Esdrase 10:1-44

  • Selekane sa ho leleka basadi ba baditjhaba (1-14)

  • Basadi ba baditjhaba ba a lelekwa (15-44)

10  Ha Esdrase a ntse a rapela+ mme a bolela dibe tsa setjhaba sa habo, a bile a lla mme a kgumame ka pela ntlo ya Modimo wa nnete, sehlopha se seholo sa Iseraele sa banna, basadi le bana sa mo bokanela mme batho ba lla haholo.  Jwale Shekania mora wa Jehiele+ wa bara ba Elame+ a re ho Esdrase: “Ha re a tshepahalla Modimo wa rona ka hore ebe re nyetse* basadi bao eseng Baiseraele ba tswang ditjhabeng tse re potolohileng.+ Le ha ho le jwalo, ho ntse ho ena le tshepo bakeng sa Iseraele.  A re etseng selekane le Modimo+ wa rona, sa ho leleka basadi bohle le bana ba bona ho ya ka taelo ya Jehova le ya batho bohle ba hlomphang* taelo ya Modimo wa rona.+ A re lateleng Molao.  Ema hobane taba ena ke boikarabelo ba hao mme re na le wena. Eba matla mme o etse seo o lokelang ho se etsa.”  Yaba Esdrase o a ema mme o etsa hore baokamedi ba baprista, Balevi le Baiseraele bohle ba ikane hore ba tla etsa ho ya ka se boletsweng.+ Ka hoo ba ikana.  Jwale Esdrase a ema yaba o tloha ka pela ntlo ya Modimo wa nnete, a ya holong* ya Johanane mora wa Eliashibe. Le hoja a ile a ya moo, ha a ka a ja dijo kapa hona ho nwa metsi hobane o ne a utlwile bohloko ka lebaka la ho se tshepahale ha batho ba tswang botlamuweng.+  Ba phatlalatsa motseng wohle wa Juda le Jerusalema hore batho bohle ba neng ba tswa botlamuweng ba lokela ho kopana Jerusalema  ho ya ka qeto ya dikgosana le baholo. Mang kapa mang ya tla tla ka mora matsatsi a mararo, o tla nkelwa* dintho tsohle tsa hae mme a lelekwe phuthehong ya batho ba tswang botlamuweng.+  Ka hoo, banna bohle ba leloko la Juda le la Benjamine ba kopana Jerusalema pele ho feta matsatsi a mararo, ka letsatsi la bo20 kgweding ya borobong. Batho bohle ba ne ba dutse lebaleng la ntlo ya Modimo wa nnete, ba thothomela ka lebaka la taba ena le ka lebaka la dipula tse matla. 10  Yaba moprista Esdrase o a ema mme o re ho bona: “Ha le a tshepahalla Modimo ka ho nyala basadi bao eseng Baiseraele+ mme le ekeditse diphoso tsa Iseraele. 11  Bolellang Jehova Modimo wa baholoholo ba lona dibe tsa lona mme le etse thato ya hae. Ikaroleng ho batho ba dinaha tse ding le ho basadi bana bao eseng Baiseraele.”+ 12  Yaba phutheho yohle e araba ka lentswe le phahameng e re: “Re tla etsa sohle seo o reng re se etse. 13  Le ha ho le jwalo, ho na le batho ba bangata ebile ke nako ya dipula. Re ke ke ra kgona ho ema ka ntle hape taba ena e ke ke ya nka letsatsi le le leng kapa a mabedi feela hobane re foseditse Modimo haholo. 14  Ka hoo, re kopa hore dikgosana tsa rona di emele phutheho yohle+ mme bohle ba metseng ya rona ba nyetseng basadi bao eseng Baiseraele ba tle ka nako eo ba e behetsweng. Ba tle le baholo le baahlodi ba motse o mong le o mong ho fihlela Modimo wa rona a se a kgaoditse ho re halefela ka taba ena.” 15  Le ha ho le jwalo, Jonathane mora wa Asahele le Jazeia mora wa Tikva ha ba a ka ba dumellana le taba ena. Balevi e leng Meshulame le Shabthai+ le bona ha ba a ka ba dumellana le yona. 16  Empa ba neng ba tswa botlamuweng ba etsa seo ho neng ho dumellanwe ka sona. Yaba moprista Esdrase le dihlooho tsa malapa e leng bohle ba neng ba bitsitswe ka mabitso, ba hlophisa ho kopana e le bona feela ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome hore ba hlahlobe taba ena. 17  Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba ile ba qeta ho rarolla mathata a banna bohle ba neng ba nyalane le basadi bao eseng Baiseraele. 18  Ho ile ha fumanwa hore ba bang ba bara ba baprista ba ne ba nyalane le basadi bao eseng Baiseraele.+ Ho bara ba Jeshua+ mora wa Jozadake le bana babo e ne e le Maseia, Eliezere, Jaribe le Gedalia. 19  Empa ba ile ba tshepisa* hore ba tla leleka basadi ba bona mme ka ha ba ne ba le molato, ba ne ba tla fana ka ramo e tswang mohlapeng bakeng sa phoso ya bona.+ 20  Ho bara ba Imere,+ e ne e le Hanani le Zebadia. 21  Ho bara ba Harime+ e le Maseia, Elia, Shemaia, Jehiele le Uzia. 22  Ho bara ba Pashkure+ e le Elioenai, Maseia, Ishmaele, Nethaniele, Jozabade le Eleasa. 23  Ho Balevi e ne e le Jozabade, Shimei, Kelaia (e leng Kelita), Pethahia, Juda le Eliezere. 24  Ho dibini e le Eliashibe mme ho balebedi ba dikeiti e le Shalume, Teleme le Uri. 25  Ho Iseraele, ho bara ba Paroshe+ e ne e le Ramia, Izia, Malkija, Mijamine, Eleazare, Malkija le Benaia. 26  Ho bara ba Elame+ e le Matania, Zakaria, Jehiele,+ Abdi, Jeremothe le Elia. 27  Ho bara ba Zatu+ e le Elioenai, Eliashibe, Matania, Jeremothe, Zabade le Aziza. 28  Ho bara ba Bebai+ e le Johanane, Hanania, Zabai le Athlai. 29  Ho bara ba Bani e le Meshulame, Maluke, Adaia, Jashube, Sheale le Jeremothe. 30  Ho bara ba Pahathe-moabe+ e le Adna, Kelale, Benaia, Maseia, Matania, Bezalele, Binui le Manase. 31  Ho bara ba Harime+ e le Eliezere, Ishija, Malkija,+ Shemaia, Shimeone, 32  Benjamine, Maluke le Shemaria. 33  Ho bara ba Hashume+ e le Matenai, Matata, Zabade, Elifelete, Jeremai, Manase le Shimei. 34  Ho bara ba Bani e le Maadai, Amrame, Uele, 35  Benaia, Bedeia, Keluhi, 36  Vania, Meremothe, Eliashibe, 37  Matania, Matenai le Jasu. 38  Ho bara ba Binui e le Shimei, 39  Shelemia, Nathane, Adaia, 40  Maknadebai, Shashai, Sharai, 41  Azarele, Shelemia, Shemaria, 42  Shalume, Amaria le Josefa 43  mme ho bara ba Nebo e le Jeiele, Matithia, Zabade, Zebina, Jadai, Joele le Benaia. 44  Banna bana bohle ba ne ba nyalane le basadi bao eseng Baiseraele+ mme ba ile ba leleka basadi ba bona ha mmoho le bana ba bona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ka ho kenya basadi bao eseng Baiseraele ka matlung a rona.”
Ka Seheberu: “bohle ba neng ba thothomella.”
Kapa: “holong ya ho jela.”
Kapa: “thibelwa ho sebedisa.”
Ka Seheberu: “ba ile ba fana ka matsoho a bona.”