Esthere 3:1-15

  • Morena o nyollela Hamane maemo (1-4)

  • Hamane o rera ho bolaya Bajuda (5-15)

3  Ka mora moo, Morena Asueruse a nyollela Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage+ maemong a ka hodimo ho feta a dikgosana tsohle tse neng di ena le yena.+  Bahlanka bohle ba morena ba neng ba le keiting ya morena ba ne ba kgumama le ho inama ka pela Hamane hobane morena o ne a laetse hore ho etswe jwalo. Empa Mordekai a hana ho kgumama le ho inama ka pela Hamane.  Yaba bahlanka ba morena ba keiting ya morena ba re ho Mordekai: “Ke hobaneng ha o sa mamele taelo ya morena?”  Ba ne ba bua le yena ka taba ena letsatsi le letsatsi empa a sa ba mamele. O ne a ba boleletse hore ke Mojuda.+ Yaba ba bolella Hamane e le hore ba bone hore na ho tla etswang ka Mordekai.+  Ha Hamane a bona hore Mordekai o hana ho kgumama le ho inama ka pela hae, a tuka ke bohale.+  Empa o ne a bona ho sa lekana ho bolaya Mordekai feela hobane o ne a boleletswe ka batho ba ha bo Mordekai. Ka hoo, Hamane a batla ho bolaya Bajuda bohle ba dibakeng tsohle tse pusong ya Asueruse e leng batho ba habo Mordekai kaofela.  Kgweding ya pele e leng kgwedi ya Nisane,* selemong sa bo12+ sa Morena Asueruse, ba lahla Pure+ (kapa Lotho)* ka pela Hamane e le ho kgetha letsatsi le kgwedi ya ho bolaya Bajuda. Ya supa kgwedi ya bo12 e leng kgwedi ya Adare.*+  Hamane a re ho Morena Asueruse: “Ho na le setjhaba se itseng se hasaneng hara ditjhaba+ tse diprofinseng tsohle tse pusong ya hao.+ Melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding tsohle. Ha se mamele melao ya hao morena mme o ke ke wa fumana molemo wa letho ha o ka se tlohela.  Haeba ho bonahala ho le molemo ho wena morena, ho ke ho ngolwe molao wa hore se fediswe. Ke tla fa diofisiri silevera ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho 340 000* tse tla iswa moo ho bolokwang matlotlo a hao.”* 10  Yaba morena o rola reng+ ya hae ya borena mme o e fa Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage.+ Hamane e ne e le sera sa Bajuda. 11  Morena a re ho Hamane: “O filwe silevera ha mmoho le batho bakeng sa hore o etse ka moo o batlang ka teng.” 12  Jwale bangodi ba morena+ ba bitswa ka letsatsi la bo13 kgweding ya pele. Yaba ba ngola+ mangolo a nang le ditaelo tse tswang ho Hamane, a yang ho diofisiri tse kgolo tsa morena, babusi ba diprofinse le dikgosana tsa ditjhaba tse fapaneng. Ba ngolla profinse ka nngwe ka tsela eo ho ngolwang ka yona moo le setjhaba ka seng ka puo ya sona. Mangolo a ngolwa ka lebitso la Morena Asueruse mme ditaba tsa tempuwa ka reng ya hae ya borena.+ 13  Baromuwa ba romela mangolo diprofinseng tsohle tsa morena, a laelang hore ka letsatsi le le leng la bo13, kgweding ya bo12 e leng ka kgwedi ya Adare,+ ho bolawe, ho fediswe ho be ho ripitlwe Bajuda bohle ba banyenyane le ba baholo, bana le basadi le hore thepa ya bona e hapuwe.+ 14  Ditaba tsa lengolo leo di ne di lokela ho fanwa e le molao diprofinseng tsohle le ho phatlalatswa ditjhabeng tsohle hore di itlhophele letsatsi lena. 15  Baromuwa ba tswa ka potlako+ feela jwalo ka ha morena a ne a ba laetse mme molao wa hlomamiswa Shushane*+ ntlong ya morena.* Morena le Hamane ba dula fatshe ho nwa empa motse wa Shushane o ne o ferekane.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ditalenta tse 10 000.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa mohlomong: “Ke tla isa ditalenta tsa silevera tse 10 000 moo ho bolokwang matlotlo a hao bakeng sa ba tla etsa mosebetsi ona.”
Kapa: “Susa.”
Kapa: “phaleising.”