Esdrase 8:1-36

  • Palo ya batho ba kgutlileng le Esdrase (1-14)

  • Ditlhophiso tsa ho tsamaya (15-30)

  • Ba tloha Babilona mme ba fihla Jerusalema (31-36)

8  Jwale bana e ne e le dihlooho tsa malapa le ba ngodisitsweng ka maloko ba ileng ba nyoloha le nna ho tswa Babilona nakong ya puso ya Morena Artaseksese:+  Ho bara ba Finease+ e ne e le Gershome, ho bara ba Ithamare+ e le Daniele, ho bara ba Davida e le Hatushe,  ho bara ba Shekania, ho bara ba Paroshe e le Zakaria mme o ne a ena le ba ngodisitsweng ba batona ba 150.  Ho bara ba Pahathe-moabe+ e le Elieho-enai mora wa Zerahia mme o ne a ena le ba batona ba 200,  ho bara ba Zatu+ e le Shekania mora wa Jahaziele mme o ne a ena le ba batona ba 300,  ho bara ba Adine+ e le Ebede mora wa Jonathane mme o ne a ena le ba batona ba 50,  ho bara ba Elame+ e le Jeshaia mora wa Athalia mme o ne a ena le ba batona ba 70,  ho bara ba Shefatia+ e le Zebadia mora wa Mikaele mme o ne a ena le ba batona ba 80,  ho bara ba Joabe e le Obadia mora wa Jehiele mme o ne a ena le ba batona ba 218, 10  ho bara ba Bani e le Shelomithe mora wa Josifia mme o ne a ena le ba batona ba 160, 11  ho bara ba Bebai+ e le Zakaria mora wa Bebai mme o ne a ena le ba batona ba 28, 12  ho bara ba Azgade+ e le Johanane mora wa Hakatane mme o ne a ena le ba batona ba 110, 13  ho bara ba Adonikame,+ bao e neng e le ba ho qetela, e ne e le Elifelete, Jeiele le Shemaia mme ba ne ba ena le ba batona ba 60, 14  ho bara ba Bigvai+ e le Uthai le Zabbude mme ba ne ba ena le ba batona ba 70. 15  Ka ba bokella nokeng e yang Ahava,+ ra dula ditenteng moo ka matsatsi a mararo. Empa ha ke hlahloba batho le baprista ka fumana ho se le ya mong wa Balevi moo. 16  Ka hoo, ka romeletsa hore ho bitswe Eliezere, Ariele, Shemaia, Elnathane, Jaribe, Elnathane, Nathane, Zakaria le Meshulame bao e neng e le banna ba etellang pele le hore ho bitswe Jojaribe le Elnathane bao e neng e le barupedi. 17  Jwale ka ba laela hore ba ye ho Ido moetapele wa sebaka se bitswang Kasifia. Ke ile ka re ba bolelle Ido le bana babo, basebeletsi ba tempeleng* ba neng ba le Kasifia hore ba re tlisetse basebeletsi bakeng sa ntlo ya Modimo wa rona. 18  Ka ha Modimo wa rona ya molemo o ne a ena le rona, ba tlisa monna ya bohlale ho tswa ho bara ba Maheli+ setloholo sa Levi mora wa Iseraele e leng Sherebia+ le bara ba hae le bana babo mme e ne e le banna ba 18 19  le Hashabia mme o ne a ena le Jeshaia ya tswang ho Bamerari+ le bana babo le bara ba bona, e le banna ba 20. 20  Ho ne ho ena le basebeletsi ba tempeleng* ba 220 bao Davida le dikgosana ba neng ba fane ka bona hore ba sebeletse Balevi mme mabitso a bona kaofela a ne a ngotswe bukeng. 21  Ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo moo nokeng ya Ahava hore re ikokobetse ka pela Modimo wa rona le ho kopa hore a re tataise leetong la rona le hore a re sireletse le bana ba rona ha mmoho le thepa yohle ya rona. 22  Ke ile ka swabela ho kopa morena hore a mphe masole le bapalami ba dipere hore ba re sireletse kgahlanong le dira tseleng hobane re ne re itse ho morena: “Modimo wa rona o na le bohle ba mo batlang*+ empa bohle ba mo furallang o ba halefela ka matla.”+ 23  Ka hoo, ra itima dijo yaba re kopa Modimo ka tiyo hore a re thuse mabapi le taba ena mme o ile a re mamela.+ 24  Jwale ka kgetha baokamedi ba baprista ba 12 e leng Sherebia le Hashabia+ ha mmoho le bana ba bo bona ba leshome. 25  Yaba ke ba bekgela silevera le kgauta ha mmoho le dintho tse sebediswang tempeleng e leng nyehelo eo morena, baeletsi ba hae, dikgosana tsa hae le Baiseraele bohle ba neng ba le moo ba ileng ba fana ka yona ntlong ya Modimo wa rona.+ 26  Ka mora ho di bekga ka ba fa silevera e ka etsang boima ba dikhilokramo tse 22 230,* dintho tse sebediswang tempeleng tsa silevera tse 100 tse ka rekwang ka boima ba dikhilokramo tse ka bang 68,* kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 3 420,* 27  dikotlolo tse nyenyane tsa kgauta tse 20 tse ka rekwang ka didarike* tse 1 000 le disebediswa tse pedi tsa koporo e ntle, e bofubedu bo benyang le e bohlokwa jwalo ka kgauta. 28  Ka re ho bona: “Le a halalela ho Jehova+ le dintho tse sebediswang tempeleng di a halalela mme silevera le kgauta ke dintho tse fanweng ka ho rata ho Jehova Modimo wa baholoholo ba lona. 29  Le di hlokomele ho fihlela le di bekga sekaleng Jerusalema ka pela baokamedi ba baprista, Balevi le dikgosana tsa malapa a Iseraele+ ka diholong* tsa ntlo ya Jehova.” 30  Baprista le Balevi ba nka silevera le kgauta le dintho tse sebediswang tempeleng tseo ba neng ba di bekgetswe e le hore ba di tlise Jerusalema ntlong ya Modimo wa rona. 31  Qetellong ra tloha nokeng ya Ahava+ ka letsatsi la bo12 la kgwedi ya pele+ ra ya Jerusalema. Modimo wa rona o ne a ena le rona mme a re lopolla letsohong la sera le ho ba re laletseng tseleng hore ba re ntshe kotsi. 32  Ka hoo, ra fihla Jerusalema+ mme ra dula moo matsatsi a mararo. 33  Ka letsatsi la bone, ra bekga silevera le kgauta ha mmoho le dintho tse sebediswang ka tlung ya Modimo wa rona.+ Re ile ra di fa Meremothe+ mora wa moprista Uria. O ne a ena le Eleazare mora wa Finease ha mmoho le Balevi e leng Jozabade+ mora wa Jeshua le Noadia mora wa Binui.+ 34  Ntho e nngwe le e nngwe e ile ya balwa le ho bekgwa sekaleng mme boima bohle bo ile ba ngolwa fatshe. 35  Ba tswang botlamuweng ba ile ba fa Modimo wa Iseraele mahlabelo a setjheso e leng dipoho tse 12+ bakeng sa Baiseraele bohle, diramo tse 96+ le dikonyana tse tona tse 77 mme diphooko* tse 12+ e le nyehelo ya sebe. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso ho Jehova.+ 36  Jwale ra fa matona a ka sehloohong* a diprofinse a morena+ le matona a sebaka se ka Nqane ho Noka*+ ditaelo tsa morena yaba a thusa batho mme a fana ka se hlokahalang bakeng sa ntlo ya Modimo wa nnete.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “Letsoho la Modimo wa rona le hodima bohle ba mo batlang.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse pedi.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 650.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Darike ke tjhelete ya tshepe ya kgauta ya Persia. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “diholong tsa ho jela.”
Kapa: “dipodi tse tona.”
Tlotla ena e bolela “batho ba sireletsang mmuso,” mona e sebedisitswe ho matona a diprofinse tse Pusong ya Persia.
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”