Dillo Tsa Jeremia 4:1-22

  • Ho etsahala dintho tse bohloko ha Jerusalema e dikadikeditswe

    • Kgaello ya dijo (4, 5, 9)

    • Basadi ba pheha bana ba bona (10)

    • Jehova o bonahaditse bohale ba hae (11)

א [Aleph] 4  Kgauta e benyang e thothofetse hakaakang, kgauta ya boleng bo botle.+ Majwe a halalelang+ a hasane hohle diterateng.+ ב [Beth]   Ha e le bara ba hlomphehang ba Sione, ba neng ba le jwalo ka kgauta e hlwekisitsweng,Ba se ba nkwa ba tshwana le dinkgo tsa letsopa,Mosebetsi wa matsoho a sebopi. ג [Gimel]   Esita le diphokojwe di anyesitse madinyane a tsona. Empa batho ba heso ba Sione ba sehloho+ jwalo ka dimpshe tsa lefeelleng.+ ד [Daleth]   Leleme la lesea le anyang le kgomaretse mahalapeng ka lebaka la lenyora. Bana ba kopile dijo+ empa ha ho ya ba ngwathelang.+ ה [He]   Ba neng ba ja dintho tse monate ba se ba solla seterateng ke tlala.+ Ba hodisitsweng ba apara diaparo tse turu*+ ba se ba fata thotobolong. ו [Waw]   Kotlo* ya moradi wa batho ba heso e kgolo ho feta kotlo ya Sodoma,+E ileng ya dihuwa ka motsotswana, ho se ya nanabetsang letsoho ho e thusa.+ ז [Zayin]   Banazari+ ba Sione ba ne ba hlwekile ho feta lehlwa, ba le basweu ho feta lebese. Ba ne ba le bafubedu ho feta dikorale, ba tshwana le safire e bentshitsweng. ח [Heth]   Ba se ba le batsho ho feta mosidi. Ha ba sa tsejwa diterateng. Matlalo a bona a maname masapong a bona.+ Matlalo a bona a omeletse jwalo ka patsi e ommeng. ט [Teth]   Ba bolailweng ka sabole ba molemo ho feta ba bolailweng ke tlala,+Ba fellwa ke matla ka lebaka la kgaello ya dijo masimong jwalo ka ha eka ba hlabilwe ka sabole. י [Yod] 10  Basadi ba nang le qenehelo ba phehile bana ba bona.+ E bile dijo tsa bona nakong eo moradi wa batho ba heso a ripitlwang.+ כ [Kaph] 11  Jehova o bonahaditse bohale ba hae,O bontshitse hore o halefile haholo.+ O hotetsa Sione ka mollo o tjhesang metheo ya yona kaofela.+ ל [Lamed] 12  Marena le baahi bohle ba lefatshe ba ne ba sa dumeleHore mohanyetsi le sera ba tla kena dikeiting tsa Jerusalema.+ מ [Mem] 13  E ne e le ka lebaka la dibe tsa baprofeta ba yona, diphoso tsa baprista ba yona,+Ba bolayang batho ba lokileng ba ka hare ho yona.+ נ [Nun] 14  Baprofeta le baprista ba lelerile+ diterateng. Ba silafaditswe ke madi,+ Hoo ho seng le ya mong ya kgonang ho ama diaparo tsa bona. ס [Samekh] 15  Ba ba hweleditse ba re: “Suthang! Le ditshila! Tlohang mona! Tlohang! Le se ke la re thetsa.” Etswe ha ho na moo ba dulang, ba lelera hohle. Batho ba ditjhaba ba itse: “Ba ke ke ba dula le rona.*+ פ [Pe] 16  Jehova* o ba hasantse.+ A ke ke a hlola a ba tsotella. Batho ba ke ke ba hlompha baprista,+ ba ke ke ba hauhela esita le banna ba baholo.”+ ע [Ayin] 17  Le hona jwale mahlo a rona a kgathetse ke ho batlana le thuso moo e leng siyo.+ Re batlile thuso ho setjhaba se ke keng sa re pholosa.+ צ [Tsade] 18  Ba re tsomme+ hoo re sa tsamayeng dimmarakeng. Re haufi le ho shwa, matsatsi a rona a fedile etswe bofelo ba rona bo fihlile. ק [Qoph] 19  Ba re lelekisang ba bile lebelo ho feta dintsu tsa mahodimo.+ Ba re behile merebele hodima dithaba, ba re tsomeditse lefeelleng. ר [Resh] 20  Motlotsuwa wa Jehova+ eo e leng phefumoloho ya dinko tsa rona o hapetswe ka sekoting sa bona se seholo.+ Yena eo re itseng ka yena: “Re tla phela ka tshireletso* ya hae hara ditjhaba.” ש [Sin] 21  Thaba mme o nyakalle, Wena moradi wa Edomo,+ ya dulang naheng ya Utse. Kopi e tla fetiswa le ho wena+ mme o tla tahwa o hlahe o sa apara letho.+ ת [Taw] 22  Wena moradi wa Sione, o phethile kotlo ya hao. A ke ke a hlola a o hapa.+ Empa Wena moradi wa Edomo, Modimo o tla hlokomela phoso ya hao. O tla senola dibe tsa hao.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “sekareleta.”
Ka Seheberu: “Phoso; sebe.”
Kapa: “Ba ke ke ba dula mona e le baditjhaba.”
Ka Seheberu: “Sefahleho sa Jehova.”
Ka Seheberu: “tlasa moriti wa hae.”