Esdrase 3:1-13

  • Aletare e hahwa botjha mme ho etswa mahlabelo (1-6)

  • Mosebetsi wa ho haha tempele o a qala (7-9)

  • Motheo wa tempele o a etswa (10-13)

3  Ha kgwedi ya bosupa+ e qala mme Baiseraele* ba le metseng ya bona, ba bokana ha mmoho Jerusalema.  Jeshua+ mora wa Jozadake, bapristammoho le yena, Zorobabele+ mora wa Shalatiele+ le bana babo ba ema mme ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele e le hore ba tle ba nyehele mahlabelo a setjheso hodima yona jwalo ka ha ho ngotswe Molaong wa Moshe+ mohlanka wa Modimo wa nnete.  Le hoja ba ne ba tshaba batho ba dinaha tse ba potolohileng,+ ba ile ba haha aletare ka thata setsheng sa yona sa pele mme ba qala ho nyehela ho Jehova mahlabelo a setjheso hodima yona, mahlabelo a setjheso a hoseng le a mantsiboya.+  Jwale ba tshwara Mokete wa Maphephe* ho ya ka se ngotsweng+ mme letsatsi le letsatsi ba ne ba fana ka palo e behilweng ya mahlabelo a setjheso a neng a hlokeha letsatsi le letsatsi.+  Ka mora moo, ba fana ka nyehelo ya setjheso ya ka mehla+ le dinyehelo tsa ha kgwedi e qala+ le tsa mekete yohle e halaleditsweng+ ya Jehova ha mmoho le tse tswang ho e mong le e mong ya ileng a nyehela ka ho rata+ ho Jehova.  Ba qala ho nyehela mahlabelo a setjheso ho Jehova ho tloha ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa+ le hoja motheo wa tempele ya Jehova o ne o eso etswe.  Ba ile ba fa batho ba betlang majwe+ le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho+ tjhelete mme ba fa Basidone le Batire dijo, dino le oli hobane ba tlisitse difate tsa kedare tse tswang Lebanone ba di isa Jopa+ ba di tsamaisa ka lewatle ba di tlamme, ho ya ka tumello eo ba e filweng ke Morena Saeruse wa Persia.+  Ka kgwedi ya bobedi selemong sa bobedi ka mora hore ba tle ntlong ya Modimo wa nnete Jerusalema, Zorobabele mora wa Shalatiele, Jeshua mora wa Jozadake le bana ba bo bona ba bang kaofela, baprista, Balevi le bohle ba neng ba tlile Jerusalema ba tswa botlamuweng,+ ba qala mosebetsi wa ho haha. Ba ile ba kgetha Balevi ba dilemo di 20 ho ya hodimo hore e be baokamedi ba mosebetsi wa ntlo ya Jehova.  Jwale Jeshua le bara ba hae le bana babo le Kadmiele le bara ba hae e leng bara ba Juda ha mmoho le bara ba Henadade,+ bara ba bona le bana ba bo bona bao le bona e neng e le Balevi, ba sebetsa mmoho hore ba okamele batho ba etsang mosebetsi ka tlung ya Modimo wa nnete. 10  Ka mora hore dihahi di etse motheo wa tempele ya Jehova,+ baprista ba ema ba apere diaparo tsa mosebetsi, bona le Balevi ba tshwere diterompeta,+ bara ba Asafe ba tshwere disimbala mme ba rorisa Jehova ho ya ka taelo ya Morena Davida wa Iseraele.+ 11  Yaba sehlopha se seng se qala ho bina,+ se seng sa arabela pina. Sa rorisa le ho leboha Jehova sa re: “O molemo, lerato* la hae ho Iseraele ha le fele le ka mohla.”+ Yaba batho bohle ba rorisa Jehova ka mantswe a phahameng hobane motheo wa ntlo ya Jehova o ne o entswe. 12  Baprista ba bangata, Balevi le dihlooho tsa malapa a habo ntate ba bona, bao e neng e le banna ba baholo ba boneng ntlo ya pele,+ ba lla haholo ha ba bona motheo wa ntlo ena o etswa, ha ba bang ba bangata ba hweleditse ka thabo ka mantswe a phahameng.+ 13  Ka hoo, batho ba ne ba sa kgone ho utlwa phapang pakeng tsa modumo wa batho ba thabileng le modumo wa batho ba llang hobane batho ba ne ba hweleditse haholo hoo modumo wa bona o neng o utluwa hole haholo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.