Esthere 2:1-23

  • Letsholo la ho batla mofumahadi e motjha (1-14)

  • Esthere e ba mofumahadi (15-20)

  • Mordekai o senola morero o mobe (21-23)

2  Ka mora dintho tsena, ha kgalefo ya Morena Asueruse+ e kokobetse, a nahana ka seo Vashti a se entseng+ le qeto e entsweng ka yena.+  Ka hoo, bahlanka ba morena ba re: “Morena o lokela ho batlelwa barwetsana ba batle.  Hape morena a kgethe batho diprofinseng tsohle tse pusong ya hae+ mme ba tlise barwetsana bohle ba batle Shushane* ntlong ya morena,* ntlong ya basadi. Ba hlokomelwe ke Hegai+ leqhalaha* la morena e leng mohlokomedi wa basadi mme ba fuwe ditlolo tse etsang hore ba be batle.  Morwetsana ya kgahlang morena haholo e tla ba mofumahadi ho ena le Vashti.”+ Morena a rata tlhahiso ena yaba o etsa jwalo.  Ho ne ho ena le monna e mong wa Mojuda Shushane+ ntlong ya morena, eo lebitso la hae e neng e le Mordekai+ mora wa Jaire. E ne e le setloholo sa Shimei, mora wa Kishe Mobenjamine.+  O* ile a tloha Jerusalema e le e mong wa batho ba neng ba hapeletswe le Morena Jekonia*+ wa Juda ke Morena Nebukadnezare wa Babilona.  Mordekai o ile a hodisa Hadasa* e leng Esthere motswala wa hae+ ka ha Esthere o ne a se na mme le ntate. Morwetsana enwa o ne a le motle a bile a le seemo se setle. Ha mme le ntate wa hae ba hlokahala, Mordekai o ile a mo hodisa mme ya eba moradi wa hae.  Ka mora hore ho phatlalatswe taelo ya morena, barwetsana ba bangata ba iswa Shushane ntlong ya morena mme ba hlokomelwa ke Hegai.+ Esthere le yena a iswa ntlong ya morena mme a ba tlhokomelong ya Hegai mohlokomedi wa basadi.  Hegai a rata morwetsana enwa yaba ka potlako o lokisetsa hore a fuwe ditlolo tse etsang hore a be motle.+ A mo fa le dijo tse kgethehileng mme a laela barwetsana ba supileng ba kgethilweng ntlong ya morena hore ba sebeletse Esthere. Hegai a boela a isa Esthere le bahlokomedi ba hae sebakeng se setle haholo sa ntlo ya basadi. 10  Esthere o ne a eso re letho ka batho ba habo+ kapa beng ka yena hobane Mordekai+ o ne a mo laetse hore a se ke a bolella mang kapa mang.+ 11  Mordekai o ne a ye a tsamaye ka pela ntlo ya basadi lebaleng letsatsi le letsatsi hore a tsebe hore na Esthere o phela jwang le hore na ho ntse ho etsahalang ka yena. 12  Barwetsana ba ne ba lokela ho qeta dikgwedi tse 12 ba ntse ba etswa hore ba be batle. Dikgweding tsa pele tse tsheletseng, ba ne ba tlotswa ka oli ya mira+ ebe tse ding tse tsheletseng ba tlotswa ka oli ya balsame+ le dioli tse ding. E ne e le tsela eo barwetsana ba neng ba etswa botle ka yona. Ka mora moo, morwetsana ka mong o ne a fuwa nako ya ho ya ho Morena Asueruse. 13  Ka mora hore a etswe hore a be motle, o ne a ka ya ho morena. O ne a fuwa ntho e nngwe le e nngwe eo a e kopang ha a tloha ntlong ya basadi a ya ntlong ya morena. 14  O ne a kena mantsiboya ebe hoseng o kgutlela ntlong ya bobedi ya basadi* moo a hlokomelwang ke Shashagaze leqhalaha la morena,+ eo e leng mohlokomedi wa basadi ba direthe. O ne a ke ke a ya ho morena hape ntle le ha morena a ne a hlile a kgahlilwe ke yena mme a bitsitswe ka lebitso.+ 15  Esthere e ne e le moradi wa Abikaile ya neng a amana le Mordekai. Mordekai o ne a mo nkile jwalo ka moradi wa hae.+ Ha nako ya Esthere ya hore a ye ho morena e fihla, ha a ka a kopa letho haese dintho tseo Hegai leqhalaha la morena, mohlokomedi wa basadi a ileng a mo kgothaletsa ho di kopa. (Ka nako ena yohle Esthere o ne a ratwa ke bohle ba neng ba mo bona.) 16  Selemong sa bosupa+ sa puso ya Morena Asueruse, Esthere a iswa ntlong ya borena ka kgwedi ya leshome e leng kgwedi ya Tebethe.* 17  Morena a kgahlwa ke Esthere haholo ho feta basadi ba bang bohle mme a mo rata ho feta barwetsana ba bang. A mo rwesa tuku ya boreneng mme ya eba yena mofumahadi+ ho ena le Vashti.+ 18  Morena a etsa mokete o moholo bakeng sa dikgosana tsohle tsa hae le bahlanka ba hae. E ne e le mokete wa Esthere. Yaba morena o lokolla batho* diprofinseng le ho fana ka dimpho ho ya ka leruo la hae. 19  Jwale ha barwetsana+ ba iswa ka lekgetlo la bobedi, Mordekai o ne a dutse keiting ya morena. 20  Esthere ha a ka a re letho ka beng ka yena le batho ba habo+ feela jwalo ka ha Mordekai a ne a mo laetse. Esthere a nna a mamela Mordekai feela jwalo ka ho tloha kgolong ya hae.+ 21  Matsatsing ao ha Mordekai a dutse keiting ya morena, Bigthane le Tereshe e leng diofisiri tse pedi tsa lekgotla tsa morena ebile e le balebedi ba monyako, ba halefa mme ba rera ho bolaya Morena Asueruse. 22  Empa Mordekai a tseba ka morero ona mme kapelepele a bolella Mofumahadi Esthere. Yaba Esthere o bua le morena lebitsong la Mordekai. 23  Ka hoo, taba ena ya batlisiswa mme qetellong ha fumaneha hore ho fela ho le jwalo yaba banna bao ka bobedi ba fanyehwa palong. Taba ena ya tlalehwa bukeng ya ditaba tsa histori mme ya ngolwa morena a le teng.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Susa.”
Kapa: “phaleising.”
E ka ba Kishe kapa Mordekai.
Ya bitswang Jojakine ho 2Ma 24:8
Ke lebitso la Seheberu la Esthere. Le bolela semela sa “Mositsane.”
Ntlo eo ho neng ho dula basadi ba morena kapa direthe.
E ka nna yaba o ne a ba lokolla teronkong, bosoleng, dikolotong kapa ho tsona kaofela.