Esdrase 5:1-17

  • Bajuda ba haha tempele hape (1-5)

  • Tatenai o ngolla Morena Dariuse lengolo (6-17)

5  Jwale moprofeta Hagai+ le moprofeta Zakaria+ setloholo sa Ido+ ba profetela Bajuda ba neng ba le Juda le Jerusalema. Ba ba profetela ka lebitso la Modimo wa Iseraele ya neng a ba okametse.  Ke ka nako eo Zorobabele+ mora wa Shalatiele le Jeshua+ mora wa Jozadake ba ileng ba qala ho haha botjha ntlo ya Modimo+ e neng e le Jerusalema mme baprofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba tshehetsa.+  Ka nako eo, Tatenai letona la sebaka se ka Nqane ho Noka* le Shethare-boznai le metswalle ya bona ba tla ho bona mme ba re: “Ke mang ya le fileng taelo ya ho haha ntlo ee le ho qetela mohaho oo?”*  Ba boela ba re: “Mabitso a banna ba hahang mohaho oo ke bomang?”  Empa Modimo o ne a hlokometse* banna ba baholo ba Bajuda+ mme ha ba a ka ba thibelwa ho fihlela tlaleho e romelwa ho Dariuse mme tokomane ya molao e mabapi le taba ena e kgutliswa.  Ke lena lengolo le kopiditsweng leo Tatenai letona la sebaka se ka Nqane ho Noka le Shethare-boznai le metswalle ya hae e leng matona a tlasana a sebaka se ka Nqane ho Noka, ba ileng ba le romela ho Morena Dariuse.  Ba ile ba romela tlaleho ho yena mme ba ne ba ngotse tjena: “Ho Morena Dariuse: Kgotso yohle e be le wena!  Morena a ke a tsebe hore re ile ra ya profinseng* ya Juda ntlong ya Modimo e moholo. E ntse e hahuwa ka majwe a maholo mme mapolanka a ntse a kenngwa maboteng. Batho ba ntse ba etsa mosebetsi ona ka mafolofolo ebile o a atleha ka lebaka la boikitlaetso ba bona.  Jwale ra botsa banna ba baholo ba Bajuda ra re: ‘Ke mang ya le fileng taelo ya ho haha ntlo ee le ho qetela mohaho oo?’*+ 10  Re ile ra boela ra ba botsa mabitso a bona hore re tle re ngole mabitso a banna ba etellang pele mme re o tsebise bona. 11  Ba ile ba re araba ba re: ‘Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe mme re haha botjha ntlo e ileng ya hahuwa dilemo tse ngata tse fetileng, eo morena e moholo wa Iseraele a ileng a e haha a ba a e qeta.+ 12  Le ha ho le jwalo, bontate ba rona ba ile ba halefisa Modimo wa mahodimo+ yaba o nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare+ wa Babilona wa Mokalde, ya ileng a heletsa ntlo ena+ yaba o isa batho botlamuweng Babilona.+ 13  Le ha ho le jwalo, ka selemo sa pele sa Morena Saeruse wa Babilona, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo ya hore ntlo ena ya Modimo e hahwe botjha.+ 14  Ho ekelletsa moo, Morena Saeruse a ntsha dijana tsa kgauta le silevera tsa ntlo ya Modimo ka tempeleng ya Babilona tseo Nebukadnezare a ileng a di nka ka nkane tempeleng e Jerusalema mme a di tlisa tempeleng ya Babilona.+ Di ile tsa fuwa monna ya bitswang Sheshebazare*+ eo Saeruse a ileng a mo etsa letona.+ 15  Saeruse a re ho yena: “Nka dijana tsena. Tsamaya o di behe ka tempeleng e Jerusalema mme ntlo ya Modimo e ke e hahwe botjha moo e neng e le teng pele.”+ 16  Jwale Sheshebazare enwa a fihla mme a etsa metheo ya ntlo ya Modimo+ e Jerusalema mme haesale e ntse e hahuwa ho tloha nakong eo ho fihlela hona jwale empa e ntse e eso qetwe.’+ 17  Jwale haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, ho ke ho batlisiswe polokelong ya matlotlo a morena moo Babilona, ho bona hore na Morena Saeruse o ile a fana ka taelo ya hore ho hahuwe ntlo eo ya Modimo e Jerusalema botjha.+ Qeto ya morena mabapi le sena e romelwe ho rona.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Kapa: “dibalaka tsee.”
Ka Searame: “Leihlo la Modimo wa bona le ne le le hodima.”
Kapa: “seterekeng.”
Kapa: “dibalaka tsee.”
Mohlomong ke Zorobabele ya ho Esd 2:2; 3:8.