Diketso Tsa Baapostola 11:1-30

  • Petrose o tlalehela baapostola se etsahetseng (1-18)

  • Ha Barnabase le Saule ba le Antioke e Siria (19-26)

    • Barutuwa ba bitswa Bakreste ka lekgetlo la pele (26)

  • Agabase o profeta hore ho tla ba le tlala (27-30)

11  Baapostola le bana ba bo rona ba neng ba le Judea ba utlwa hore batho ba ditjhaba tse ding le bona ba amohetse lentswe la Modimo.  Ha Petrose a fihla Jerusalema, batho ba tshehetsang lebollo+ ba mo nyatsa*  ba re: “O kene ka tlung ya batho ba sa bollang wa ba wa ja le bona.”  Petrose a ba hlalosetsa ditaba kaofela a re:  “Ke ne ke le motseng wa Jopa ke ntse ke rapela yaba ke ba le pono. Ka bona ntho* e kang lesela le leholo la line le theoha lehodimong le tla ho nna le tshwerwe ka dikhona tsa lona tse nne.+  Ha ke le shebisisa, ka bona le ena le diphoofolo tse maoto a mane, dibata, dihahabi le dinonyana.  Ka utlwa lentswe le re ho nna: ‘Petrose, hlaba o je.’  Empa ka re: ‘Nke ke ka etsa jwalo Morena hobane ha ho mohla nkileng ka ja ntho e sa hlwekang.’  Lentswe leo la bua ka lekgetlo la bobedi la re: ‘Kgaotsa ho re dintho tseo Modimo a di hlwekisitseng ha di a hlweka.’ 10  Lentswe leo la hlaha ka lekgetlo la boraro yaba dintho tseo tsohle di kgutlisetswa lehodimong. 11  Ka yona nako eo, banna ba bararo ba ronngweng ho nna ba tswa Sesarea ba ne ba qeta ho fihla ntlong eo re dulang ho yona.+ 12  Moya wa Modimo wa re ke se ke ka ba lesisitheho ho tsamaya le bona. Bana bana beso ba tsheletseng ba tsamaya le nna yaba re kena ka tlung ya Korneliase. 13  A re bolella hore o ile a bona lengeloi le ema ka tlung ya hae mme le re ho yena: ‘Roma banna Jopa hore ba bitse Simone ya rehilweng Petrose.+ 14  O tla o bolella hore na wena le ba lelapa la hao le lokela ho etsang e le hore le pholohe.’ 15  Eitse ha ke ntse ke bua, moya o halalelang wa theohela hodima bona feela jwalo ka ha o ile wa theohela hodima rona qalong.+ 16  Yaba ke hopola mantswe a Morena hobane o ne a ye a re: ‘Johanne o ne a kolobetsa ka metsi+ empa lona le tla kolobetswa ka moya o halalelang.’+ 17  Jwale haeba Modimo o ba file mpho e tshwanang hantle le eo a e fileng rona ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste, nna ke ne ke boetse ke le mang hore ke sitise* Modimo?”+ 18  Ha ba utlwa dintho tsena, ba kgaotsa ho mo phehisa kgang* yaba ba tlotlisa Modimo ba re: “Re a hlakelwa jwale hore Modimo o file le batho ba ditjhaba monyetla wa ho baka e le hore ba fumane bophelo.”+ 19  Barutuwa ba neng ba hasane+ ka lebaka la mahloriso a qadileng ka mora lefu la Setefane ba ile ba hasana ho ya fihla Foenisia, Saeprase le Antioke empa ba ne ba bua le Bajuda feela ka lentswe la Modimo.+ 20  Le ha ho le jwalo, hara bona ho ne ho ena le bana ba bo rona ba Saeprase le Saerene ba ileng ba tla Antioke mme ba bua le batho ba buang Segerike, ba ba bolella ditaba tse monate ka Morena Jesu. 21  Jehova* o ne a ba tsheheditse mme batho ba bangata ba ile ba dumela ho Morena.+ 22  Ha ditaba tseo di fihla ditsebeng tsa barutuwa ba Jerusalema, ba roma Barnabase+ ho ya Antioke. 23  Ha a fihla, a bona ka moo Modimo a bileng mosa* ka teng yaba o ba kgothaletsa hore ba dule ba tshepahalla Morena ka dipelo tsohle tsa bona.+ 24  Barnabase e ne e le monna ya lokileng, a ena le tumelo a bile a tletse moya o halalelang. Ka lebaka leo batho ba bangata ba dumela ho Morena.+ 25  Barnabase a ya Tarsase ho ya batlana le Saule ho fihlela a mo fumana.+ 26  Ka mora hore a mo fumane, a ya le yena Antioke. Ba qeta selemo ba ena le phutheho ya moo mme ba ruta batho ba bangata. Antioke ke teng moo ka lekgetlo la pele barutuwa ba ileng ba bitswa Bakreste ka tataiso ya Modimo.+ 27  Ka nako eo baprofeta+ ba bang ba tloha Jerusalema ba ya Antioke. 28  E mong wa bona ya bitswang Agabase+ a profeta a susumetswa ke moya o halalelang hore ho ne ho tla ba le tlala e kgolo lefatsheng lohle.+ Ho ile ha fela ha eba jwalo nakong ya puso ya Claudiase. 29  Barutuwa ba dumellana hore ba romele diphallelo+ ho barutuwa ba Judea ho ya ka moo e mong le e mong a ka kgonang.+ 30  Ba fela ba etsa jwalo. Ba roma Barnabase le Saule hore ba ise diphallelo ho banna ba baholo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lwantsha.”
Ka Segerike: “sejana sa mofuta o itseng.”
Kapa: “thibele.”
Ka Segerike: “ba thola.”