Diketso Tsa Baapostola 14:1-28

  • Barutuwa ba a eketseha Ikoniamo ebile mahloriso a a qala (1-7)

  • Pauluse le Barnabase ba nkwa e le medimo Listra (8-18)

  • Pauluse o a phela le hoja a tlepeditswe ka majwe (19, 20)

  • Ba matlafatsa diphutheho (21-23)

  • Ba kgutlela Antioke e Siria (24-28)

14  Ha ba le Ikoniamo ba kena ka tlung ya Bajuda ya thapelo* mme ba ruta hantle hoo batho ba bangata ba Bajuda le Bagerike e ileng ya eba barutuwa.  Empa Bajuda ba sa dumelang ba hlohlelletsa batho ba ditjhaba hore ba hloye Pauluse le Barnabase.*+  Ba qeta nako e telele ba bua ka sebete hobane Jehova* a ba file matla. O ile a ba sebedisa ho etsa mehlolo e le ho paka hore molaetsa oo ba o hasang ke nnete e leng molaetsa o mabapi le mosa* wa hae.+  Le ha ho le jwalo, batho ba motse ba ile ba fapana ka maikutlo. Ba bang ba dumellana le Bajuda, ba bang ba dumellana le Pauluse le Barnabase.  Batho ba ditjhaba ha mmoho le Bajuda le babusi ba bona ba leka ho tlotlolla Pauluse le Barnabase le ho ba tlepetsa ka majwe.+  Ha Pauluse le Barnabase ba tseba taba ena, ba balehela metseng ya Likaonia, Listra, Derbe le metseng e haufi.+  Ba tswela pele ho bolela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo moo.  Motseng wa Listra monna e mong ya holofetseng maoto o ne a dutse fatshe. O ne a hlahile a holofetse, ho se mohla a kileng a tsamaya.  Monna enwa o ne a mametse ha Pauluse a ntse a bua. Ha Pauluse a mo sheba mme a bona hore o na le tumelo ya hore a ka fodiswa,+ 10  a phahamisa lentswe a re: “Ema!” Monna eo a raoha yaba o se a kgona ho tsamaya.+ 11  Ha batho ba bona ntho eo Pauluse a e entseng, ba hweletsa ka puo ya Selikaonia ba re: “Medimo e iphetotse batho ebile e tlile ho rona!”+ 12  Ba bitsa Barnabase Zeuse, Pauluse ba mo bitsa Hermese ka ha ke yena ya neng a di hula pele ka ho bua. 13  Moprista wa Zeuse eo tempele ya hae e neng e le haufi le keiti ya motse, a tlisa dipoho le dikorone keiting mme a batla ho etsa mahlabelo a ena le batho bao. 14  Ha moapostola Pauluse le moapostola Barnabase ba utlwa taba ena, ba tabola diaparo tsa bona, ba mathela bathong yaba ba a hweletsa ba re: 15  “Ke hobaneng ha le etsa tjee? Le rona re batho feela ba nang le mefokolo e tshwanang le ya lona.+ Re le bolella ditaba tse monate tse tswang ho Modimo e le hore le tlohele dintho tsena tse se nang thuso le tle ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, lefatshe, lewatle le dintho tsohle tse ho tsona.+ 16  Nakong e fetileng o ile a dumella ditjhaba tsohle ho etsa dintho tseo di di batlang.+ 17  Empa o ile a ipaka+ hore na ke Modimo ya jwang ka ho etsa dintho tse ntle, a le fa dipula le tjhai ka nako ya tsona,+ a le fa dijo hore le je ho fihlela le kgotsofetse a ba a etsa hore le thabe.”+ 18  Le ka mora hore ba tjho jwalo, ba ile ba sokola haholo ho thiba batho bao hore ba se ke ba ba etsetsa sehlabelo. 19  Empa Bajuda ba tswang Antioke le Ikoniamo ba fihla mme ba hlohlelletsa batho+ hore ba hlasele Pauluse. Yaba batho ba tlepetsa Pauluse ka majwe, ba mo hulela ka ntle ho motse ba nahana hore o shwele.+ 20  Ha barutuwa ba fihla ho yena, a tsoha yaba o ya motseng. Ka le hlahlamang a ya motseng wa Derbe le Barnabase.+ 21  Ka mora hore ba bolelle batho ba motse oo ditaba tse monate tse tswang ho Modimo le ho thusa batho ba bangata hore e be barutuwa, ba kgutlela Listra, Ikoniamo le Antioke. 22  Ha ba le moo ba matlafatsa barutuwa,+ ba ba kgothaletsa ho dula ba tiile tumelong mme ba re: “Re tla hlahelwa ke mathata a mangata pele re kena Mmusong wa Modimo.”+ 23  Ba ba kgethela baholo diphuthehong tsohle.+ Ba rapela le ho itima dijo+ yaba ba siya baholo bao matsohong a Jehova* eo ba neng ba se ba dumetse ho yena. 24  Ba feta le Pisidia yaba ba kena Pamfilia.+ 25  Ha ba qeta ho hasa lentswe Perga, ba ya Atalia. 26  Ha ba tloha moo ba ya Antioke ka sekepe. Mona ke moo ba neng ba ile ba behwa matsohong a Modimo e le hore ba ka hlohonolofatswa* bakeng sa mosebetsi oo jwale ba neng ba se ba o qetile.+ 27  Ha ba fihla Antioke ba bokella phutheho mme ba bolella barutuwa dintho tse ngata tseo Modimo a neng a ba sebedisitse ho di etsa le hore Modimo o buletse batho ba ditjhaba monyako e le hore le bona ba ka dumela.+ 28  Ka hoo ba qeta nako e telele le barutuwa.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “sinagogeng ya Bajuda.”
Kapa: “ba hloye barutuwa.”
Ka Segerike: “ba ka behwa mohaung wa Modimo.”