Esdrase 4:1-24

  • Ba a hanyetswa ha ba ntse ba haha tempele (1-6)

  • Dira di romela Morena Artaseksese lengolo (7-16)

  • Artaseksese o a araba (17-22)

  • Mosebetsi wa ho haha tempele o a emiswa (23, 24)

4  Ha dira tsa Juda le Benjamine+ di utlwa hore batho ba kgutlileng botlamuweng+ ba hahela Jehova Modimo wa Iseraele tempele,  hanghang tsa atamela Zorobabele le dihlooho tsa malapa tsa re ho tsona: “Ereng re hahe le lona etswe le rona re rapela* Modimo wa lona+ jwalo ka lona mme haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha matsatsing a Morena Esare-hadone+ wa Asiria ya re tlisitseng mona.”+  Le ha ho le jwalo, Zorobabele le Jeshua le ba bang kaofela bao e leng dihlooho tsa malapa a Iseraele tsa re ho tsona: “Ha le na tokelo ya ho sebetsa le rona ho hahela Modimo wa rona ntlo+ etswe ke rona feela ba tla hahela Jehova Modimo wa Iseraele ntlo feela jwalo ka ha Morena Saeruse morena wa Persia a re laetse.”+  Yaba batho ba naha ba tswela pele ho nyahamisa* batho ba Juda le ho ba kgathatsa matla hore ba se ke ba haha.+  Ba hira baeletsi hore ba senye merero ya Bajuda+ nakong yohle ya puso ya Morena Saeruse wa Persia ho fihlela ho busa Morena Dariuse+ wa Persia.  Ha Asueruse a qala ho busa, ba ngola qoso kgahlanong le baahi ba Juda le Jerusalema.  Hape matsatsing a Morena Artaseksese wa Persia, Bishlame, Mithredathe, Tabiele le metswalle ya hae e meng kaofela ba ile ba ngolla morena Artaseksese, ba fetolela lengolo leo ka Searame,+ ba le ngola ka ditlhaku tsa Searame.*  * Rehume molaodi ya ka sehloohong pusong le mongodi Shimshai, ba ngolla Morena Artaseksese lengolo kgahlanong le Jerusalema le reng:  (Lengolo leo le ne le tswa ho Rehume molaodi ya ka sehloohong pusong le mongodi Shimshai le metswalle ya bona e meng kaofela ya baahlodi, matona a tlasana, bangodi, batho ba Ereke,+ Bababilona le baahi ba Susa+ e leng Baelame,+ 10  le ditjhaba tse ding kaofela tseo Asnapare e moholo, ya hlomphehang a ileng a di isa botlamuweng mme a di beha metseng ya Samaria+ le tse ding kaofela tse sebakeng se ka Nqane ho Noka.* 11  Lena ke lengolo le kopiditsweng leo ba ileng ba mo romella lona.) “Ho Morena Artaseksese, ho tswa ho bahlanka ba hao, banna ba sebaka se ka Nqane ho Noka: Jwale 12  morena o ke o tsebe hore Bajuda ba tswang ho wena, ba tlileng mona ho rona, ba se ba fihlile Jerusalema. Ba haha botjha motse o tletseng borabele le o kgopo mme ba qetella ho haha marako+ le ho lokisa metheo. 13  Jwale morena o ke o tsebe hore haeba motse ona o ka hahwa botjha mme marako a wona a ka qetwa, ba ke ke ba patala lekgetho ho hang+ kapa tefello ya ho sebedisa tsela mme seo se tla etsa hore tjhelete e yang polokelong ya matlotlo a hao e fokotsehe. 14  Ka ha re ja letswai la ntlo ya hao morena* ebile ha re a tshwanela ho bona o senyehelwa, ke ka lebaka lena re o tsebisang ka sena 15  e le hore ho ka batlisiswa bukeng ya ditlaleho tsa baholoholo ba hao.+ O tla fumana ka bukeng ya ditlaleho hore motse ona ke motse o tletseng borabele, o kotsi ho marena le diprofinse* mme ka hara wona haesale ho ena le ba kgothaletsang ba bang ho fetohela mmuso ho tloha mehleng ya kgale. Ke ka lebaka lena motse ona o ileng wa fediswa.+ 16  Morena, tseba hore haeba motse ona o ka hahwa botjha mme marako a wona a qetwa, o tla lahlehelwa ke metse yohle e ka Nqane ho Noka.”+ 17  Morena a romela karabo ho Rehume molaodi ya ka sehloohong pusong le ho mongodi Shimshai le metswalle ya bona e meng kaofela e neng e dula Samaria le batho ba bang kaofela ba sebakeng se ka Nqane ho Noka: “Dumelang! 18  Tokomane ya molao eo le re romeletseng yona e badilwe* ka ho hlaka ka pela ka. 19  Ke laetse hore ho batlisiswe mme ho ile ha fumanwa hore ho tloha mehleng ya kgale motse oo haesale o tsohela marena matla o bile o fetohela puso.+ 20  Ho ne ho ena le marena a matla Jerusalema a neng a busa sebaka sohle se ka Nqane ho Noka mme a ne a patalwa lekgetho le tefello ya ho sebedisa tsela. 21  Jwale, laelang banna bana hore ba emise mosebetsi e le hore motse o se ke wa hahwa botjha ho fihlela ke fana ka taelo. 22  Hlokomelang hore le se ke la nka taelo ena habobebe e le hore morena a se ke a senyehelwa ho ya pele.”+ 23  Ka mora hore tokomane e kopiditsweng ya molao ya Morena Artaseksese e balwe ka pela Rehume le mongodi Shimshai le metswalle ya bona, ba ya Jerusalema ho Bajuda ka potlako mme ba ba qobella hore ba emise. 24  Jwale mosebetsi wa ntlo ya Modimo e neng e le Jerusalema wa emisa ka nako eo. O ile wa emisa ho fihlela selemong sa bobedi sa puso ya Morena Dariuse wa Persia.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “re batla.”
Ka Seheberu: “fokodisa matsoho a.”
Kapa mohlomong: “e ne e ngotswe ka Searame yaba e a fetolelwa.”
Qalong Esd 4:8 ho ya ho 6:8 e ne e ngotswe ka Searame.
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Kapa: “re fumana moputso wa rona ntlong ya morena.”
Kapa: “ditereke.”
Kapa mohlomong: “e ile ya fetolelwa yaba e a balwa.”