Diketso Tsa Baapostola 27:1-44

  • Pauluse o ya Roma ka sekepe (1-12)

  • Sefefo se tsukutla sekepe (13-38)

  • Sekepe se a swahlamana (39-44)

27  Ka ha ho ne ho entswe qeto ya hore re ye Italy ka sekepe,+ ba siya Pauluse le batshwaruwa ba bang matsohong a molaodi wa sesole ya bitswang Judiase wa sehlopha sa Augustase.  Ra palama sekepe se tswang Adramithiame se neng se ya dibakeng tse pela lebopo la profinse ya Asia. Re ne re tsamaya le Aristakase+ ya tswang Thesalonika, seterekeng sa Macedonia.  Ka le hlahlamang, ra ema Sidone. Judiase a ba mosa ho Pauluse, a mo dumella ho ya ho metswalle ya hae e le hore e mo hlokomele.  Ra tloha moo ka sekepe, ra iphaphatha ka sehlekehleke sa Saeprase hobane ho ne ho ena le moya o matla.  Ra tsamaya re iphaphathile ka Silisia le Pamfilia yaba re ema koung ya Mira e Licia.  Ha re fihla moo, molaodi wa sesole a fumana sekepe se tswang Alexandria se neng se ya Italy yaba o re palamisa sona.  Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re tsamaya butle ka sekepe, ra fihla Kinidase ka thata. Moya o ne o le matla hoo re neng re sitwa ho ya pele. Ka hoo, ra tsamaya re iphaphathile ka Salmone e sehlekehlekeng sa Kreta.  Ra tsamaya pela lebopo moo ka thata ra ba ra fihla sebakeng se bitswang Kou e Ntle, se neng se le pela motse wa Lasea.  Ho ne ho se ho fetile matsatsi a mangata mme ho se ho le kotsi ho tsamaya ka sekepe hobane Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe+ leo ka lona ho neng ho itingwa dijo, le ne le se le fetile. Ka hoo, Pauluse a ba eletsa 10  a re: “Bontate, ke bona hore ha re ka ya pele re tla senyehelwa ke sekepe le thepa re be re shwe.” 11  Empa molaodi wa sesole a kgetha ho mamela motsamaisi wa sekepe le monga sekepe ho ena le ho mamela Pauluse. 12  Ka ha kou eo e ne e se maemong a matle bakeng sa hore re qete mariha moo, batho ba bangata ba dumellana le hore sekepe se tlohe moo ba tshepile hore ba tla qeta mariha Finixe. Finixe ke boemakepe bo Kreta bo shebileng ka leboyabotjhabela le ka borwabotjhabela. 13  Ha ho eba le moya o fokang hasesaane o hlahang ka borwa, ba nahana hore ba tla fihla Finixe. Ka hoo ba nyolla ankora, ba tsamaisa sekepe ba iphaphathile ka lebopo la Kreta. 14  Empa ka mora nako e kgutshwanyane, ha eba le sefefo se matla se tswang ka leboyabotjhabela.* 15  Moya oo o ile wa fefola sekepe hampe hoo se ileng sa sitwa ho ya pele. Ka hoo, ra se tlohela hore se kgannwe ke moya. 16  Ra tsamaya re iphaphathile ka sehlekehleke se senyenyane se bitswang Kauda empa ho ne ho le thata ho laola seketswana* seo re neng re ntse re se hula. 17  Ba nyollela seketswana ka sekepeng yaba ba fasa sekepe ka diropo e le hore se se ke sa petsoha ka lehare. Ka ha ba ne ba tshaba ho qawa* lehlabatheng,* ba theola dintho tse tsheheditseng diseile yaba sekepe se kgannwa ke moya. 18  Ka ha sefefo se ne se tsukutla sekepe ka matla, ka le hlahlamang ba lahla dintho tse ding tse neng di le ka sekepeng e le ho fokotsa boima. 19  Ka letsatsi la boraro ba lahla diropo tsa seile. 20  Ka ha lehodimo ha le a ka la apoha* ka matsatsi a mangata mme sefefo se matla se ne se ntse se re tsukutla, ra fellwa ke tshepo ya hore re tla pholoha. 21  Batho ba ne ba qetile nako e telele ba sa je. Ka hoo, Pauluse a ema yaba o re ho bona: “Bontate, hoja le mmametse ka hore le se ke la tloha Kreta, le ka be le sa lahlehelwa hakana.+ 22  Empa le se ke la tshoha hobane ha ho motho ya tla shwa, ke sekepe feela se tla swahlamana. 23  Lengeloi+ la Modimo wa ka eo ke mo sebeletsang le ile la fihla ho nna bosiung bona 24  la re: ‘Pauluse, o se ke wa tshoha. O tla fihla ka pela Sesare.+ Modimo o tla o pholosa le batho bohle bao o tsamayang le bona ka sekepe.’ 25  Ka hoo bontate, le se ke la tshoha hobane ke dumela hore Modimo o tla etsa feela jwalo ka ha ke boleletswe. 26  Le ha ho le jwalo, sekepe sa rona se tla swahlamana lebopong la sehlekehleke se seng.”+ 27  Ha re se re qetile matsatsi a 14 re ntse re tsukutlwa ke sefefo lewatleng la Adria, hara mpa ya bosiu basesisi ba sekepe ba belaela hore re haufi le lebopo le leng. 28  Ba metha botebo ba lewatle yaba ba fumana e le dimithara tse ka bang 36.* Ha ba le pejana ba metha hape mme ba fumana botebo e le dimithara tse ka bang 27.* 29  Ka ha ba ne ba tshohile hore sekepe se tla thula mafika, ba lahlela diankora tse nne ka lewatleng ba le karolong e ka morao ya sekepe. Ba ne ba lakatsa eka e ka ba motshehare. 30  Basesisi ba theolela seketswana ka lewatleng ba etsa eka ba batla ho theola diankora tse karolong e ka pele ya sekepe, athe ba batla ho baleha. 31  Pauluse a re ho molaodi wa sesole le masole: “Haeba banna bana ba ka tswa ka sekepeng le ke ke la pholoha.”+ 32  Masole a kgaola diropo tse tshwereng seketswana yaba se a wa. 33  Ha bosiu bo se bo tla sa, Pauluse a kgothaletsa bohle hore ba je. A re: “Lena ke letsatsi la bo14 le letile mme ha le eso je ho hang. 34  Ke le kgothaletsa ho ja hobane ho etsa jwalo ho molemong wa lona. Ha ho le ya mong wa lona ya tla tswa kotsi.”* 35  Ha a qeta ho tjho jwalo a nka bohobe, a leboha Modimo ka pela bona kaofela, a bo qhetsola yaba o a ja. 36  Kaofela ba kgothala yaba ba a ja. 37  Re ne re le 276 ka sekepeng. 38  Ha ba se ba kgotshe, ba lahlela koro ka lewatleng e le ho fokotsa boima ba sekepe.+ 39  Ha e eba motshehare ba bona lebopo empa ba ne ba sa tsebe hore na ba hokae.+ Ba ne ba batla ho isa sekepe lebopong leo haeba ba ne ba ka kgona. 40  Ka hoo, ba kgaola diropo tse fasitseng diankora yaba di wela ka lewatleng. Hape ba fasolla diropo tsa masokwana, ba nyollela seile e ka pele moyeng yaba ba leba lebopong. 41  Sekepe sa kgitla lehlabathe le ka lewatleng ka karolo e ka pele yaba se a qawa. Maqhubu a roba karolo e ka morao ya sekepe dikoto.+ 42  Masole a ne a batla ho bolaya batshwaruwa e le hore ba se ke ba sesetsa lebopong ebe ba a baleha. 43  Molaodi wa sesole yena o ne a batla ho pholosa Pauluse yaba o a ba hanela. A re ba kgonang ho sesa ba itahlele ka metsing ba sesetse lebopong. 44  A re ba bang kaofela ba latele ba le hodima mapolanka le dikarolo tse ding tsa sekepe tse robehileng. Batho bohle ba fihla lebopong ba sireletsehile.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “se bitswang Euroakuilo.”
Se ne se ka sebediswa ho pholosa batho.
Ho bolelwa hore sekepe se ne se tla kgitla fatshe lehlabatheng ebe se sitwa ho ya pele.
Ka Segerike: “Siretise.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ha re a ka ra bona letsatsi kapa dinaledi.”
Kapa: “difathome tse 20.” Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “difathome tse 15.” Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ha ho moriri le o mong wa dihlooho tsa lona o tla timela.”