Dillo Tsa Jeremia 3:1-66

  • Jeremia o bua ka maikutlo a hae le tshepo ya hae

    • ‘Ke tla leta ka mamello’ (21)

    • Modimo o re hauhela letsatsi le leng le le leng (22, 23)

    • Modimo o molemo ho ba mo tshepileng (25)

    • “Ho molemo hore motho a jare joko a sa le motjha” (27)

    • Modimo o thibile ka leru hore a se ke a atamelwa (43, 44)

א [Aleph] 3  Ke nna ya boneng ha batho ba sotleha hobane Modimo a re halefetse yaba o re fa kotlo.   O nteleketse ka ntle mme o ntsamaisa lefifing eseng kganyeng.+   Ka nnete o kgahlanong le nna letsatsi lohle.+ ב [Beth]   O entse hore mmele wa ka o fellwe ke matla le letlalo la ka le senyehe. O robile masapo a ka.   O nthibeletse ka mabota. O mpotapotile ka mathata le dimela tse tjhefo.+   O nqobeletse ho dula dibakeng tse lefifi jwalo ka batho bao e leng kgale ba shwele. ג [Gimel]   O nthibeletse ka lerako e le hore ke se ke ka baleha. O ntlamme ka ditlamo tse boima tsa koporo.+   Hape ha ke hweletsa ke kopa thuso ho yena, ha a arabele* thapelo ya ka.+   O thibile ditsela tsa ka ka majwe a betlilweng. O entse hore ho be thata ho tsamaya ditseleng tsa ka.+ ד [Daleth] 10  O laletse ho ntlhasela jwalo ka bere, jwalo ka tau e tsometsang.+ 11  O nkgelositse tseleng ya ka a ba a nthoba dikoto.* O nkentse motwaitwai.+ 12  O nkorotse ka seqha sa hae mme o nkemisitse jwalo ka phofu. ה [He] 13  O hlabile diphio tsa ka ka metsu e tswang mokotleng* wa hae. 14  Batho ba bina ka nna ebile ba a ntshoma letsatsi lohle. 15  O ntjesitse dintho tse babang, a nnwesa lengana.+ ו [Waw] 16  O pshatla meno a ka ka lehlohlojane. O mpitikisa moloreng.+ 17  O ntlhokisa kgotso. Ke lebetse hore na ho thaba keng. 18  Yaba ke re: “Bokgabane ba ka bo fedile mme ha ke sa lebeletse letho ho Jehova.” ז [Zayin] 19  Hopola mahlomola a ka le boemo ba ka ba ho hloka lehae.+ Hopola hore ke ja lengana le dimela tse tjhefo.+ 20  O tla nkgopola, o tle ho nna o be o nthuse.+ 21  Ke nahanne ka taba ena. Ke ka lebaka leo ke tlang ho o letela ka mamello.+ ח [Heth] 22  Ha re eso timele hobane Jehova o lerato,*+Mohau wa hae o ke ke wa fela.+ 23  O re hauhela letsatsi le leng le le leng.+ Ka mehla o a tshepahala.+ 24  Ke itse: “Jehova ke lefa la ka,*+ ke ka lebaka leo ke tlang ho mo letela.”+ ט [Teth] 25  Jehova o molemo ho ya mo tshepileng,+ ho motho ya batlang keletso ya hae.+ 26  Ho molemo hore motho a lete ka mamello+ e le hore Jehova a mo pholose.+ 27  Ho molemo hore motho a jare joko a sa le motjha.+ י [Yod] 28  A dule a le mong mme a kgutse ka ha Modimo o dumeletse hore mojaro oo o be hodima hae.+ 29  A ikokobetse mme a itihele mobung ka sefahleho.+ Mohlomong ho ka ba le tshepo.+ 30  A ke a tlise lerama la hae ho ya mo otlang. A ke a swabe haholo. כ [Kaph] 31  Etswe Jehova a ke ke a re lahla ho ya ho ile.+ 32  Le hoja a bakile mesarelo, o tla re hauhela hobane o lerato haholo.+ 33  Etswe ho hlorisa batho kapa ho ba utlwisa bohloko ha se ntho e pelong ya hae.+ ל [Lamed] 34  Ho silakanya batshwaruwa bohle ba lefatshe ka tlasa maoto a motho,+ 35  Ho hlokela motho toka ka pela Ya Phahameng ka ho Fetisisa,+ 36  Ho qhekella motho nyeweng. Jehova ha a batle dintho tse jwalo. מ [Mem] 37  Jwale ke mang ya ka buang taba mme a etsa hore e phethahale ntle le ha Jehova a laela? 38  Molomong wa Ya Phahameng ka ho Fetisisa,Ho ka se tswe dintho tse mpe ha mmoho le tse ntle. 39  Ke hobaneng ha motho a ka belaela ka lebaka la ditlamorao tsa sebe sa hae?+ נ [Nun] 40  A re hlahlobisiseng ditsela tsa rona,+ re di batlisise mme re kgutleleng ho Jehova.+ 41  A re rapeleng Modimo ya mahodimong ho tloha pelong, re phahamise matsoho re re:+ 42  “Re o sitetswe mme ha re a o mamela.+ Ha o a re tshwarela.+ ס [Samekh] 43  Ka bohale o thibetse hore re se ke ra o atamela,+O re lelekisitse, wa re bolaya o se na mohau.+ 44  O re thibetse ka leru hore re se ke ra o atamela hore thapelo ya rona e se ke ya feta.+ 45  O re etsa toti, dithole hara ditjhaba.” פ [Pe] 46  Dira tsohle tsa rona di a re soma.+ 47  Re dula re tshohile re bile re qabeletswe.+ Re timetse mme re lahlehile.+ 48  Meokgo e tsholoha mahlong a ka jwalo ka melapo ya metsi ka lebaka la ho ripitlwa ha Jerusalema.*+ ע [Ayin] 49  Ke lla ke sa kgaotse, ke sa emise,+ 50  Ho fihlela Jehova a bona mathata a batho ba hae.+ 51  Ke utlwile bohloko ka lebaka la ho sotleha ha baradi bohle ba motse wa heso.+ צ [Tsade] 52  Dira tsa ka di ntjhehile jwalo ka dinonyana ntle ho lebaka. 53  Di lekile ho mpolaela ka sekoting, tsa nna tsa mpetsa ka majwe. 54  Metsi a nkwahetse yaba ke re: “Ho fedile ka nna.” ק [Qoph] 55  Ke hweleditse lebitso la hao Jehova, ke le ka sekoting se tebileng.+ 56  Utlwa lentswe la ka. O se ke wa ikwala ditsebe ha ke hweletsa ho o kopa thuso. 57  O ile wa atamela ha ke o bitsa. Wa re: “O se ke wa tshoha.” ר [Resh] 58  Jehova, o ile wa mpuella ka kgotla, wa nkinola mathateng.+ 59  Jehova, o bone ka moo ke foseditsweng ka teng. Ke kopa o nkahlolele ka toka.+ 60  O bone ha ba ntse ba ntohela mano, ba ntherela bora. ש [Sin] kapa [Shin] 61  Jehova, o utlwile ha ba ntse ba ntshoma, ba ntherela bokgopo,+ 62  O utlwile mantswe ao dira tsa ka di ntlhasetseng ka ona le ha di rera bobe kgahlanong le nna. 63  Sheba diketso tsohle tsa dira tsa ka ebang di a dula kapa di a ema. Di ntshoma ka dipina tsa tsona. ת [Taw] 64  Jehova, o tla di fa kotlo ho ya ka diketso tsa tsona. 65  O tla di otla ka bomadimabe ka ho etsa hore di be dipelo di thata. 66  Jehova, o tla di lelekisa ka bohale mme o di fedise ka tlasa mahodimo a hao.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mamele.”
Kapa mohlomong: “etsa hore ke be ntho e se nang thuso.”
Kapa: “kgohlopong.”
Kapa: “o na le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “kabelo ya ka.”
Ka Seheberu: “moradi wa batho ba heso.”