Esdrase 9:1-15

  • Baiseraele ba nyala baditjhaba (1-4)

  • Thapelo ya Esdrase (5-15)

9  Hang ha dintho tsena di se di entswe, dikgosana tsa tla ho nna tsa re: “Batho ba Iseraele le baprista le Balevi ha ba a ikarola ho ditjhaba tsa dinaha tsena le ho mekgwa ya tsona e nyonyehang+ e leng ya Bakanana, Bahethe, Bapereze, Bajebuse, Baamone, Bamoabe, Baegepeta+ le Baamore.+  Ba nkile ba bang ba baradi ba bona hore e be basadi ba bona mme ba ba nkela le bara ba bona.+ Jwale bona e leng ditloholo* tse halalelang,+ ba tswakane le batho ba dinaha tsena.+ Dikgosana le batlatsi ba babusi ke bona ba tlolang molao le ba sa tshepahaleng ho feta batho ba bang kaofela.”  Hang ha ke utlwa taba ena, ka tabola diaparo tsa ka yaba ke hlotha moriri o mong wa hlooho ya ka le ditedu mme ka dula fatshe ke tshohile.  Ha ke ntse ke dutse ke tshohile ho fihlela mantsiboya ha ho etswa nyehelo ya dijo,*+ batho bohle ba hlomphang* mantswe a Modimo wa Iseraele ba bokana pela ka hobane ba ne ba tshwenngwa ke dibe tsa batho ba isitsweng botlamuweng.  Mantsiboya ha ho etswa nyehelo ya dijo,*+ ka phahama moo ke neng ke dutse teng ke utlwile bohloko, ke apere diaparo tsa ka tse tabohileng yaba ke kgumama ka mangole mme ke otlollela matsoho a ka ho Jehova Modimo wa ka.  Ka re: “Modimo wa ka, ke ikutlwa ke hlajwa ke dihlong ebile ke swabela le ho o rapela hobane diphoso tsa rona di ngata haholo mme melato ya rona e fihla mahodimong.+  Ho tloha matsatsing a baholoholo ba rona ho fihlela letsatsing lena re entse diphoso tse ngata+ mme ka ha re o foseditse, ho fanwe ka rona le marena a rona le baprista ba rona matsohong a marena a dinaha hore ba re bolaye ka sabole,+ ba re ise botlamuweng,+ ba re utswetse+ le hore ba re tlotlolle feela jwalo ka letsatsing lena.+  Empa hona jwale Jehova Modimo wa rona o re qenehetse ka nakwana, ka ho dumella ba setseng hore ba phonyohe le ka ho re fa boemo bo sireletsehileng sebakeng sa hae se halalelang,+ ho etsa hore mahlo a rona a kganye Modimo wa rona le ho re imolla hanyenyane bokgobeng ba rona.  Le hoja re le makgoba,+ Modimo wa rona ha a re tlohela bokgobeng ba rona empa o re bontshitse lerato* la hae ka pela marena a Persia+ ho re imolla e le hore re ka haha ntlo ya Modimo wa rona botjha+ le ho lokisa dibaka tsa yona tse senyehileng, a ba a re sireletsa* Juda le Jerusalema. 10  Empa Modimo wa rona, re tla reng ka mora see? Hobane jwale ha re a mamela ditaelo tsa hao 11  tseo o re fileng tsona o sebedisa bahlanka ba hao ba baprofeta wa re: ‘Naha eo le kenang ho yona hore e be ya lona ke naha e ditshila hobane batho ba dulang ho yona ha ba a hlweka ka lebaka la mekgwa ya bona e nyonyehang. Ba tlatsitse naha eo ka ditshila tsa bona ho tloha moo e qalang ho fihlela moo e fellang teng.+ 12  Ka hoo, le se ke la dumella baradi ba lona hore ba nyalwe ke bara ba bona kapa la dumella bara ba lona hore ba nyale baradi ba bona+ mme le ka mohla le se ke la etsa ntho le ha e le efe e tla etsa hore ba be le kgotso kapa ba atlehe+ e le hore le tle le be matla mme le je dijo tse ntle tsa naha mme le fetisetse naha eo ho bara ba lona e le lefa la bona ka ho sa feleng.’ 13  Ka mora dintho tsohle tse re hlahetseng ka lebaka la diketso tsa rona tse mpe le dibe tsa rona tse ngata le ha wena Modimo wa rona o re file kotlo e nyenyane ho latela boholo ba diphoso tsa rona+ ebile o dumelletse rona ba mona hore re phonyohe,+ 14  na re tla tlola ditaelo tsa hao hape mme re nyallane le batho ba ditjhaba tse etsang dintho tsee tse nyonyehang?+ Na o ke ke wa re halefela hoo o tla re fedisa, o sa siye le ha e le motho a le mong kapa mophonyohi? 15  Jehova Modimo wa Iseraele, o lokile+ hobane ke rona bana re phonyohile ebile re ba setseng ho fihlela letsatsing lena. Ke rona bana ka pela hao re le molato etswe re hloleha ho ema ka pela hao ka lebaka la molato ona.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bohle ba neng ba thothomella.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a re fa lerako la majwe.”