Dillo Tsa Jeremia 1:1-22

  • Jerusalema e tshwantshwa le mohlolohadi

    • Ha a sa na baahi ebile o jewa ke budutu (1)

    • Dibe tsa Sione tse kgolo (8, 9)

    • Modimo o lahlile Sione (12-15)

    • Ha ho motho ya tshedisang Sione (17)

א [Aleph]* 1  Jerusalema ya neng a ena le baahi ba bangata,+ o se a le bodutu hakaakang! O ne a le moholo hara ditjhaba+ empa o se a tshwana le mohlolohadi, E ne e le kgosatsana hara diprofinse* empa e se e le lekgoba.+ ב [Beth]   O lla haholo bosiu kaofela+ mme meokgo ya hae e keleketla marameng. Ha ho le ya mong wa batho ba ratanang le yena ya mo tshedisang.+ Metswalle ya hae kaofela e mo tswile tlase.+ E se e le dira tsa hae. ג [Gimel]   Juda o hapuwe,+ o entswe lekgoba ebile o a hloriswa.+ O lokela ho dula hara ditjhaba.+ Ha a phomole. Bohle ba mo hlorisang ba mo fumane nakong eo a leng mahlomoleng. ד [Daleth]   Ditseleng tse yang Sione ho thotse hobane ha ho ba tlang moketeng.+ Dikeiti tsohle tsa hae di senyehile.+ Baprista ba hae ba a fehelwa. Barwetsana ba hae ba utlwile bohloko mme o saretswe haholo. ה [He]   Bahanyetsi ba hae e se e le beng ba hae. Dira tsa hae di iketlile.+ Jehova o mo baketse mesarelo hobane diphoso tsa hae di ngata.+ Bana ba hae ba hapuwe ke dira.+ ו [Waw]   Moradi wa Sione ha a sa na seriti.+ Dikgosana tsa hae di tshwana le ditshephe tse tona tse sa fumanang lekgulo, Di tsamaya di kgathetse ka pela ya di hlorisang.* ז [Zayin]   Nakong eo Jerusalema a neng a le mahlomoleng a bile a se na lehae, o hopotseDintho tsohle tsa bohlokwa tseo a neng a ena le tsona mehleng ya kgale.+ Ha setjhaba sa hae se wela matsohong a sera ebile se se na mothusi,+Bahanyetsi ba hae ba ile ba mo bona ha a wa yaba ba a mo tsheha.*+ ח [Heth]   Jerusalema o entse sebe se seholo.+ Ke ka hoo a fetohileng ntho e nyatsehang. Bohle ba neng ba mo hlompha ba mo tshwara jwalo ka ntho e nyonyehang ka ha ba mo bonetse.+ O a fehelwa+ mme o kgutla a swabile. ט [Teth]   Diaparo tsa hae di ditshila. Ha a ka a nahana ka bokamoso ba hae.+ O wele ha bohloko feela ha ho motho ya mo tshedisang. Ka kopo Jehova, bona mesarelo ya ka hobane sera se ikgohomositse.+ י [Yod] 10  Mohanyetsi wa hae o otlolotse matsoho, a nka matlotlo ohle a hae.+ Etswe o bone ha ditjhaba di kena ka sehalalelong sa hae,+ Tseo o laetseng hore di se ke tsa kopana le batho ba hao. כ [Kaph] 11  Batho bohle ba Jerusalema ba a fehelwa. Ba batla dijo.+ Ba fane ka dintho tsa bona tsa bohlokwa bakeng sa se yang ka maleng hore feela ba dule ba phela. Ka kopo Jehova, bona hore ke se ke tshwana le mosadi* ya se nang thuso. ל [Lamed] 12  Na ha le na taba lona bohle ba fetang ka tsela? Shebang mme le bone, Na ho na le matshwenyeho a tshwanang le ao ke otlilweng ka ona, Ao Jehova a mpaketseng ona letsatsing la bohale ba hae bo tukang?+ מ [Mem] 13  O rometse mollo masapong a ka+ a le lehodimong mme o a tjhesitse kaofela. O ntjhehetse leraba ka hoo o nqobeletse hore ke kgutlele morao. O entse hore ke be jwalo ka mosadi ya lahlilweng. Ke a kula letsatsi lohle. נ [Nun] 14  Diphoso tsa ka di faseleditswe molaleng wa ka jwalo ka joko. O di lohelletse mmoho ka letsoho la hae. Di tlanngwe molaleng wa ka, jwale ke feletswe ke matla. Jehova o nehelane ka nna ho batho bao ke sa kgoneng ho ba lwantsha.+ ס [Samekh] 15  Jehova o qheletse ka thoko banna bohle ba ka ba matla.+ O bokeletse lebotho e le hore a bolaye bahlankana ba ka.+ Jehova o hataketse morwetsana wa Juda ka sehatelong sa veine.+ ע [Ayin] 16  Ke lliswa ke dintho tsena.+ Mahlo a ka a rotha dikeledi. Motho e mong le e mong ya ka ntshedisang o hole le nna. Bara ba ka ba utlwile bohloko hobane sera se re hlotse. פ [Pe] 17  Sione o otlolotse matsoho,+ ha ho motho ya mo tshedisang. Jehova o laetse hore batho bohle ba potapotileng Jakobo e be dira tsa hae.+ Jerusalema o fetohile ntho e nyonyehang ho bona.+ צ [Tsade] 18  Jehova o nkgalemetse ka nepo+ hobane ha ke a mamela melao ya hae.+ Mamelang, lona ditjhaba tsohle mme le bone ka moo ke utlwileng bohloko ka teng. Barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba hapuwe.+ ק [Qoph] 19  Ke kopile thuso ho ba ratanang le nna empa ba ntswile tlase.+ Baprista ba ka le bannabaholo ba ka ba shwetse motseng, Ha ba ntse ba ipatlela dijo e le hore ba dule ba phela.+ ר [Resh] 20  Jehova, bona ka moo ke leng mahlomoleng ka teng. Ke tsielehile. Pelo ya ka e utlwile bohloko haholo ka ha ke bile lerabele.+ Ka ntle sabole e ntse e bolaya bana ba ka.+ Ka tlung le teng batho ba ntse ba shwa. ש [Shin] 21  Batho ba utlwile ha ke ntse ke fehelwa. Ha ho ya ntshedisang. Dira tsohle tsa ka di utlwile ka tsietsi ya ka. Di thabisitswe ke ntho eo o e entseng.+ Empa letsatsi leo o le phatlaladitseng le tla fihla+ mme di tla tshwana le nna.+ ת [Taw] 22  E se eka o ka bona bobe bohle ba dira tseo mme wa di fa kotlo+Feela jwalo ka ha o mphile kotlo ka lebaka la diphoso tsohle tsa ka. Etswe ke fehelwa haholo mme pelo ya ka e bohloko.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kgaolo ya 1-4 ke kodiyamalla e ngotsweng ka tatellano ya ditlhaku tsa Seheberu.
Kapa: “ditereke.”
Kapa: “lelekisang.”
Kapa: “soma.”
Mona Jerusalema e mothofaditswe.