Esdrase 6:1-22

  • Dariuse o etsa dipatlisiso ebile o fana ka taelo (1-12)

  • Mosebetsi wa ho haha tempele o fedile ebile e a kgakolwa (13-18)

  • Ho ketekwa Paseka (19-22)

6  Ke nakong eo moo Morena Dariuse a ileng a fana ka taelo mme ha batlisiswa ditokomaneng tsa kgale* moo ho neng ho behwa matlotlo Babilona.  Ho ile ha fumanwa moqolo ntlong ya morena e Ekbatana, profinseng* ya Media mme ho wona ho ne ho ngotswe tlaleho e reng:  “Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo mabapi le ntlo ya Modimo e Jerusalema a re:+ ‘Ntlo e ke e hahwe botjha hore e be sebaka seo ho tla etsetswa mahlabelo ho sona mme e etsetswe metheo e tiileng. Bophahamo ba yona e be dimithara tse ka bang 27,* bophara ba yona e be dimithara tse ka bang 27+  mme mabota a yona a be le mela e meraro ya majwe a maholo le mola o le mong wa mapolanka.+ Ditshenyehelo di ke di patalwe ka tjhelete e tswang ntlong ya morena.+  Hape dijana tsa ntlo ya Modimo tsa kgauta le tsa silevera, tseo Nebukadnezare a ileng a di ntsha ka tempeleng e Jerusalema mme a di tlisa Babilona+ di ke di kgutliswe e le hore di ka behwa moo di dulang teng ka tempeleng e Jerusalema, di behwe ka tlung ya Modimo.’+  Jwale wena Tatenai letona la sebaka se ka Nqane ho Noka* le Shethare-boznai le metswalle ya lona ya matona a tlasana a sebaka se ka Nqane ho Noka,+ suthelang hole le moo.  Le se ke la sitisa mosebetsi o etswang ntlong eo ya Modimo. Letona la Bajuda le baholo ba Bajuda ba tla haha ntlo eo ya Modimo botjha moo e neng e le teng pele.  Ho feta moo, ke fana ka taelo ya seo le lokelang ho se etsetsa baholo bana ba Bajuda e le hore ho hahwe ntlo eo ya Modimo botjha: Ba lokela ho fuwa tjhelete ya ditshenyehelo e tswang polokelong ya matlotlo a boreneng+ ya lekgetho le tswang sebakeng se ka Nqane ho Noka e le hore ba tswele pele ba sa sitiswe ke letho.+  Ba lokela ho fuwa dintho tsohle tseo ba di hlokang letsatsi le letsatsi ebang ke dipohwana,+ diramo,+ dikonyana+ bakeng sa mahlabelo a setjheso a etsetswang Modimo wa mahodimo, koro,+ letswai,+ veine+ le oli+ feela jwalo ka ha baprista ba leng Jerusalema ba bolela 10  e le hore ba ka tswela pele ho fana ka dintho tse kgahlisang Modimo wa mahodimo mme ba rapelle hore morena le bara ba hae ba phele nako e telele.+ 11  Ebile ke laetse hore haeba motho le ha e le ofe a tlola taelo ena, a faseletswe palong* e ntshitsweng ntlong ya hae mme ntlo ya hae e fetolwe ntlwana ya setjhaba.* 12  E se eka Modimo ya entseng hore lebitso la hae le dule moo,+ a ka fedisa batho le morena le ha e le ofe ya tlolang taelo ena le ho senya ntlo eo ya Modimo e Jerusalema. Nna, Dariuse ke fana ka taelo ena. E ke e latelwe ka potlako.” 13  Jwale Tatenai letona la sebaka se ka Nqane ho Noka le Shethare-boznai+ le metswalle ya bona, ba etsa sohle seo Morena Dariuse a neng a se laetse, ba etsa jwalo ka potlako. 14  Baholo ba Bajuda ba tswela pele ka ho haha mme ba atleha,+ ba ne ba kgothaditswe ke boprofeta ba moprofeta Hagai+ le Zakaria+ setloholo sa Ido. Ba ile ba qeta ho e haha ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele+ le ka taelo ya Saeruse,+ Dariuse+ le Morena Artaseksese+ wa Persia. 15  Ba qeta ntlo ka letsatsi la boraro la kgwedi ya Adare,* ka selemo sa botshelela sa puso ya Morena Dariuse. 16  Yaba Baiseraele, baprista, Balevi+ le ba bang kaofela ba tswang botlamuweng ba kgakola ntlo ena ya Modimo ba thabile. 17  Hape ha ho kgakolwa ntlo ena ya Modimo, ba etsa mahlabelo ka dipoho tse 100, diramo tse 200 le dikonyana tse 400 mme ba etsa mahlabelo a sebe ka diphooko* tse 12 bakeng sa Baiseraele bohle ho ya ka palo ya meloko ya Iseraele.+ 18  Ba beha baprista dihlopheng tsa bona le Balevi dihlopheng tsa bona bakeng sa tshebeletso ya Modimo Jerusalema,+ ho ya ka se ngotsweng bukeng ya Moshe.+ 19  Batho ba tswang botlamuweng ba ile ba keteka Paseka ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya pele.+ 20  Baprista le Balevi kaofela ba ne ba itlhwekisitse+ mme kaofela ba ne ba hlwekile. Ba ile ba hlaba phoofolo ya sehlabelo sa Paseka bakeng sa bohle ba tswang botlamuweng, bakeng sa bapristammoho le bona le bakeng sa bona. 21  Jwale Baiseraele ba neng ba kgutlile botlamuweng ba e ja ha mmoho le bohle ba neng ba ena le bona mme ba tlohetse mekgwa e sa hlwekang ya ditjhaba tsa naha e le hore ba rapele* Jehova Modimo wa Iseraele.+ 22  Hape ba ile ba keteka Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka matsatsi a supileng ba thabile etswe Jehova o ne a entse hore ba thabe le hore morena wa Asiria a ba rate+ hoo a ileng a ba tshehetsa* mosebetsing wa ntlo ya Modimo wa nnete, Modimo wa Iseraele.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Searame: “ntlong ya ditlaleho.”
Kapa: “seterekeng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 60.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Kapa mohlomong: “moo ho lahlelwang matlakala kapa qubu ya bolokwe.”
Kapa: “mme a kgokgothelwe ho yona.”
Kapa: “dipodi tse tona.”
Ka Seheberu: “ba batle.”
Ka Seheberu: “a matlafatsa matsoho a bona.”