Esaia 27:1-13

  • Jehova o bolaya Leviathane (1)

  • Pina e buang ka Iseraele e le serapa sa morara (2-13)

27  Letsatsing leo, Jehova o tla otla Leviathane,* noha e tswedipanang,Leviathane, noha e ikgarelang,A e otle ka sabole ya hae e bohale, e kgolo le e matla.+ O tla bolaya phoofolo ya tonanahadi e lewatleng.   Letsatsing leo mo bineleng le re:* “Serapa sa morara sa veine.+   Nna, Jehova, ke a mo sireletsa.+ Ke mo nosetsa ka mehla.+ Ke mo sireletsa bosiu le motshehareE le hore ho se ke ha eba le mang kapa mang ya mo ntshang kotsi.+   Ha ke sa mo halefetse.+ Haeba motho a beha dihlahla tse meutlwa le ditlamatlama ka pela ka,Ke tla di hatakela, ke di tjhese kaofela ke be ke mo lwantshe.   Ho ena le hoo, a ke a batle setshabelo qhobosheaneng ya ka. A ke a bope kgotso le nna,A ke a bope kgotso le nna.”   Matsatsing a tlang Jakobo o tla mela ka metso,Iseraele o tla hlahisa dithunthung mme a hlomele.+ Ba tla tlatsa naha ka dihlahiswa.+   Na o lokela ho shapuwa hampe hakaale? Na o lokela ho bolawa jwalo ka batho ba hae ba bolailweng?   O tla mo lwantsha ka mohoo o tshosang ha o mo tebela. O tla mo leleka ka bohale bo tshosang mohla ho fokang moya wa botjhabela.+   Ka hona, phoso ya Jakobo e tla kwahelwa ka tsela ena+Mme tsena e tla ba ditholwana tse feletseng ha sebe sa hae se tloswa: O tla etsa hore majwe ohle a aletare a beJwalo ka majwe a tjhoko a silakantsweng. Ha ho na dipalo tse halalelang* kapa didulwana tsa dibano tse tla sala.+ 10  Motse o sireleditsweng ka thata o tla lahlwa. Makgulo a tla tlohelwa mme a lahlwe kgerehlwa jwalo ka lefeella.+ Namane e tla fula teng, e bothe teng. E tla ja makala a hae.+ 11  Ha makalana a hae a omeletse,Basadi ba tla tla, ba a kgaole,Ba bese mollo ka ona. Batho bana ha ba na kutlwisiso.+ Ka lebaka leo, Moetsi wa bona a ke ke a ba hauhela,Mmopi wa bona a ke ke a ba utlwela bohloko.+ 12  Letsatsing leo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho tloha molapong o phallang wa Noka* ho ya kgohlong* ya Egepeta+ mme le tla nkwa ka ho latellana, lona batho ba Iseraele.+ 13  Letsatsing leo, ho tla letswa lenaka le leholo+ mme ba timelang naheng ya Asiria+ le ba qhalakaneng naheng ya Egepeta+ ba tla tla mme ba inamele Jehova thabeng e halalelang Jerusalema.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E ka nna yaba ho buuwa ka Iseraele. O tshwantshwa le serapa sa morara.
E leng ya Eufrate.