Esthere 10:1-3

  • Mordekai o behwa boemong bo phahameng (1-3)

10  Morena Asueruse a laela batho ba dulang naheng le dihlekehlekeng tsa lewatle hore ba etse mosebetsi o boima.*  Mesebetsi yohle ya hae e meholo le dintho tseo a di fihletseng ha mmoho le ditaba tsa ka moo morena a ileng a beha Mordekai+ boemong bo phahameng ka teng,+ di ile tsa ngolwa bukeng ya histori+ ya marena a Media le Persia.+  Mordekai wa Mojuda o ne a hlahlama Morena Asueruse ka matla. E ne e le motho wa bohlokwa* a bile a hlomphuwa ke Bajuda, a sebeletsa boiketlo ba batho ba habo le hore bana bohle ba bona ba be le kgotso.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba etse mosebetsi o qobellwang.”
Kapa: “O ne a le moholo.”