Diketso Tsa Baapostola 23:1-35

  • Pauluse o bua ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda (1-10)

  • Morena o matlafatsa Pauluse (11)

  • Ba rera ho bolaya Pauluse (12-22)

  • Pauluse o iswa Sesarea (23-35)

23  Pauluse a sheba banna ba Lekgotla le Phahameng la Bajuda* a re: “Bontate, esale ke phela ka letswalo le kgutsitseng ka pela Modimo+ ho fihlela letsatsing lena.”  Yaba Ananiase moprista ya phahameng o laela ba emeng haufi le Pauluse hore ba mo otle molomo.  Pauluse a re ho yena: “Modimo o tlo o otla wena moikaketsi towe!* O dutse moo hore o nkahlole ka Molao empa wena o tlola Molao ka ho laela hore ke otlwe?”  Ba emeng pela hae ba re: “Na o tiile o rohaka moprista ya phahameng wa Modimo?”  Pauluse a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ya phahameng etswe Mangolo a re, ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’”+  Pauluse o ne a tseba hore karolo e nngwe ya lekgotla ke Basaduse ha e nngwe e le Bafarisi. A bua ka lentswe le phahameng ka pela lekgotla a re: “Bontate, ke Mofarisi,+ le baholoholo ba ka ke Bafarisi. Ke qoswa hobane ke ena le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”  Ntho ena eo a e buileng ya tsosa kgang dipakeng tsa Bafarisi le Basaduse mme lekgotla la arohana.  Basaduse ba dumela hore ha ho na tsoho kapa mangeloi empa Bafarisi ba dumela hore dintho tsena di teng.+  Ha qhoma kgang e tjhesang dipakeng tsa bona. Ba bang ba bangodi ba sehlopha sa Bafarisi ba bua ba halefile ba re: “Ha ho na ntho e mpe eo motho enwa a e entseng empa haeba moya kapa lengeloi le buile le yena+—.” 10  Ha moferefere oo o eketseha, mookamedi wa sesole a tshoha hore ba tla tloha ba bolaya Pauluse yaba o laela hore masole a tlose Pauluse hara bona a mo ise moo masole a dulang. 11  Bosiung bo hlahlamang, Morena a tla ho Pauluse a re: “Eba sebete+ hobane jwalo ka ha o ile wa fana ka bopaki bo hlakileng ka nna Jerusalema, o tla boela o mpakele le Roma.”+ 12  Ha bosiu bo esa, Bajuda ba etsa mmommori wa ho bolaya Pauluse mme ba ikana hore ba ke ke ba ja kapa ba nwa ho fihlela ba mo bolaile. 13  Ke banna ba fetang 40 ba neng ba entse kano eo. 14  Banna bao ba ya ho baprista ba baholo le baholo mme ba re: “Re ikanne hore re ke ke ra ja ho fihlela re bolaile Pauluse. 15  Jwale lona le banna ba bang bohle ba lekgotla le jwetse mookamedi wa sesole hore a tlise Pauluse, le etse eka le batla ho hlahlobisisa nyewe ya hae. Rona re tla mo bolaya le pele a fihla.” 16  Motjhana wa Pauluse a tseba ka morero wa bona yaba o ya bodulong ba masole o tlalehela Pauluse. 17  Pauluse a bitsa molaodi e mong wa sesole yaba o re ho yena: “Isa mohlankana enwa ho mookamedi wa sesole hobane ho na le ntho eo a batlang ho mo tlalehela yona.” 18  Ka hoo, a mo isa ho mookamedi wa sesole yaba o re ho yena: “Motshwaruwa ya bitswang Pauluse o ile a mpitsa yaba o nkopa hore ke tlise mohlankana enwa ho wena hobane ho na le ntho eo a batlang ho o tlalehela yona.” 19  Mookamedi wa sesole a mo hulela ka thoko yaba o re: “Keng eo o batlang ho ntlalehela yona?” 20  A re: “Bajuda ba rerile ho o kopa hore o ise Pauluse Lekgotleng le Phahameng la Bajuda hosane jwalo ka ha eka ba tlo hlahlobisisa nyewe ya hae.+ 21  O se ke wa ba dumella hore ba o qhekelle hobane ho na le banna ba fetang 40 ba mo laletseng mme ba ikanne hore ba ke ke ba ja kapa ba nwa ho fihlela ba mo bolaile.+ Hona jwale ba se ba ntse ba itokisitse, ba emetse qeto ya hao feela.” 22  Mookamedi wa sesole a re ho mohlankana eo: “O se ke wa bolella mang kapa mang hore o mpoleletse taba ena.” Ka mora moo, a mo tlohela hore a tsamaye. 23  Mookamedi wa sesole a bitsa balaodi ba babedi ba sesole a re ho bona: “Hlophang masole a 200, le hlophe a mang a 70 a palamang dipere le a 200 a tshwarang marumo hore a ye Sesarea ka hora ya borobong* bosiu. 24  Hape, hlophelang Pauluse dipere e le hore a ka fihla ho Mmusisi Felixe a sireletsehile.” 25  Mookamedi wa sesole a ngola lengolo le reng: 26  “Nna Claudiase Lisiase, ke a o dumedisa Mohlomphehi ya Kgabane, Mmusisi Felixe. 27  Monna enwa o ne a tshwerwe ke Bajuda mme ba ne ba tlo mo bolaya. Yare ha ke utlwa hore ke Moroma,+ ka tla ke potlakile ka masole ho tla mo namolela.+ 28  Ka ha ke ne ke batla ho tseba hore na o qoswa ka eng, ka mo isa Lekgotleng la bona le Phahameng.+ 29  Ka fumana ho se letho leo a qoswang ka lona le tshwanelwang ke lefu kapa teronko empa ka fumana hore ba tseka ditaba tse amanang le Molao wa bona.+ 30  Ke fumane hore ba ne ba rerile ho mo bolaya.+ Ka hoo, ke mo romela ho wena mme ke laetse batho ba mo qositseng hore ba tlise nyewe eo ka pela hao.” 31  Ka hoo, masole a isa Pauluse+ Antipatrise bosiu jwalo ka ha a ne a laetswe. 32  Ka le hlahlamang, masole a palamang dipere a fetela pele le Pauluse, a mang ona a kgutlela moo masole a dulang. 33  Masole ao a fihla Sesarea, a fa mmusisi lengolo a ba a siya Pauluse ho yena. 34  Mmusisi a le bala yaba o a botsa hore na Pauluse o tswa profinseng efe. A utlwa hore o tswa Silisia.+ 35  A re: “Ke tla mamela nyewe ya hao ha batho ba o qosang ba fihla.”+ A laela hore a lebelwe ka phaleising ya Heroda.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Kapa: “lerako le sweufaditsweng.”
Ka Segerike: “hora ya boraro.”