Esthere 1:1-22

  • Morena Asueruse o etsa mokete Shushane (1-9)

  • Mofumahadi Vashti o hana ho mamela (10-12)

  • Morena o bua le banna ba bohlale (13-20)

  • Morena o ntsha taelo (21, 22)

1  Mehleng ya ha Asueruse* a ne a busa diprofinse tse 127+ ho tloha India ho ya Ethiopia,*  o ne a busa a le Shushane*+ ntlong ya hae ya borena.*  Selemong sa boraro sa puso ya hae a etsa mokete bakeng sa dikgosana tsohle tsa hae, bahlanka ba hae, masole a Persia+ le Media,+ marena le dikgosana tsa diprofinse tsa hae.  A ba bontsha maruo a mmuso wa hae o kganyang, tlhompho le botle ba botlotlehi ba hae ka matsatsi a mangata, matsatsi a 180.  Ka mora matsatsi ana, morena a etsa mokete wa matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba neng ba le Shushane ntlong ya morena, ho tloha ho barui ho ya tswa ho bafutsana. O ne o tshwaretswe ka jareteng ya ntlo ya morena.  Ho ne ho ena le dikgaretene tsa line tse tshweu, ho ena le tsa khothone ya boleng bo botle le tsa lesela le leputswa. Di ne di hakilwe diropong tse entsweng ka lesela la boleng bo botle le boya bo pherese tse faseleditsweng dihakising tsa silevera tse dipilareng tsa mmabole. Ho ne ho boetse ho ena le ditulo* tsa kgauta le silevera. Fatshe ho ne ho adilwe ka lejwe la pofiri, mmabole, perela le mmabole o motsho.  Ho ne ho nwellwa veine ka dikoping tsa kgauta. Dikopi e ne e le tsa mefutafuta mme veine ya borena e ne e le ngata ho ya ka bokgoni ba morena.  Ho ne ho nowa ho latela molao wa hore ho se ke ha eba le motho ya qobellwang* etswe morena o ne a hlophile le diofisiri tsa ntlo ya borena hore e mong le e mong a etse ka moo a ratang.  Mofumahadi Vashti+ le yena a etsetsa basadi mokete ka tlung ya borena ya Morena Asueruse. 10  Ka letsatsi la bosupa ha morena a thabisitswe ke ho nwa veine, a re Mehumane, Biztha, Harbona,+ Bigtha, Abagtha, Zethare le Karkase e leng diofisiri tse supileng tsa lekgotla tse neng di sebeletsa Morena Asueruse, 11  ba tlise Mofumahadi Vashti ho morena a rwetse tuku ya boreneng bakeng sa ho bontsha ditjhaba le dikgosana botle ba hae ka ha o ne a le motle haholo. 12  Empa Mofumahadi Vashti a nna a hana ho tla ha diofisiri tsa lekgotla di mo bolella taelo ya morena. Morena a halefa haholo, a tuka ke bohale. 13  Morena a bua le banna ba bohlale ba nang le boiphihlelo ditabeng tsa meetlo ya mehleng eo (etswe morena o ne a tlwaetse ho teka ditaba tsa hae ka pela bohle ba rutehileng haholo molaong le dinyeweng. 14  Ba neng ba le haufi haholo le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarshishe, Merese, Marsena le Memukane e leng dikgosana tse supileng+ tsa Persia le Media, tse neng di kgona ho tla ho morena le tse neng di le boemong bo ka hodimodimo mmusong). 15  Morena a re: “Ho ya ka molao, ho lokela ho etswang ka Mofumahadi Vashti ka ha ha a mamela taelo ya Morena Asueruse eo diofisiri tsa lekgotla di mo boleletseng yona?” 16  Memukane a bua ka pela morena le dikgosana a re: “Mofumahadi Vashti ha a fosetsa morena feela+ empa o foseditse le dikgosana tsohle le ditjhaba tsohle tse diprofinseng tsohle tsa Morena Asueruse. 17  Basadi bohle ba tla tseba ka ketso ena ya mofumahadi ebe ba tella banna ba bona ba re: ‘Esita le Mofumahadi Vashti ha a ka a mamela ha Morena Asueruse a mo laela hore a ye ho yena.’ 18  Hona kajeno dikgosatsana tsa Persia le Media tse tsebang hore na mofumahadi o entseng, di tla bua le dikgosana tsohle tsa morena ebe di a tellana le ho halefelana. 19  Haeba morena a dumela, a ke a fane ka taelo mme e ngolwe hara melao e ke keng ya fetolwa+ ya Persia le Media hore le ka mohla Vashti a se ke a tla ho Morena Asueruse. Morena a fane ka boemo ba hae ba bofumahadi ho mosadi ya molemo ho mo feta. 20  Ha batho ba utlwa taelo ya morena dibakeng tsohle tse tlasa puso ya hae, basadi bohle ba tla hlompha banna ba bona, ho sa tsotellehe hore na banna bao ba hlaheletse kapa ke batho feela.” 21  Keletso ena ya thabisa morena le dikgosana yaba morena o etsa ka moo Memukane a mo eleditseng ka teng. 22  Ka hoo, a romela mangolo diprofinseng tsohle+ tse tlasa puso ya hae, profinseng ka nngwe ka tsela eo ho ngolwang ka yona moo le ho setjhaba ka seng ka puo ya sona e le hore monna e mong le e mong e be hlooho lapeng la hae mme a bue ka puo ya habo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho dumelwa hore ke yena Xerxes I, mora wa Dariuse e Moholo e leng Dariuse Hystaspis.
Kapa: “Kushe.”
Kapa: “Susa.”
Kapa: “phaleising.”
E ne e le ditulo tse kang disofa.
Kapa: “ya thibelwang.”