoo, Moshe le Joshua ba tsamaya mme ba ya tenteng ya pokano. 15  Jehova a hlaha tenteng ka leru* mme leru la ema pela monyako wa tente.+ 16  Jehova a re ho Moshe: “O haufi le ho shwa.* Setjhaba sena se ke ke sa ntshepahalla ebile se tla rapela medimo ya naha eo se yang ho yona.+ Se tla mphuralla+ mme se tlole selekane sa ka seo ke se entseng le sona.+ 17  Ka nako eo, ke tla se halefela haholo+ mme ke se lahle,+ ke se patele sefahleho sa ka+ ho fihlela se fedisitswe. Ka mora hore se hlahelwe ke ditlokotsi tse ngata le mathata,+ se tla re, ‘Na ha re hlahelwe ke mathata aa hobane Modimo wa rona a se hara rona?’+ 18  Empa letsatsing leo, ke tla pata sefahleho sa ka ka lebaka la bobe bohle boo se bo entseng ka hore se rapele medimo e meng.+ 19  Ingolleng pina ena+ mme le e rute Baiseraele.+ Ba ithute yona* e le hore e ka ba bopaki ba ka kgahlanong le setjhaba sa Iseraele.+ 20  Ha ke ba tlisa naheng eo ke hlapanyeditseng baholoholo ba bona hore ke tla ba fa yona,+ e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ ba jele ba kgotsofetse mme ba atlehile,*+ ba tla sebeletsa medimo e meng mme ba ke ke ba ntlhompha ebile ba tla tlola selekane sa ka.+ 21  Ha ba hlahelwa ke ditlokotsi tse ngata le mathata,+ pina ena e tla ba bopaki ho bona (ka ha bana ba bona ha ba a lokela ho e lebala) hobane ke se ke ntse ke tseba hore na ba batla ho etsang+ le pele ke ba tlisa naheng eo ke hlapantseng hore ke tla ba fa yona.” 22  Jwale Moshe a ngola pina ena letsatsing leo yaba o e ruta Baiseraele. 23  Modimo a laela Joshua+ mora wa Nune a re: “O be sebete mme o be matla+ hobane ke wena ya tla kenya Baiseraele naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba fa yona+ mme ke tla dula ke ena le wena.” 24  Hang ha Moshe a qetile ho ngola mantswe ohle a Molao ona bukeng,+ 25  Moshe a laela Balevi ba jarang areka ya selekane ya Jehova a re: 26  “Nkang buka ena ya Molao+ le e behe lehlakoreng la areka+ ya selekane sa Jehova Modimo wa lona mme e tla ba bopaki kgahlanong le lona. 27  Ke tseba hantle borabele ba lona+ le ka moo le leng manganga* ka teng.+ Haeba le fetohetse Jehova ke ntse ke phela, le tla mo fetohela le ho feta ka mora lefu la ka. 28  Mpitsetseng banna bohle ba baholo ba meloko ya lona le balaodi ba lona, ke bue mantswe ana moo ba ntseng ba utlwa mme mahodimo le lefatshe e tla ba dipaki.+ 29  Ke tseba hantle hore ka mora lefu la ka le tla etsa bobe+ mme le ke ke la mamela ditaelo tseo ke le fileng tsona. Le tla tlelwa ke tlokotsi+ nakong e tlang hobane le tla etsa dintho tse sa thabiseng Jehova mme le tla mo sitelwa ka diketso tsa lona.” 30  Yaba Moshe o bua mantswe a pina ena ho tloha qalong ho fihlela qetellong moo Baiseraele bohle ba ntseng ba utlwa:+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ke tswa le ho kena.”
Ka Seheberu: “bana ba banyenyane.”
Ka Seheberu: “dikeiting.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Ka Seheberu: “patwa jwalo ka baholoholo ba hao.”
Ka Seheberu: “Le e behe melomong ya bona.”
Ka Seheberu: “ba nonne.”
Ka Seheberu: “satalatsa molala.”