Diketso Tsa Baapostola 9:1-43

  • Ha Saule a le tseleng e yang Damaseka (1-9)

  • Ananiase o rongwa hore a yo thusa Saule (10-19a)

  • Saule o ruta ka Jesu Damaseka (19b-25)

  • Saule o ya Jerusalema (26-31)

  • Petrose o fodisa Aenease (32-35)

  • Dorkase ya fanang o tsoswa bafung (36-43)

9  Saule a nna a hlorisa barutuwa ba Morena+ a bile a batla ho ba bolaya. O ile a ya ho moprista ya phahameng  a kopa hore a mo fe mangolo a yang matlong a thapelo* a Damaseka, e le hore a ka tshwara mang kapa mang wa Tsela ya Morena+ a be a mo ise Jerusalema.  Ha a atamela Damaseka, kganya e tswang lehodimong ya mo potoloha ka ho panya ha leihlo.+  A wela fatshe yaba o utlwa lentswe le re ho yena: “Saule, Saule, ekaba o ntlhorisetsang?”  Saule a re: “O mang Morena?” A re: “Ke nna Jesu+ eo o mo hlorisang.+  Ema o ye motseng, o tla bolellwa hore na o etseng.”  Banna ba tsamayang le yena ba ne ba maketse hoo ba neng ba sitwa ho bua hobane ba ne ba utlwa lentswe empa ba sa bone monga lona.+  Saule a phahama. Le hoja a ne a shebile, o ne a sa bone letho. Ka hoo, ba mo tataisa ba mo tshwere ka matsoho mme ba mo isa Damaseka.  O ile a qeta matsatsi a mararo a sa bone+ mme nakong eo o ne a sa je ebile a sa nwe. 10  Ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Ananiase+ motseng wa Damaseka. Morena a hlaha ho yena ponong a re: “Ananiase!” A re: “Ke nna enwa Morena.” 11  Morena a re ho yena: “Tsamaya o ye Seterateng se Otlolohileng. Ha o fihla ntlong ya Judase, o batle monna ya bitswang Saule ya tswang Tarsase.+ Hona jwale o ntse a rapela. 12  O ile a ba le pono mme a bona wena Ananiase o tla ho yena o mo beha matsoho e le hore a ka boela a bona.”+ 13  Ananiase a re: “Morena, ke utlwile batho ba bangata ba bua ka monna enwa le ka dintho tsohle tse mpe tseo a di entseng ho barutuwa* ba hao Jerusalema. 14  Hona jwale, baprista ba baholo ba mo file matla a ho tshwara bohle ba tshepetseng* lebitsong la hao.”+ 15  Morena a re ho yena: “Tsamaya hobane ke kgethile monna enwa*+ hore a tsebise ditjhaba,+ marena+ le Baiseraele lebitso la ka. 16  Ke tla mo hlakisetsa hore na ke dintho tse ngata tse bohloko hakae tse tla mo hlahela hobane e le morutuwa wa ka.”+ 17  Ananiase a tsamaya, a kena ka tlung eo Saule a neng a le ho yona, a mo beha matsoho yaba o re: “Saule ngwaneso, Morena Jesu ya hlahileng ho wena ha o le tseleng e tlang mona o itse ke tle ho wena e le hore o ka boela wa bona mme wa tlala moya o halalelang.”+ 18  Ha a qeta ho tjho jwalo, dintho tse kang makgekgephu tsa tloha mahlong a Saule yaba o a bona. Ka mora moo a kolobetswa, 19  a ja yaba o ba le matla hape. A qeta matsatsi a itseng a ena le barutuwa Damaseka.+ 20  Hanghang feela a ya matlong a thapelo* mme a bolella batho hore Jesu ke Mora wa Modimo. 21  Ha batho ba mo mametseng ba mo utlwa, ba makala ba re: “Na monna eo ha se yena ya neng a hlasela barutuwa ba Jesu ba Jerusalema?+ Na o ne a sa tla moo ho tla ba tshwara a ba ise ho baprista ba baholo?”+ 22  Tsebo ya Saule ya ho ruta ya nna ya ntlafala. O ne a hlola Bajuda ba dulang Damaseka ka ditaba ha a ntse a paka ka ho hlaka hore Jesu ke Kreste.+ 23  Ka mora nako e itseng, Bajuda ba rera ho mo bolaya.+ 24  Empa Saule a tseba mmomori ona. Bajuda ba ne ba kata dikeiti bosiu le motshehare e le hore ba tle ba mo bolaye. 25  Ka hoo, barutuwa ba hae ba mo ntsha ka lesoba le lerakong bosiu, ba mo theolela fatshe ba mo kentse ka basketeng.+ 26  Ha a fihla Jerusalema,+ a leka ho kopana le barutuwa empa kaofela ba ne ba mo tshaba hobane ba sa dumele hore ke morutuwa. 27  Barnabase+ a mo thusa ka ho mo isa ho baapostola. A ba phetela hore Saule o bone Morena Jesu ha a le tseleng le hore Morena+ o buile le yena. A ba bolella hape le ka moo Saule a buileng ka sebete ka teng ka lebitso la Jesu ha a le Damaseka.+ 28  Saule a dula le bona, a itsamaela ka bolokolohi Jerusalema, a bua ka sebete ka lebitso la Morena. 29  O ne a bua le Bajuda ba buang Segerike a bile a pheha kgang le bona yaba ba leka ho mo bolaya.+ 30  Ha barutuwa ba bang ba utlwa taba ena, ba mo isa Sesarea yare ha a le moo, ba mo romela Tarsase.+ 31  Barutuwa bohle ba Judea, Galilea le Samaria+ ba eba le kgotso mme ba matlafala. Ha ba ntse ba tsamaya ditseleng tsa Jehova* ebile ba kgothatswa ka moya o halalelang,+ ba nna ba eketseha. 32  Ha Petrose a ntse a tsamaya dibakeng tsena tsohle, a fihla le ho barutuwa* ba dulang Lyda.+ 33  Ha a fihla moo a fumana monna ya bitswang Aenease. O ne a ena le dilemo tse robedi a robetse betheng hobane a holofetse. 34  Petrose a re ho yena: “Aenease, Jesu Kreste o a o fodisa.+ Tsoha o alole bethe ya hao.”+ A tsoha hanghang. 35  Ha batho bohle ba dulang Lyda le Thoteng ya Sharone ba mo bona, ba dumela ho Morena. 36  Motseng wa Jopa ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha. Ha lebitso leo le fetolelwa le bolela “Dorkase.”* O ne a etsa mesebetsi e mengata e metle a bile a phallela bafutsana. 37  Ha Petrose a ntse a le Lyda, Dorkase a kula a ba a shwa. Barutuwa ba mo hlatswa yaba ba mo beha ka kamoreng e ka hodimo. 38  Ka ha Lyda e ne e le haufi le Jopa, barutuwa ba utlwa hore Petrose o ne a le Lyda yaba ba roma banna ba babedi ho yena hore ba re: “Re kopa o tle hona jwale.” 39  Petrose a tsamaya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e ka hodimo. Bahlolohadi bohle ba tla ho yena ba lla, ba mo bontsha diaparo tse ngata tseo Dorkase a di rokileng ha a ntse a phela. 40  Petrose a re batho bohle ba tswele ka ntle+ yaba o a kgumama o a rapela. Ha a qeta a sheba ka ho mofu a re: “Tabitha, tsoha.” A bula mahlo, yare ha a bona Petrose, a tsoha.+ 41  Petrose a tshwara Tabitha ka letsoho, a mo phahamisa yaba o bitsa bahlolohadi le barutuwa ba bang, a ba bontsha hore Tabitha o a phela.+ 42  Taba ena ya tsejwa hohle Jopa mme batho ba bangata ba dumela ho Morena.+ 43  Petrose a qeta matsatsi a mangatanyana a dula Jopa ha Simone ya suhang matlalo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “disinagogeng.”
Ka Segerike: “bahalaledi.”
Kapa: “ipiletsang.”
Ka Segerike: “monna enwa ke sejana seo ke se kgethileng.”
Ka Segerike: “disinagogeng.”
Ka Segerike: “ka tshabo ya Jehova.” Sheba Ntlha ya A5.
Ka Segerike: “bahalaledi.”
Lebitso la Segerike, Dorkase le la Searame Tabitha, ka bobedi a bolela “Tshephe.”