Diketso Tsa Baapostola 26:1-32

  • Pauluse o ipuella ka pela Agripa (1-11)

  • Pauluse o a hlalosa hore na e bile Mokreste jwang (12-23)

  • Dikarabo tsa Festase le Agripa (24-32)

26  Agripa+ a re ho Pauluse: “O ka ipuella.” Pauluse a phahamisa letsoho yaba wa ipuella o re:  “Morena Agripa, ke thabile hore ebe ke ipuella ka pela hao letsatsing lena ka dintho tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona,+  haholo hobane o setsebi sa meetlo le dikgang tsohle tsa Bajuda. Ka hona, ke kopa o mmamele o sa fele pelo.  Bophelo boo esale ke bo phela ho tloha botjheng hara setjhaba sa heso le Jerusalema, bo tsejwa ke Bajuda bohle+  ba neng ba tlwaelane le nna. Haeba ba rata ba ka paka hore ke ne ke le hara lequlwana la Bafarisi+ e leng lequlwana le phethang Melao ya lona ka botlalo ho feta Bajuda ba bang.+  Empa hona jwale ke qosetswa ho dumela tshepiso eo Modimo a e etseditseng baholoholo ba rona.+  Maloko a 12 a Iseraele a sebeletsa Modimo bosiu le motshehare hobane a dumela hore tshepiso ena e tla phethahala. Ke qosetswa ho dumela tshepiso ena+ Morena.  Hobaneng ha le utlwa e le ntho e ke keng ya etsahala hore Modimo a tsose bafu?  Le nna ke ne ke nahana hore ho nepahetse ho lwantsha mang kapa mang ya rutang ka lebitso la Jesu wa Monazaretha. 10  Ke yona ntho eo ke neng ke e etsa Jerusalema. Ka ha ke ne ke fuwe matla ke baprista ba baholo,+ ke ne ke kwalla barutuwa ba Jesu* diteronkong.+ Ke ne ke tshehetsa qeto ya hore ba bolawe. 11  Hangata ke ne ke ya matlong a thapelo,* ke ba hlorisa, ke leka ho ba lahlisa tumelo ya bona. Ke ne ke ba halefetse hoo ke neng ke ba hlorisa le metseng e meng. 12  Ka wona morero oo, ke ne ke eya Damaseka ke fuwe matla le taelo ya ho etsa jwalo ke baprista ba baholo. 13  Jwale Morena, hara mpa ya motshehare ha ke le tseleng, ka bona kganya e fetang ya letsatsi e tswang lehodimong e mpotoloha le batho bao ke neng ke tsamaya le bona.+ 14  Ra wela fatshe kaofela yaba ke utlwa lentswe le re ho nna ka puo ya Seheberu: ‘Saule, Saule, ekaba o ntlhorisetsang? O ithatafaletsa bophelo ka ho ntwantsha.’* 15  Ka re: ‘O mang Morena?’ Eaba o re: ‘Ke nna Jesu eo o mo hlorisang. 16  Ema hobane ke o kgethile hore o be mohlanka wa ka le hore o pake dintho tseo o di boneng le tseo ke tla o bontsha tsona. Ke itlhahisitse ho wena ka lona lebaka lena.+ 17  Ke tla o pholosa ho Bajuda le ho batho ba ditjhaba tse ding bao ke o romelang ho bona.+ 18  Ke o romela hore o tutubolle mahlo a bona,+ o ba tlose lefifing+ o ba ise leseding+ le hore o ba tlose taolong ya Satane+ o ba ise ho Modimo. Ka hoo, Modimo o tla ba tshwarela dibe+ mme ha ba dumela ho nna, o tla ba hlohonolofatsa a be a ba halaletse.’* 19  Morena Agripa, ke ile ka mamela ditaelo tseo Jesu a mphileng tsona ha a hlaha ho nna a le lehodimong. 20  Ke ile ka qala Damaseka,+ ha ke tloha ka ya Jerusalema+ yaba ke tsamaya hohle Judea ka ba ka fihla le ho batho ba ditjhaba, ke ntse ke bolella batho hore ba bake le ho sebeletsa Modimo mme ba bontshe ka diketso hore ba bakile.+ 21  Ke yona ntho e entseng hore Bajuda ba ntshware ka tempeleng ba be ba leke ho mpolaya.+ 22  Empa Modimo o nthusitse hore ebe ho fihlela kajeno ke ntse ke bolella batho ba maemo a tlase le a hodimo ditaba tse monate tsa Mmuso wa hae. Ntho feela eo ke e bolellang batho ke ditaba tseo Molao wa Moshe le dibuka tsa Baprofeta di itseng di tla etsahala+ 23  e leng hore Kreste o ne a tla hloriswa+ le hore ka ha ke yena wa pele wa ho tsoswa bafung,+ o tla bolella batho ba setjhaba sena le ba ditjhaba tse ding ka lesedi.”+ 24  Ha Pauluse a ntse a ipuella, Festase a phahamisa lentswe a re: “O a hlanya Pauluse! Thuto ena e ngata ya o hlantsha!” 25  Pauluse a re: “Ha ke hlanye Mohlomphehi ya Kgabane Festase, ke bua nnete ebile ke bua ditaba tse nang le kelello. 26  Le yena morena o di tseba hantle ditaba tsena mme ke mo bolella tsona ke sa tshabe letho. Ke kgodisehile hore ha ho le e nngwe ya dintho tsena e mo siretseng hobane ha di a etsetswa sephiring.+ 27  Morena Agripa, na o dumela Baprofeta? Ke a tseba hore o a ba dumela.” 28  Agripa a re ho Pauluse: “Dipuo tsa hao di matla hoo o neng o ka ntshusumeletsa ho ba Mokreste ka nako e kgutshwanyane.” 29  Pauluse a re: “Ke rapela Modimo hore ebang ke ka nako e kgutshwanyane kapa e telele, wena le bohle ba mmametseng kajeno le tshwane le nna empa ha ke batle hore le iphumane le fasitswe ka diketane jwalo ka nna tjena.” 30  Morena Agripa, Mmusisi Festase, Bernise le banna ba dutseng le bona ba ema. 31  Yare ha ba tloha ba buisana ba re: “Motho enwa ha a etsa letho le tshwanelwang ke lefu kapa teronko.”+ 32  Agripa a re ho Festase: “Hoja monna enwa ha a ipiletsa ho Sesare, a ka be a lokolotswe.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “bahalaledi.”
Ka Segerike: “disinagogeng.”
Ka Segerike: “raha ditsenene.”
E leng ho ba kgethela ho etsa mosebetsi o halalelang.