Diketso Tsa Baapostola 13:1-52

  • Barnabase le Saule e ba baromuwa (1-3)

  • Mosebetsi wa ho ruta sehlekehlekeng sa Saeprase (4-12)

  • Pauluse o bua le batho Antioke e Pisidia (13-41)

  • Modimo o ba laetse hore ba rute baditjhaba (42-52)

13  Phuthehong e Antioke ho ne ho ena le baprofeta le mesuwe ena:+ Barnabase, Simeone ya neng a bitswa Nigere, Lusiase wa Saerene, Saule le Manaene ya keneng sekolo le Heroda mmusi wa setereke.  Ha ba ntse ba sebeletsa Jehova* ba bile ba itima dijo, moya o halalelang wa re: “Nkgetheleng Barnabase le Saule+ e le hore ba ka etsa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”+  Ka mora ho itima dijo le ho rapela, ba beha Saule le Barnabase matsoho yaba ba a ba tlohela hore ba tsamaye.  Ka hoo, banna bana ba rometsweng ke moya o halalelang ba ya Seleusia. Ha ba tloha moo, ba ya sehlekehlekeng sa Saeprase ka sekepe.  Ha ba fihla moo motseng wa Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo ka matlung a Bajuda a thapelo.* Johanne o ne a tsamaya le bona a ba thusa.+  Ha ba se ba tsamaile sehlekehleke seo kaofela ho ya fihla Pafose, ba kopana le monna wa Mojuda ya bitswang Bare-Jesu. Monna eo e ne e le moloi ebile e le moprofeta wa bohata.  O ne a sebeletsa mmusi wa setereke* ya bohlale ya bitswang Sergiase Pauluse. Sergiase Pauluse a bitsa Barnabase le Saule hobane a labalabela ho utlwa lentswe la Modimo.  Elimase (e bolelang moloi) a ba hanyetsa, a leka ho kgelosa mmusi Sergiase Pauluse tumelong.  Saule, eo hape a bitswang Pauluse, a tlala moya o halalelang yaba o tonela Bare-Jesu mahlo 10  o re: “Wena ngwana Diabolose,+ o motho ya kgopo ebile o molotsana ya feteletseng. O sera sa dintho tsohle tse lokileng. Hantlentle o tla kgaotsa neng ho sotha ditsela tsa Jehova* tse lokileng? 11  Jwale bona he! Jehova* o tlo o otla o foufale mme o ke ke wa bona kganya ya letsatsi ka nakwana.” Hanghang a bona ka mahlong ho eba mohodi o teteaneng ho ba ho fifala yaba o potapota a ntse a batla motho ya ka mo tshwarang ka letsoho ho mo tataisa. 12  Mmusi wa setereke a bona dintho tsena tse etsahetseng yaba e eba molatedi wa Jesu ka ha o ne a hloletswe ke dintho tseo a ithutileng tsona ka Jehova.* 13  Pauluse le batho ba nang le yena ba tloha Pafose ka sekepe ba ya Perga e Pamfilia. Johanne+ yena a ba siya a kgutlela Jerusalema.+ 14  Bona ba tloha Perga ba ya Antioke e Pisidia. Ka Sabatha ba ya ntlong ya thapelo*+ yaba ba dula fatshe. 15  Ka mora hore batho ba ballwe Molao+ le dibuka tsa Baprofeta, balaodi ba okamelang ntlo ya thapelo ba re ho Pauluse le Barnabase: “Bana beso, haeba ho ena le mantswe ao le ka kgothatsang batho bana ka ona, a bueng.” 16  Pauluse a ema, a ba bontsha ka letsoho hore ba thole yaba o re: “Baiseraele le lona bohle ba hlomphang Modimo, mamelang. 17  Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ile a kgetha baholoholo ba rona, a ba etsa setjhaba se matla ha e ntse e le bajaki naheng ya Egepeta yaba o ba ntsha teng ka letsoho la hae le matla.+ 18  O ile a ba mamella ka dilemo tse ka bang 40 ha ba le lefeelleng.+ 19  Ka mora ho fedisa ditjhaba tse supileng naheng ya Kanana, a fa baholoholo ba rona naha eo e le lefa.+ 20  Dintho tsena di etsahetse nakong ya dilemo tse ka bang 450. Ka mora moo, a ba fa baahlodi ho fihlela mehleng ya moprofeta Samuele.+ 21  Empa ka mora moo ba batla morena+ yaba Modimo o ba fa Saule mora wa Kishe wa leloko la Benjamine+ hore a ba buse. Saule a busa ka dilemo tse 40. 22  Ka mora ho mo tlosa, a kgetha Davida hore e be morena wa bona.+ Modimo o ile a re ka yena: ‘Ke fumane Davida mora wa Jese,+ monna ya nkgahlisang.+ O tla etsa dintho tsohle tseo ke di ratang.’ 23  Modimo o ile a ba hlahisetsa Jesu e le mopholosi ho tswa ditloholong* tsa hae jwalo ka ha a ne a tshepisitse.+ 24  Pele Jesu a fihla, Johanne o ile a bolella Baiseraele bohle phatlalatsa hore ba kolobetswe e le ho bontsha hore ba bakile.+ 25  Ha Johanne a se a ntse a tlo qeta tshebeletso ya hae, o ne a atisa ho re: ‘Ha ke motho eo le nahanang hore ke yena. Ho na le ya tlang ka mora ka eo ke sa tshwaneleheng ho mo rodisa dieta.’*+ 26  Bana beso, lona ditloholo tsa Abrahama le lona ba bang bohle ba hlomphang Modimo, Modimo o ile a re romella molaetsa ona wa hore na o tlo re pholosa jwang.+ 27  Baahi ba Jerusalema le babusi ba bona ha ba a ka ba amohela Jesu. Ha ba mo ahlola, ba ile ba phethahatsa dintho tse ngotsweng dibukeng tsa Baprofeta+ e leng tsona tse balwang phatlalatsa ka Sabatha e nngwe le e nngwe. 28  Le hoja ba sa ka ba fumana lebaka la hore a bolawe,+ ba ile ba re Pilato a mo bolaye.+ 29  Ha ba phethile dintho tsohle tse ngotsweng ka yena, ba mo theola palong* yaba ba mo kenya ka lebitleng.*+ 30  Modimo o ile a mo tsosa bafung.+ 31  Ka matsatsi a mangata, o ile a hlaha ho batho ba tlohileng Galilea le yena ho ya Jerusalema. Hona jwale batho bao ba a mo pakela ditjhabeng.+ 32  Re le bolella ditaba tse monate ka tshepiso eo Modimo a e etseditseng baholoholo ba rona. 33  Modimo o phethahaditse tshepiso eo molemong wa rona bana ba bona ka hore a tsose Jesu+ jwalo ka ha pesaleme ya bobedi e re ka yena: ‘O mora wa ka, ho tloha kajeno ke ntate wa hao.’+ 34  Modimo o ile a mo tsosa a se a ke ke a kgutlela mmeleng o ka bolang. A tiisa hore taba ena ke nnete ha a re: ‘Ke tla le fa lerato la sebele* leo ke le tshepisitseng Davida. Tshepiso ena e tla phethahala.’*+ 35  Pesaleme e nngwe e re: ‘O ke ke wa dumella motho ya o tshepahallang hore a bolle lebitleng.’+ 36  Davida o ile a sebeletsa Modimo* ha a sa ntse a phela. O ile a shwa a ba a patwa le baholoholo ba hae empa o ile a bola.+ 37  Motho eo Modimo a mo tsositseng yena ha a ka a bola.+ 38  Bana beso, re a le tsebisa hore ka yena le ka tshwarelwa dibe.+ 39  Hape ka yena, Modimo a ka fumana bohle ba nang le tumelo ba se molato.+ Empa Molao wa Moshe wona o ke ke wa hlakola molato.+ 40  Jwale itlhokomeleng hore ntho ena e boletsweng dibukeng tsa Baprofeta e se ke ya le etsahalla: 41  ‘Lona ba ratang ho nyefola, le tla bona mesebetsi eo ke e etsang mehleng ya lona le be le makale empa le tla timela. Le ke ke la kgolwa hore ke ntse ke etsa mesebetsi ena le ha motho e mong a ka le phetela yona ka ho hlaka.’”+ 42  Ha ba se ba tsamaya, batho ba ba kopa hore ba tle ba bue ka ditaba tsena ka Sabatha e latelang. 43  Ka mora hore phutheho ya ntlo ya thapelo* e qhalane, batho ba bangata ba Bajuda ba tsamaya le Pauluse le Barnabase ba ena le basokolohi ba sebeletsang Modimo. Pauluse le Barnabase ba ba kgothaletsa hore ba dule ba etsa dintho tse tla etsa hore Modimo a dule a ba rata.+ 44  Ka Sabatha e hlahlamang, hoo e batlang e le motse wohle wa bokana ho tla utlwa lentswe la Jehova.* 45  Ha Bajuda ba bona setjhabahadi seo, ba tlala mona yaba ba hanyetsa dintho tseo Pauluse a ntseng a di bua mme ba mo nyefola.+ 46  Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete ba re: “Ke lona ba pele ba ho bolellwa lentswe la Modimo mme ho ne ho lokela ho ba jwalo.+ Ka ha le le qhelela thoko, le bontsha hantle hore ha le tshwanelwe ke bophelo bo sa feleng. Ka hoo, re tla phatlalatsa ditaba tsena ho batho ba ditjhaba tse ding.+ 47  Jehova* o re laetse tjena: ‘Ke le kgethile hore le be lesedi la ditjhaba e le hore le ka ba poloko ho ya fihla dikgutlong tsa lefatshe.’”+ 48  Ha batho ba ditjhaba ba utlwa ditaba tsena, ba thaba le ho tlotlisa lentswe la Jehova.* Batho bohle bao dipelo tsa bona di neng di ba susumetsa hore ba amohele lentswe le fanang ka bophelo bo sa feleng ya eba badumedi. 49  Lentswe la Jehova* la phatlalatswa naheng eo yohle. 50  Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba badumedi ba tummeng ha mmoho le banna ba hlaheletseng ba motse. Ba tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso+ yaba ba ba ntshetsa ka ntle ho meedi ya bona. 51  Pauluse le Barnabase ba hlohlora lerole maotong a bona* yaba ba ya Ikoniamo.+ 52  Barutuwa ba nna ba tlala moya o halalelang le dipelo tsa bona tsa tlala thabo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “disinagogeng tsa Bajuda.”
Mmusi wa setereke wa Roma. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “sinagoge.”
Ka Segerike: “peong.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “lebitleng la kgopotso” e leng batho bao Modimo a ntseng a ba hopola.
Kapa: “sefateng.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “e a tshepahala.”
Kapa: “a etsa thato ya Modimo.”
Ka Segerike: “sinagoge.”
Ho hlohlora lerole maotong ho ne ho bontsha hore motho o re ha a ikarabelle bakeng sa ntho e itseng.