Diketso Tsa Baapostola 3:1-26

  • Petrose o phekola monna wa mokopakopa ya holofetseng (1-10)

  • Petrose o bua le batho a le Phasejeng ya Solomone (11-26)

    • ‘Ho ntjhafatswa ha dintho tsohle’ (21)

    • Moprofeta ya tshwanang le Moshe (22)

3  Petrose le Johanne ba ya tempeleng ho ya rapela ka hora ya boraro,* motshehare wa mantsiboya.  Ka nako eo, monna e mong ya hlahileng a holofetse o ne a jerwe a iswa keiting ya tempele e bitswang Keiti e Ntle. O ne a behwa teng letsatsi le leng le le leng e le hore a kope tjhelete ho batho ba kenang ka tempeleng.  Ha a bona Petrose le Johanne ba le haufi le ho kena ka tempeleng, a ba kopa tjhelete.  Petrose le Johanne ba mo sheba yaba ba re: “Re shebe.”  A ba sheba a lebeletse hore ba mo fe ho hong.  Le ha ho le jwalo, Petrose a re: “Ha ke na silevera kapa kgauta empa ke o fa ntho eo ke nang le yona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Monazaretha, ema o tsamaye.”+  A mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa+ yaba maoto a hae le maqaqailana a a tiya.+  A raoha yaba o a tsamaya.+ A kena le bona ka tempeleng a ntse a tlolatlola a bile a rorisa Modimo.  Batho bohle ba mo bona a tsamaya a ntse a rorisa Modimo. 10  Ba hlokomela hore monna eo ke yena yane ya neng a tlwaetse ho dula Keiting e Ntle tempeleng a emetse hore batho ba mo fe tjhelete.+ Ba ne ba maketse haholo ha ba bona a se a tsamaya. 11  Ha monna eo a ntse a tshwere Petrose le Johanne ka matsoho, batho ba mathela ho ya bona karolo ya tempele e bitswang Phaseje ya Solomone+ ba maketse haholo. 12  Ha Petrose a ba bona a re ho bona: “Batho ba Iseraele le makaletseng? Ke hobaneng ha le re shebile jwalo ka ha eka re entse hore monna eo a tsamaye ka matla a rona kapa ka lebaka la hore re sebeletsa Modimo ka botshepehi? 13  Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo,+ Modimo wa baholoholo ba rona, o tlotlisitse Mohlanka wa hae+ Jesu,+ eo le ileng la fana ka yena+ ho dira tsa hae mme la mo latola ka pela Pilato le hoja Pilato yena a ne a entse qeto ya ho mo lokolla. 14  Le ile la latola monna eo ya halalelang le ya lokileng. La kopa hore le lokollelwe mmolai+ 15  yaba le bolaya Moetapele e Moholo ya kgethetsweng ho fana ka bophelo.+ Empa Modimo o mo tsositse bafung mme re dipaki tsa taba eo.+ 16  Ka ha re dumela ho yena, monna enwa eo le mo bonang le eo le mo tsebang o fodisitswe ka lebitso la hae. Tumelo eo re nang le yona ho yena e entse hore monna enwa a fole jwalo ka ha le bona. 17  Bana beso, ke a tseba hore le entse jwalo ka lebaka la ho hloka tsebo+ jwalo ka ha babusi ba lona le bona ba entse.+ 18  Empa Modimo o ile a dumella dintho tsena hore di etsahale e le ho phethahatsa dintho tseo a di phatlaladitseng esale pele ka baprofeta bohle, hore Kreste wa hae o ne a tla utlwa bohloko.+ 19  Bakang+ mme le sokolohe,+ dibe tsa lona di tle di hlakolwe+ e le hore Jehova* a ka le kgatholla* 20  a be a romele Kreste eo a le kgethetseng yena e leng Jesu. 21  Jesu o lokela ho dula lehodimong ho fihlela nako e fihla ya hore ho ntjhafatswe dintho tsohle tseo Modimo a ileng a bua ka tsona a sebedisa baprofeta ba hae ba kgale ba halalelang. 22  Moshe o ile a re: ‘Jehova* Modimo wa lona o tla le kgethela moprofeta ya tshwanang le nna hara bana ba bo lona.+ Le mamele dintho tsohle tseo a le bolellang tsona.+ 23  Motho ya sa mameleng Moprofeta eo o tla fediswa.’+ 24  Baprofeta bohle ho tloha ka Samuele ho ya pele le bona ba ile ba bua ka ho hlaka ka matsatsi ana.+ 25  Ke lona bana ba baprofeta le majalefa a selekane seo Modimo a se entseng le baholoholo ba lona+ ha a ne a re ho Abrahama: ‘Ditjhaba* tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka lebaka la ngwana* wa hao.’+ 26  Ka mora hore Modimo a kgethe Mohlanka wa hae, o ile a mo romela ho lona pele+ e le hore a le hlohonolofatse ka ho le thusa hore le bakele diketso tsa lona tse fosahetseng.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “hora ya borobong.”
Kapa: “e le hore dinako tse kgathollang di ka tla ho tswa ho Jehova.”
Ka Segerike: “malapa.”
Ka Segerike: “peo.”