Dillo Tsa Jeremia 5:1-22

  • Batho ba rapella ho kgutlela naheng ya habo bona

    • “Hopola ntho e re hlahetseng” (1)

    • “Ho madimabe rona hobane re entse sebe” (16)

    • “Re boelanye le wena Jehova” (21)

    • “Etsa hore dintho tsohle di tshwane le mehleng ya pele” (21)

5  Jehova, hopola ntho e re hlahetseng. Sheba mme o bone ka moo re seng re se na seriti ka teng.+   Lefa la rona le fuwe basele, matlo a rona a fuwe baditjhaba.+   Re se re le dikgutsana.* Bomme ba rona ba jwalo ka bahlolohadi.+   Re lokela ho reka metsi ao re a nwang.+ Le patsi ya rona re a e reka.   Dira tsa rona di re behile merebele. Re kgathetse empa ha re fuwe monyetla wa ho phomola.+   Re itshetlehile ka Egepeta+ le Asiria+ e le hore re fumane dijo tse lekaneng.   Baholoholo ba rona ba entseng sebe ha ba sa le yo. Empa rona re tlameha ho jara diphoso tsa bona.   Re se re buswa ke bahlanka. Ha ho motho ya re pholosang matsohong a bona.   Re fumana dijo ka ho beha bophelo ba rona kotsing+ hobane ho na le batho ba hlometseng ka disabole lefeelleng. 10  Matlalo a rona a tjhesa jwalo ka kganare ya mollo hobane re bolawa ke tlala.+ 11  Ba tlotlolotse* basadi ba Sione le barwetsana ba metse ya Juda.+ 12  Dikgosana di fanyehilwe ka matsoho a tsona.+ Le bannabaholo ha ba a hlomphuwa.+ 13  Bahlankana ba jere malwala mme bashanyana ba thekesela ba nkile patsi e boima. 14  Banna ba baholo ba tlohile keiting ya motse.+ Bahlankana ha ba sa bapala mmino wa bona.+ 15  Dipelo tsa rona di bohloko. Tantshi ya rona e fetohile maswabi.+ 16  Dikorone di wele dihloohong tsa rona. Ho madimabe rona hobane re entse sebe. 17  Ka hoo, dipelo tsa rona di bohloko.+ Hape ka lebaka la dintho tsena, mahlo a rona a lerootho.+ 18  Ka ha Thaba ya Sione e senyehile,+ diphokojwe di se di lalasa ho yona. 19  Ha e le wena, Jehova, o tla dula o le teng ka mehla le mehla. O busa ka ho sa feleng.+ 20  Ke hobaneng ha ho se mohla o re hopolang? Hape ke hobaneng ha o re lahlile nako e telele hakaale?+ 21  Re boelanye le wena Jehova mme re tla kgutla hanghang.+ Etsa hore dintho tsohle di tshwane le mehleng ya pele.+ 22  Empa o re lahlile. O dula o re halefetse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “bana ba se nang ntate.”
Kapa: “betile.”