Dillo Tsa Jeremia 2:1-22

  • Jehova o halefela Jerusalema

    • Ha e bontshwe mohau (2)

    • Ekare Jehova ke sera ho yena (5)

    • Sione e a llelwa (11-13)

    • Batho ba fetang ka tsela ba soma motse o kileng wa ba motle (15)

    • Dira di a thaba ka lebaka la ho wa ha Sione (17)

א [Aleph] 2  Jehova o kgurumetsa Jerusalema* ka bohale ba hae jwalo ka ha eka ke leru le letsho. Botle ba Iseraele o bo lahletse fatshe bo tswa hodimo.+ Letsatsing la bohale ba hae, ha a ka a hopola setulwana sa maoto a hae.+ ב [Beth]   Jehova o ripitlile dibaka tsa Jakobo a se na le mohau. Ka bohale o qhaqhile dibaka tsa Jerusalema* tse sireleditsweng.+ O theoletse mmuso+ le dikgosana+ tsa Juda tlase, a mo tlotlolla. ג [Gimel]   Ka bohale o qetile matla ohle* a Iseraele. Ha a ka a thusetsa Iseraele ha sera se e hlasela,+ Bohale ba hae ba nna ba tukela Jakobo jwalo ka mollo o tjhesang ntho e nngwe le e nngwe e haufi le wona.+ ד [Daleth]   O kobile* seqha sa hae jwalo ka sera. Letsoho la hae le letona le itokiseditse ho hlasela jwalo ka sera,+O nnile a bolaya bohle bao Baiseraele ba ba ratang.+ O theoletse kgalefo ya hae ka tenteng ya Jerusalema*+ jwalo ka mollo.+ ה [He]   Ekare Jehova ke sera.+ O ripitlile Iseraele. O heleditse ditora tsohle tsa hae,O sentse dibaka tsa hae tse sireleditsweng. O etsa hore ho sarelwa le seboko di ate Jerusalema.* ו [Waw]   O qhaqhile tempele ya hae ka mabifi+ jwalo ka lephephe la masimong. O qhadile mokete wa hae.+ Jehova o lebaditse batho ba Sione mokete le sabatha, O nyefotse morena le moprista ka bohale.+ ז [Zayin]   Jehova o lahlile aletare ya hae. O furaletse sehalalelo sa hae.+ O nehelane ka mehaho ya Sione e melelele e sireletsehileng.+ Ba entse lerata ka tlung ya Jehova+ ekare ke letsatsi la mokete. ח [Heth]   Jehova o entse qeto ya ho senya lerako la Jerusalema.*+ O methile marako a hae ka kgwele ya ho metha.+ Ha a thibela letsoho la hae hore le timetse. O heletsa marako a sireletsang motse. Kaofela ha ona a wele. ט [Teth]   Dikeiti tsa Jerusalema di tetebetse fatshe.+ O sentse mekwallo a ba a e roba. Morena wa hae le dikgosana tsa hae di hara ditjhaba.+ Ha ho ya mamelang molao.* Le baprofeta ba hae ha ba fumane pono e tswang ho Jehova.+ י [Yod] 10  Banna ba baholo ba motse wa Jerusalema* ba dula fatshe ba kgutsitse.+ Ba itshela ka mobu dihloohong mme ba itlama ka masela a hwashang.*+ Barwetsana ba Jerusalema ba inamiseditse dihlooho fatshe. כ [Kaph] 11  Mahlo a ka a fedile ke ho lla.+ Ke tsielehile.* Pelo ya ka e utlwile bohloko haholo* ka lebaka la ho wa ha moradi wa setjhaba sa heso*+ Le ho tepella ha bana le masea diterateng tsa motse.+ ל [Lamed] 12  Ba ntse ba re ho bomme ba bona: “Mme ke lapile ebile ke nyorilwe.”*+ Ba tepella jwalo ka motho ya tswileng leqeba diterateng tsa motse, Bophelo ba bona bo fela ba le ka diatleng tsa bomme ba bona. מ [Mem] 13  Ke tla sebedisang e le bopakiKapa ke o bapise le eng, wena Jerusalema?* Ke tla o tshwantsha le eng hore ke o tshedise, wena Jerusalema?* Leqeba la hao le leholo jwalo ka lewatle.+ Ke mang ya ka o fodisang?+ נ [Nun] 14  Dipono tsa baprofeta ba hao ke leshano ebile ha di na thuso,+Ha ba a o bolella phoso ya hao e le hore o se ke wa hapuwa.+ Ho ena le hoo, ba nnile ba eba le dipono tse o kgelosang, tsa leshano.+ ס [Samekh] 15  Bohle ba fetang ka tsela ba o opela diatla ba swentse.+ Ba letsetsa moradi wa Jerusalema molodi ka ho makala+ mme ba sisinya dihlooho ba re: “Na motse oo ke oo ba neng ba re ka wona: ‘O motle hakaakang. Lefatshe lohle le ikotla sefuba ka wona’?”+ פ [Pe] 16  Dira tsohle tsa hao di a o soma. Di letsa molodi di bile di lomahantse meno di re: “Re mo qetile.+ Lena ke letsatsi leo re neng re le lebelletse.+ Le fihlile, re le bone.”+ ע [Ayin] 17  Jehova o entse thato ya hae,+ o phethahaditse polelo ya hae,+Ntho eo a e laetseng ho tloha kgale.+ Wena Jerusalema, o o fedisitse a se na mohau.+ O thabisitse sera ka wena. O file dira tsa hao matla.* צ [Tsade] 18  Wena Jerusalema,* ba kopile thuso ho Jehova ba saretswe. Tlohela meokgo e tsholohe bosiu le motshehare jwalo ka noka. O se ke wa phomola, mahlo a hao a se ke a kgaotsa ho lla. ק [Qoph] 19  Tsoha! O bokolle esale ka matjeke.* O lle haholo ha o bolella Jehova dintho tsohle tse ka pelong ya hao. Phahamisa matsoho o rapelle bophelo ba bana ba hao,Ba ntseng ba akgehiswa ke tlala khoneng ya seterata se seng le se seng.+ ר [Resh] 20  Ka kopo Jehova, bona batho ba hao bao o ba fileng kotlo. Na bomme ba lokela ho tswela pele ba ja bana ba bona bao ba ba tswetseng?+ Na baprista le baprofeta ba lokela ho bolaelwa ka tempeleng ya Jehova?+ ש [Shin] 21  Moshanyana le ntatemoholo ba rapaletse seterateng ba shwele.+ Barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba bolailwe ka sabole.+ O ba bolaile ka letsatsi la bohale ba hao. O ba rintse o se na le mohau.+ ת [Taw] 22  O bitsa dira tsa ka ka nqa tsohle jwalo ka ha eka o di etseditse mokete.+ Letsatsing la kgalefo ya Jehova ha ho a ka ha eba le ya balehang kapa ya phonyohang.+ Sera sa ka se timeditse bana bao ke ba tswetseng le ho ba hodisa.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”
Ka Seheberu: “moradi wa Juda.”
Ka Seheberu: “robile lenaka le leng le le leng.”
Ka Seheberu: “hataketse.”
Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”
Ka Seheberu: “moradi wa Juda.”
Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”
Ka Seheberu: “Sebete sa ka se tsholletswe fatshe.”
Ka Seheberu: “Mala a ka a dubehile.”
Mokgabopuo wa mothofatso, mohlomong o bontshang kutlwelobohloko.
Ka Seheberu: “Dijothollo le veine di kae?”
Ka Seheberu: “morwetsana wa Sione.”
Ka Seheberu: “moradi wa Jerusalema.”
Ka Seheberu: “O phahamisitse lenaka la dira tsa hao.”
Ka Seheberu: “moradi wa Sione.”
Ke ho tloha hoo e ka bang ka hora ya bobedi ho ya ho ya botshelela hoseng.