Diketso Tsa Baapostola 22:1-30

  • Pauluse o ipuella ka pela setjhaba (1-21)

  • Pauluse o sebedisa tokelo ya hae ya ho ba moahi wa Roma (22-29)

  • Lekgotla le Phahameng la Bajuda le bokane (30)

22  “Bontate le bana beso, ke kopa le mmamele ke le hlalosetse hore na ho etsahetseng.”+  Ha ba utlwa hore o bua le bona ka Seheberu, ba thola tu! Yaba o re:  “Ke Mojuda+ ya hlahetseng Tarsase e Silisia+ empa ke kene sekolo motseng ona, ka rutwa ke Gamaliele.+ Ke rutilwe ho mamela Molao wa baholoholo ba rona ka botlalo,+ ke tjhesehela ho sebeletsa Modimo feela jwalo ka ha lona kaofela kajeno le tjhesehela ho mo sebeletsa.+  Ke ne ke hlorisa banna le basadi ba Tsela ya Morena, ke ba isa teronkong ke bile ke fana ka bona hore ba bolawe.+  Moprista ya phahameng le baholo bohle ba ka paka taba ena. Ke bona ba ileng ba mpha mangolo a yang ho Bajuda ba habo rona ba Damaseka mme ke ne ke le tseleng e yang moo e le hore nka tshwara batho ba Tsela ya Morena, ke ba tlise Jerusalema hore ba fuwe kotlo.  Hara mpa ya motshehare ha ke le haufi le ho fihla Damaseka, kganya e tswang lehodimong ya mpotoloha ka ho panya ha leihlo.+  Ka wela fatshe yaba ke utlwa lentswe le re ho nna: ‘Saule, Saule, ekaba o ntlhorisetsang?’  Ka re: ‘O mang Morena?’ A re ho nna: ‘Ke nna Jesu wa Monazaretha eo o mo hlorisang.’  Banna ba neng ba ena le nna ba ile ba bona kganya eo empa ha ba a ka ba utlwisisa hore na ya buang le nna o reng. 10  Yaba ke re: ‘Ke etseng Morena?’ Morena a re ho nna: ‘Ema o kene Damaseka. O tla bolellwa ntho e nngwe le e nngwe eo ho entsweng qeto ya hore o e etse.’+ 11  Ka ha kganya eo e ile ya etsa hore ke foufale, ke kene Damaseka ke tataiswa ke tshwerwe ka matsoho ke batho bao ke neng ke tsamaya le bona. 12  Monna ya bitswang Ananiase ya hlomphang Modimo, ya mamelang Molao a bile a buuwa hantle ke Bajuda bohle ba dulang moo 13  a tla ho nna. A ema pela ka yaba o re ho nna: ‘Saule ngwaneso, tutuboloha.’ Hanghang mahlo a ka a buleha yaba ke a mo bona.+ 14  A re: ‘Modimo wa baholoholo ba rona o o kgethetse hore o tsebe thato ya hae, o bone ya lokileng+ le ho utlwa lentswe la hae 15  hobane o tla mo pakela ho batho bohle ka dintho tseo o di boneng le tseo o di utlwileng.+ 16  Jwale o sa emetseng? Ema, o kolobetswe. E le hore Modimo a tshwarele dibe tsa hao,+ o lokela ho dumela lebitsong la Jesu.’+ 17  Ha ke se ke kgutletse Jerusalema+ ke ntse ke rapela ka tempeleng, ka ba le pono. 18  Ka bona Morena yaba o re ho nna: ‘Tswa Jerusalema kapele hobane ba ke ke ba amohela bopaki boo o mpakelang ka bona.’+ 19  Yaba ke re: ‘Morena, ba tseba hantle hore ke ne ke kenya batho ba dumelang ho wena teronkong ke bile ke ba shapela ka matlung a thapelo.*+ 20  Ha Setefane paki ya hao e bolawa, ke ne ke eme haufi ke dumellana le ketso eo ke bile ke katile diaparo tsa babolai ba hae.’+ 21  Empa a re ho nna: ‘Tsamaya hobane ke tlo o romela ditjhabeng tse hole.’”+ 22  Ba ne ba ntse ba mo mametse empa ha a tjho jwalo ba hweletsa ba re: “Bolayang motho enwa ka ha ha a tshwanela ho phela!” 23  Ka ha ba ne ba hweletsa, ba betsetsa diaparo tsa bona tsa ka hodimo kwana le kwana ba bile ba hasanya lerole moyeng,+ 24  mookamedi wa sesole a laela hore Pauluse a tliswe bodulong ba masole yaba o re a hlongwe dipotso a ntse a shapuwa e le hore a ka tseba hantle hore na ke hobaneng ha batho ba mo halefetse hakaalo. 25  Ha ba qeta ho mo fasa e le hore ba mo shape ka sephadi, Pauluse a re ho molaodi wa sesole ya emeng moo: “Na molao o le dumella hore le shape motho wa Moroma* a eso ahlolwe?”*+ 26  Ha molaodi wa sesole a utlwa taba ena, a ya ho mookamedi wa sesole a re ho yena: “O tlo etsang hobane motho eo ke Moroma?” 27  Mookamedi wa sesole a ya ho Pauluse yaba o re ho yena: “Mpolelle, na o Moroma?” A re: “E.” 28  Mookamedi wa sesole a re: “Ke patetse tjhelete e ngata e le hore ke fumane ditokelo tsa ho ba moahi wa Roma.” Pauluse a re: “Nna ke Moroma ka tswalo.”+ 29  Banna ba neng ba tlo mo shapa le ho mo hloma dipotso ba tloha ho yena hanghang. Mookamedi wa sesole a tshoha ha a utlwa hore ke Moroma hobane o ne a se a mo fasitse.+ 30  Kaha o ne a batla ho tseba hore na hantlentle ke hobaneng ha a qoswa ke Bajuda, a laela baprista ba baholo le Lekgotla le Phahameng la Bajuda* hore le bokane. Yaba o tlisa Pauluse ka pela bona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “disinagogeng.”
Kapa: “moahi wa Roma.”
Kapa: “nyewe ya hae e eso buuwe?”
Ka Segerike: “Sanhedrine.”