Deuteronoma 5:1-33

  • Selekane sa Jehova Horebe (1-5)

  • Melao e Leshome e a phetwa (6-22)

  • Batho ba tshohile Thabeng ya Sinai (23-33)

5  Jwale Moshe a bitsa Baiseraele bohle a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, le ithute tsona mme le di phethe.  Jehova Modimo wa rona o entse selekane le rona Horebe.+  Jehova o entse selekane sena le rona kaofela ba phelang kajeno eseng le baholoholo ba rona.  Jehova o buile le lona ka ho toba* thabeng a le hara mollo.+  Ka nako eo, ke ne ke eme pakeng tsa lona le Jehova+ ho le bolella mantswe a Jehova ka ha le ne le tshaba ho nyolohela thabeng ka lebaka la mollo.+ O ile a re:  ‘Ke nna Jehova Modimo wa hao ya o ntshitseng naheng ya Egepeta ntlong ya bokgoba.+  Le ka mohla o se ke wa rapela medimo e meng ntle ho nna.+  O se ke wa iketsetsa setshwantsho+ kapa ntho le ha e le efe e tshwanang le ntho e hodimo mahodimong kapa e tlase lefatsheng kapa e metsing ka tlasa lefatshe.  O se ke wa di inamela kapa wa di sebeletsa+ hobane nna Jehova Modimo wa hao, ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho nna feela,+ ya fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la diphoso tsa bontata bona, ho moloko wa boraro le moloko wa bone wa ba ntlhoileng.+ 10  Empa ke bontsha mosa* melokong e sekete ya ba nthatang mme ba mamela ditaelo tsa ka. 11  O se ke wa sebedisa lebitso la Jehova Modimo wa hao hampe+ hobane Jehova o tla fana ka kotlo ho mang kapa mang ya sebedisang lebitso la hae hampe.+ 12  Boloka letsatsi la Sabatha mme o le nke le halalela feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o laetse.+ 13  O etse mosebetsi wohle wa hao ka matsatsi a tsheletseng+ 14  empa letsatsi la bosupa ke sabatha ya Jehova Modimo wa hao.+ O se ke wa etsa mosebetsi le ha e le ofe,+ ebang ke wena, mora wa hao, moradi wa hao, lekgoba la hao la monna kapa la mosadi, poho ya hao, tonki ya hao, phoofolo ya hao e ruilweng kapa moditjhaba wa hao ya dulang motseng* wa hao,+ e le hore lekgoba la hao la monna le la mosadi le ka phomola jwalo ka wena.+ 15  Hopola hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta le hore Jehova Modimo wa hao o ile a o ntsha teng ka letsoho le matla.+ Ke ka lebaka leo Jehova Modimo wa hao a o laetseng hore o boloke letsatsi la Sabatha. 16  Hlompha ntate wa hao le mme wa hao+ feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o laetse e le hore o ka phela nako e telele le hore o atlehe* naheng eo Jehova Modimo wa hao a o fang yona.+ 17  O se ke wa bolaya.+ 18  O se ke wa feba.+ 19  O se ke wa utswa.+ 20  O se ke wa bua leshano ha o fana ka bopaki ka motho e mong.+ 21  O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong.+ O se ke wa lakatsa ntlo ya motho e mong, tshimo ya hae, lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, poho ya hae, tonki ya hae kapa ntho le ha e le efe ya motho e mong+ ka lebaka la boithati.’ 22  Jehova o boleletse setjhaba sohle sa lona ditaelo* tsena thabeng ka lentswe le phahameng a le hara mollo, leru le botsho bo boholo+ mme ha a ka a eketsa letho. Ka mora moo, a di ngola hodima matlapa a mabedi a lejwe yaba o mpha ona.+ 23  Empa hang ha le utlwile lentswe lefifing, ha thaba e ntse e tuka,+ dihlooho tsohle tsa maloko a lona le banna ba baholo ba tla ho nna. 24  Jwale la re, ‘Bona, Jehova Modimo wa rona o re bontshitse kganya ya hae le boholo ba hae mme re utlwile lentswe la hae le tswa hara mollo.+ Letsatsing lena re bone hore Modimo a ka bua le motho mme a tswela pele a phela.+ 25  Jwale, ke hobaneng ha re lokela ho shwa? Haeba re tswela pele ho utlwa lentswe la Jehova Modimo wa rona, re tla shwa ka ha mollo ona o moholo o ka re tjhesa. 26  Ke mang ya kileng a utlwa lentswe la Modimo ya phelang le bua hara mollo jwalo ka rona, le ha ho le jwalo a nna a phela? 27  Wena atamela mme o mamele sohle seo Jehova Modimo wa rona a tla se bua, ke wena ya tla re bolella sohle seo Jehova Modimo wa rona a tla o bolella sona, re tla mamela mme re se phethe.’+ 28  Jehova o utlwile hore na le itseng ho nna mme Jehova o itse, ‘Ke utlwile hore na setjhaba sena se itseng ho wena. Sohle seo se se buileng se molemo.+ 29  Hoja se ne se ka dula se ntshaba+ mme se mamela ditaelo tsohle tsa ka,+ se ne se tla atleha ka ho sa feleng ha mmoho le bara ba sona.+ 30  Eya ho sona mme o re: “Kgutlelang ditenteng tsa lona.” 31  Empa wena o dule mona le nna, ke o bolelle ditaelo tsohle le melao eo o lokelang ho e ruta setjhaba le eo se tla e mamela naheng eo ke se fang yona hore e be ya sona.’ 32  Jwale le etse bonnete ba hore le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.+ 33  Le tsamaye ditseleng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le laetseng tsona+ e le hore le atlehe mme le phele nako e telele naheng eo le tla e nka hore e be ya lona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “difahleho di tadimane.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ka hara dikeiti.”
Kapa: “dintho di o tsamaele hantle.”
Ka Seheberu: “mantswe.”