Diketso Tsa Baapostola 19:1-41

  • Pauluse o Efese; ba bang ba kolobetswa hape (1-7)

  • Mosebetsi wa Pauluse wa ho ruta (8-10)

  • Mosebetsi o a atleha le hoja ho ena le bademona (11-20)

  • Moferefere Efese (21-41)

19  Ha Apolose+ a ntse a le Korinthe, Pauluse a tsamaya dibakeng tse hare ho naha mme a ya Efese+ yaba o fumana barutuwa ba bang.  A re ho bona: “Na le ile la fumana moya o halalelang ha le eba barutuwa?”+ Ba re ho yena: “Re qala ho utlwa hore ho na le moya o halalelang.”  Yaba o re: “Le kolobeditswe ka kolobetso efe?” Ba re: “Ka kolobetso ya Johanne.”+  Pauluse a re: “Johanne o ile a kolobetsa batho e le ho bontsha hore ba bakile,+ a ba bolella hore ba dumele ho ya tlang ka mora hae+ e leng Jesu.”  Ha ba utlwa dintho tsena, ba kolobetswa ka lebitso la Morena Jesu.  Ha Pauluse a ba beha matsoho, moya o halalelang wa theohela hodima bona+ yaba ba a profeta le ho bua dipuo tse fapafapaneng.+  Banna bao kaofela ba ne ba ka ba 12.  A qeta dikgwedi tse tharo a bua ka sebete ka tlung ya thapelo,*+ a ruta phatlalatsa a kgodisa batho ka Mmuso wa Modimo.+  Ba bang ba thatafatsa dipelo tsa bona ba hana ho dumela, ba bua hampe ka Tsela ya Morena+ ka pela batho. Ka hoo, a tloha ho bona+ a tsamaya le barutuwa. O ne a ruta ka holong ya sekolo ya Tiranase letsatsi le leng le le leng. 10  O ile a etsa jwalo ka dilemo tse pedi. Ka hoo, Bajuda le Bagerike bohle ba dulang profinseng ya Asia ba ile ba utlwa lentswe la Morena. 11  Modimo a nna a sebedisa Pauluse ho etsa mehlolo e meholo.+ 12  Masela le diforeskoto tseo a neng a di thetsitse di ne di iswa ho batho ba kulang+ mme ba fola le bademona ba tswa.+ 13  Empa Bajuda ba bang ba neng ba tlwaetse ho tsamaya hohle ba leleka bademona, ba ile ba leka ho sebedisa lebitso la Morena Jesu ho phekola batho ba kenweng ke bademona. Ba ne ba re: “Ke le laela ka Jesu eo Pauluse a rutang ka yena.”+ 14  Ho ne ho ena le bara ba supileng ba moprista e moholo wa Bajuda ya bitswang Skeva ba neng ba tlwaetse ho etsa jwalo. 15  Empa ka le leng modemona a re ho bona: “Ke tseba Jesu+ le Pauluse,+ lona le bomang?” 16  Motho eo ya kenweng ke modemona a ba futuhela, a ba hlola kaofela ka matla. Ba tswa ka tlung eo ba baleha, ba hlobotse ba bile ba le maqeba. 17  Taba ena ya tsejwa ke Bajuda le Bagerike bohle ba dulang Efese. Kaofela ba tshoha yaba lebitso la Morena Jesu le tswela pele ho tlotliswa. 18  Batho ba bangata bao e neng e se e le badumedi ba ne ba tla mme ba ipolela dibe phatlalatsa. 19  Ba bangata bao e neng e le maselamose ba bokella dibuka tsa bona yaba ba di tjhesa ka pela batho bohle.+ Ha ba kopanya theko ya tsona ba fumana e le dikotwana tsa silevera tse 50 000. 20  Lentswe la Jehova* la nna la hola le ho hlola ka lebaka la matla a hae.+ 21  Ka mora moo, Pauluse a etsa qeto ya ho ya Macedonia+ le Akaia ebe o fetela Jerusalema.+ A re: “Ha ke tloha moo ke tla ya Roma.”+ 22  A roma banna ba babedi ba neng ba mo thusa e leng Timothea+ le Erastase,+ a re ba ye Macedonia. Yena a qeta nako e itseng a le profinseng ya Asia. 23  Ka nako eo ha tsoha moferefere o moholo+ ka lebaka la Tsela ya Morena.+ 24  Monna ya bitswang Demetriase ya etsang dintho tsa silevera, o ne a ruisa basebetsimmoho le yena haholo ka ho etsa ditempele tsa silevera tsa Artemise.+ 25  A bitsa basebetsimmoho le yena ha mmoho le batho ba bang ba neng ba etsa mosebetsi o tshwanang le wa bona. Yaba o re: “Bontate, le a tseba hore re ruile tjena ka lebaka la kgwebo ena. 26  Le a bona ebile le a utlwa ka moo Pauluse enwa a fetotseng maikutlo a batho ba bangata ka teng ha a re medimo e entsweng ka matsoho ha se medimo.+ Ha a etsa dintho tsena Efese+ feela empa o di entse le profinseng yohle ya Asia. 27  Taba ena e kotsi hobane batho ba tla bua kgwebo ya rona hampe. Hape tempele ya modimotsana e moholo Artemise e tla nkwa e se na thuso. Batho ba profinseng ya Asia le ba lefatshe lohle ba rapelang modimotsana Artemise ba ke ke ba hlola ba mo rorisa.” 28  Ha banna bao ba utlwa ditaba tsena, ba halefa yaba ba a hweletsa ba re: “O moholo Artemise wa Baefese!” 29  Ha eba le moferefere motseng mme batho ba potlakela lebaleng la dipapadi. Ba nka Gaiase le Aristakase+ ka dikgoka ba tsamaya le bona. Gaiase le Aristakase ba ne ba tswa Macedonia mme ba tlwaetse ho tsamaya le Pauluse. 30  Pauluse o ne a batla ho kena a bue le setjhaba empa barutuwa ba mo hanela. 31  Esita le bahlophisi ba bang ba mekete le dipapadi ba neng ba le botswalle ho yena ba ile ba mo romella molaetsa, ba mo kopa hore a se ke a ipeha kotsing ka ho kena ka lebaleng. 32  Batho ba ne ba hweletsa ba bua dintho tse fapaneng, ho ne ho le moferefere mme batho ba bangata ba ne ba sa tsebe hore na ke hobaneng ha ba phuthehile. 33  Batho ba bang ba ntsha Alexandere hara setjhaba mme Bajuda ba mo sutumelletsa ka pele. Alexandere a ba bontsha ka letsoho hore ba thole ka ha o ne a batla ho itlhalosa. 34  Ha ba hlokomela hore ke Mojuda, ba qeta dihora tse ka bang pedi ba ntse ba hweletsa ba re: “O moholo Artemise wa Baefese!” 35  Qetellong majoro wa motse a kgona ho kgutsisa batho yaba o re: “Batho ba Efese, ke mang ya sa tsebeng hore motse wa Baefese ke wona o hlokometseng tempele ya Artemise e moholo le setshwantsho se weleng lehodimong? 36  Ha ho motho ya ka hanyetsang dintho tsena. Ka hoo, kgobang matshwafo mme le se ke la ba lepotlapotla. 37  Ha ho na thuso ya hore ebe le tlisitse banna bana mona hobane ha ba utswetse ditempele ebile ha ba nyefole modimotsana wa rona. 38  Haeba ho ena le motho eo Demetriase+ le basebetsimmoho le yena ba mo qosang, ba mo tlise ka pela babusi ba profinse* ka matsatsi ao lekgotla le dulang. Ha ba le moo ba ka qosana. 39  Haeba le batla ntho e fetang eo, e se e tla etsetswa qeto phuthehong e tlwaelehileng. 40  Re se re ipehile tsietsing ya ho qoswa ka moferefere wa letsatsing lena hobane ha re na lebaka la hore ebe re entse morusu ona.” 41  Ha a qeta ho bua dintho tsena a qhala phutheho.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “sinagogeng.”
Mmusi wa setereke wa Roma. Sheba Tlhaloso.