Esdrase 1:1-11

  • Morena Saeruse o laela hore ho hahwe tempele botjha (1-4)

  • Ditlhophiso tsa batho ba tswang botlamuweng Babilona (5-11)

1  Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ wa Persia, Jehova a susumetsa pelo ya Morena Saeruse wa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ya hae e le hore mantswe a Jehova a ileng a buuwa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re:  “Morena Saeruse wa Persia o re, ‘Jehova Modimo wa mahodimo o mphile mebuso yohle ya lefatshe+ mme o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema+ e Juda.  Mang kapa mang eo e leng wa setjhaba sa hae ya hara lona, Modimo wa hae a be le yena mme a ke a ye Jerusalema e Juda, a hahe ntlo ya Jehova Modimo wa Iseraele botjha e leng yena Modimo wa nnete eo ntlo ya hae e neng e le Jerusalema.*  Mang kapa mang ya dulang e le mojaki+ hohle moo a leng teng, a ke a thuswe ke baahisani ba hae, ba mo fe silevera, kgauta, thepa, diphoofolo tse ruuwang ha mmoho le nyehelo e fanwang ka ho rata bakeng sa ntlo ya Modimo wa nnete+ e neng e le Jerusalema.’”  Jwale dihlooho tsa malapa a Juda, a Benjamine, baprista, Balevi ha mmoho le e mong le e mong eo moya wa hae o susumeditsweng ke Modimo wa nnete, ba itokisetsa ho nyoloha hore ba yo haha ntlo ya Jehova e neng e le Jerusalema botjha.  Baahisani bohle ba bona ba ile ba ba thusa ka ho ba fa* dintho tse entsweng ka silevera le kgauta, thepa le diphoofolo tse ruuwang le dintho tsa bohlokwa, ntle le dinyehelo tse ileng tsa fanwa ka ho rata.  Morena Saeruse a boela a ntsha dintho tse neng di sebediswa ntlong ya Jehova tseo Nebukadnezare a di nkileng ka nkane Jerusalema a di beha ka tlung ya medimo ya hae.+  Morena Saeruse wa Persia a beha Mithredathe motshwari wa matlotlo hore e be yena ya okamelang mosebetsi wa ho di ntsha. Mithredathe o ile a ba a ngolla Sheshebazare*+ kgosana ya Juda palo ya tsona.  Jwale ena ke palo ya tsona: Dinkgo tsa kgauta tse 30, dinkgo tsa silevera tse 1 000, dijana tse ding tse 29, 10  dikotlolo tse 30 tse nyenyane tsa kgauta, dikotlolo tse 410 tse nyenyane tsa silevera, dintho tse ding tse 1 000 tse neng di sebediswa. 11  Dintho tsohle tsa kgauta le tsa silevera tse neng di sebediswa di ne di le 5 400. Sheshebazare o ile a tlisa dintho tsena tsohle ha batlamuwa ba lokollwa botlamuweng+ Babilona hore ba ye Jerusalema.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “ya leng Jerusalema.”
Ka Seheberu: “ba matlafatsa matsoho a bona ka.”
Mohlomong ke Zorobabele eo ho buuwang ka yena ho Esd 2:2; 3:8.