Diketso Tsa Baapostola 12:1-25

  • Jakobo o a bolawa; Petrose o a tshwarwa (1-5)

  • Petrose o lokollwa ka mohlolo (6-19)

  • Heroda o otlwa ke lengeloi (20-25)

12  Ka nako eo, Morena Heroda a sotla batho ba bang ka phuthehong.+  A bolaya Jakobo ngwanabo Johanne+ ka sabole.+  Ha a bona hore Bajuda ba thabetse ntho eo a e entseng, a tshwara Petrose. (O entse jwalo nakong ya Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso.)+  A mo kenya teronkong+ yaba o beha dihlopha tse nne tsa masole hore di tjhentjhane ka ho mo lebela. Sehlopha ka seng se ne se ena le masole a mane. O ne a rerile ho mo qosa ka pela batho ka mora Paseka.  Ka hoo, Petrose a nna a dula teronkong empa phutheho e ne e ntse e mo rapella ka matla ho Modimo.+  Bosiung ba pele Petrose a qoswa ke Heroda, Petrose o ne a robetse a tlanngwe ka diketane tse pedi dipakeng tsa masole a mabedi mme masole a mang a ne a lebetse monyako wa teronko.  Lengeloi la Jehova* la hlaha+ mme ha eba le kganya ka seleng. La sisinya Petrose lehlakoreng ho mo tsosa la re: “Tsoha kapele.” Diketane tse matsohong a hae tsa wa.+  Lengeloi la re ho yena: “Apara o be o rwale dieta.”* A etsa jwalo. Yaba le re ho yena: “Apara seaparo sa hao sa ka hodimo ebe o ntshala morao.”  A tswa a le setse morao empa o ne a sa tsebe hore dintho tseo lengeloi le di entseng ke tsa sebele. O ne a nahana hore ntho e etsahalang ke pono. 10  Ba feta sehlopha sa pele le sa bobedi sa masole yaba ba fihla keiting ya tshepe e tswelang motseng. Keiti eo ya ipula. Ha ba qeta ho tswa ba theosa ka seterata se seng yaba hanghang lengeloi le tloha ho yena. 11  Ha Petrose a elellwa hore na ho etsahetseng a re: “Ke a hlokomela jwale hore Jehova* o ile a romela lengeloi la hae mme a ntopolla matsohong a Heroda le ho tsohle tseo Bajuda ba neng ba lebeletse hore di etsahale.”+ 12  Ka mora hore a elellwe hore na ho etsahetseng, a ya ha Maria mme wa Johanne ya neng a rehilwe Mareka.+ Batho ba bangata ba ne ba le moo ba ntse ba rapela. 13  Ha a kokota a le keiting, ngwanana wa mosebeletsi ya bitswang Roda a tla ho yena. 14  Ha a utlwa hore ke lentswe la Petrose, ho ena le hore a bule keiti, a mathela ka tlung ho ya bolella ba bang hore Petrose o eme keiting. 15  Ba re ho yena: “O a hlanya.” Empa ngwanana eo wa mosebeletsi a nna a tiisa hore e fela e le Petrose. Ba re: “E tlameha e le lengeloi la hae.” 16  Petrose yena o ne a ntse a eme keiting a kokota. Ha ba bula mme ba mo bona, ba makala. 17  A ba bontsha ka letsoho hore ba thole. Ka mora moo, a ba phetela ka moo Jehova* a ileng a mo ntsha teronkong ka teng. Qetellong a re: “Bolellang Jakobo+ le banna ba bang ditaba tsena.” Yaba o a tsamaya o ya sebakeng se seng. 18  Ha bosiu bo esa, ha eba le pherekano e kgolo hara masole hobane a ne a ipotsa hore na Petrose o nyameletse kae. 19  Heroda a mo batla hohle, yare ha a sa mo fumane, a hloma masole ao dipotso yaba o laela hore a fuwe kotlo.+ Ka mora moo, Heroda a tloha Judea a ya Sesarea mme a dula moo ka nakwana. 20  Heroda o ne a halefetse* batho ba Tire le Sidone. Ka ha naha ya bona e ne e fumana dijo ho tswa naheng ya morena Heroda, ba dumellana ho ya ho yena yaba ba kopa Blastase hore a ba thuse ho bopa kgotso le morena. Blastase o ne a okametse ntlo ya morena.* 21  Ka letsatsi le leng le kgethehileng, Heroda a apara diaparo tsa hae tsa borena yaba o dula setulong sa kahlolo o bua le setjhaba. 22  Yaba setjhaba se bokaneng se a hweletsa se re: “Ke lentswe la modimo eseng la motho!” 23  Hanghang lengeloi la Jehova* la mo otla hobane ha a ka a tlotlisa Modimo. A jewa ke diboko yaba o a shwa. 24  Lentswe la Jehova* la nna la tsebahala mme batho ba bangata ya eba badumedi.+ 25  Ka mora hore Barnabase+ le Saule ba phethe mosebetsi wa bona wa ho isa diphallelo Jerusalema,+ ba kgutla le Johanne+ ya neng a bitswa Mareka.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “a batla ho lwantsha.”
Ka Segerike: “kamore ya ho robala ya morena.”