Diketso Tsa Baapostola 21:1-40

  • Ha ba le tseleng e yang Jerusalema (1-14)

  • Ba fihla Jerusalema (15-19)

  • Pauluse o mamela keletso ya baholo (20-26)

  • Moferefere tempeleng; Pauluse o a tshwarwa (27-36)

  • Pauluse o dumellwa hore a bue le setjhaba (37-40)

21  Ka mora karohano eo e bohloko, ra potlakela Kose ka sekepe. Ka le hlahlamang ra fihla Rhode, ha re tloha moo ra ya Patara.  Ha re fumana sekepe se yang Foenisia, ra se palama yaba re a tsamaya.  Re ile ra bona sehlekehleke sa Saeprase se le ka letsohong le letshehadi, ra se feta yaba re ya Siria. Ra ema Tire moo sekepe se neng se tlo laesholla thepa.  Ra batla barutuwa ra ba ra ba fumana yaba re dula moo ka matsatsi a supileng. Empa ka lebaka la ntho eo moya o halalelang o neng o e senotse, ba phehella Pauluse hore a se ke a ya Jerusalema.+  Ha nako ya rona ya ho tsamaya e fihla, ra tloha. Kaofela ha bona ha mmoho le basadi le bana ba re felehetsa ho ya fihla ka ntle ho motse. Ha re le lebopong, ra kgumama yaba re a rapela.  Ka mora moo, ra sadisana hantle yaba re kena ka sekepeng, bona ba kgutlela malapeng a bona.  Ra tloha Tire ka sekepe mme ra fihla Tolemaise. Ra dumedisa bana ba bo rona moo yaba re dula le bona letsatsi le le leng.  Ka la hosane ra ya Sesarea mme ra dula ha moevangedi Filipi eo e neng e le e mong wa banna ba supileng+ ba ileng ba kgethwa.  Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane ba barwetsana* ba neng ba profeta.+ 10  Ka mora matsatsi a mangata re le moo, moprofeta ya bitswang Agabase+ a fihla a tswa Judea. 11  A tla ho rona yaba o nka lebanta la Pauluse, o iphasa maoto le matsoho ka lona mme o re: “Moya o halalelang o re, ‘Monga lebanta lena o tla faswa tjena ke Bajuda Jerusalema+ mme ba tla mo nehella batho ba ditjhaba.’”+ 12  Ha re utlwa ditaba tsena, rona le batho ba neng ba le teng moo ra kopa Pauluse hore a se ke a ya Jerusalema. 13  Pauluse a re: “Ke hobaneng ha le lla le bile le leka ho nnyahamisa?* Le tsebe hore ke itokiseditse ho kwallwa le ho shwella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.”+ 14  Ha re bona hore ha re kgone ho fetola maikutlo a hae, ra tlohela ho mo phehella* yaba re re: “Ho ke ho etsahale thato ya Jehova.”* 15  Ka mora moo, ra itokisetsa leeto yaba re ya Jerusalema. 16  Ba bang ba barutuwa ba tswang Sesarea le bona ba tsamaya le rona, ba re isa ho e mong wa barutuwa ba pele ya bitswang Menasone wa Saeprase. Re ne re menngwe hore re yo dula ha hae. 17  Ha re fihla Jerusalema, bana ba bo rona ba re amohela ba thabile. 18  Ka le hlahlamang, Pauluse a ya le rona ho Jakobo+ mme baholo kaofela ba ne ba le teng. 19  A ba dumedisa mme a ba phetela dintho tseo Modimo a ileng a mo thusa ho di etsa ha a ntse a hasa lentswe la Modimo ditjhabeng. 20  Ka mora hore ba utlwe ditaba tsena, ba rorisa Modimo empa ba re ho Pauluse: “Ngwanabo rona, o a bona hore ho na le Bajuda ba dikete bao e leng badumedi mme kaofela ha bona ba tjhesehela Molao.+ 21  Empa ba utlwile menyenyetsi ya hore o rutile Bajuda bohle ba ditjhabeng hore ba kgaotse ho mamela Molao wa Moshe, o a ba bolella hore ba se ke ba bolotsa bana ba bona le hore ba se ke ba etsa dintho tsa moetlo tseo esale di etswa.+ 22  Re etse jwang? Ba tlo tseba hore o se o le teng. 23  Etsa tjena: Re na le banna ba bane ba entseng kano. 24  Tsamaya le banna bana, le itlhwekise ho ya ka Molao mme o ba patalle e le hore ba kute dihlooho. Jwale batho bohle ba tla tseba hore menyenyetsi eo ba e utlwileng ka wena ha se nnete, ba tla tseba hore o etsa dintho hantle le hore o mamela Molao.+ 25  Barutuwa ba tswang ditjhabeng bona re ba romeletse lengolo ra ba bolella qeto ya rona ya hore ba qobe dintho tse hlabetsweng medimo ya ditshwantsho,+ madi,+ dintho tse fenethilweng*+ le boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.”*+ 26  Pauluse a tsamaya le banna bao ka le hlahlamang mme a itlhwekisa le bona ho ya ka Molao.+ A ya ka tempeleng yaba o a bolela hore na matsatsi a bona a ho itlhwekisa ho ya ka Molao a tla fela neng le hore na e mong le e mong wa bona a etsetswe nyehelo neng. 27  Ha matsatsi a supileng a le haufi le ho fela, Bajuda ba tswang Asia ba mo bona ka tempeleng. Ba hlohlelletsa batho kaofela hore ba mo hlasele yaba ba a mo tshwara. 28  Ba hweletsa ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya ntseng a ruta batho hohle mona dithuto tse lwantshanang le setjhaba, Molao le sebaka sena. O ile a ba a tlisa Bagerike ka tempeleng mme o silafaditse sebaka sena se halalelang.”+ 29  Ba ne ba tjho jwalo hobane ba bone Trofimase+ wa Moefese a ena le yena motseng moo yaba ba nka hore Pauluse o mo tlisitse ka tempeleng. 30  Batho ba motse kaofela ba mo tsohela matla. Ba tla tempeleng ba matha, ba tshwara Pauluse, ba mo hulela ka ntle ho tempele yaba menyako e kwalwa hanghang. 31  Ha ba ntse ba leka ho mo bolaya, molaodi wa sesole a bolellwa hore batho ba Jerusalema kaofela ba entse moferefere. 32  A potlakela ho bona a ena le masole le balaodi ba ona. Ha ba bona molaodi wa sesole le masole, ba kgaotsa ho otla Pauluse. 33  Molaodi wa sesole a atamela, a tshwara Pauluse yaba o laela hore a faswe ka diketane tse pedi.+ Ka mora moo, a botsa hore na ke mang le hore na o entseng. 34  Ba bang ba hweletsa ba re tjena, ba bang ba re tjena. Molaodi wa sesole ha a ka a tseba hore na ho etsahalang ka lebaka la morusu. Ka hoo, a laela hore Pauluse a iswe bodulong ba masole. 35  Ha Pauluse a fihla ditepising, masole a tlameha ho mo kakasa hobane batho ba ne ba halefile ba batla ho mo tshwara. 36  Batho ba bangata ba ne ba ba setse morao ba ntse ba hweletsa ba re: “Mo bolayeng!” 37  Ha Pauluse a se a tla fihla bodulong ba masole, a re ho molaodi wa sesole: “Na nka bua le wena?” Molaodi a re: “Athe o tseba Segerike? 38  Na ha se wena Moegepeta elwa ya kileng a hlohleletsa batho hore ba fetohele mmuso a ba a isa banna ba 4 000 ba babolai lefeelleng?” 39  Pauluse a re: “Nna ke Mojuda+ wa Tarsase+ e Silisia, ke moahi wa motse o tsebahalang haholo. Ka hoo, ke kopa o ntumelle hore ke bue le setjhaba.” 40  Molaodi wa sesole a mo dumella yaba Pauluse o bontsha setjhaba ka letsoho hore se thole a ntse a eme ditepising. Ka mora hore setjhaba kaofela se thole, a bua le sona ka Seheberu+ a re:

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba sa nyalwang.”
Kapa: “utlwisa pelo ya ka bohloko?”
Ka Segerike: “ra thola.”
Kapa: “tse bolailweng di sa tshollwa madi.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.