Esthere 4:1-17

  • Mordekai o utlwile bohloko (1-5)

  • Mordekai o kopa thuso ho Esthere (6-17)

4  Ha Mordekai+ a utlwa ka dintho tsohle tse etsahetseng,+ a tabola diaparo tsa hae, a apara lesela le hwashang* mme a itshela ka molora. Yaba o ya bohareng ba motse a ntse a bokolla ha bohloko.  Ka ha ha ho motho ya neng a dumeletswe ho kena keiting ya ntlo ya morena a apere lesela le hwashang,* a fella keiting.  Diprofinseng tsohle+ moo molao wa morena o neng o phatlalatswa teng, Bajuda ba ne ba utlwile bohloko, ba itima dijo,+ ba lla le ho bokolla ha bohloko. Batho ba bangata ba ne ba robetse moloreng le hodima lesela le hwashang.*+  Ha basebetsi* ba Esthere le maqhalaha a hae ba kena mme ba mo bolella, mofumahadi a utlwa bohloko haholo. A romella Mordekai diaparo hore a di apare ho ena le lesela le hwashang* empa Mordekai a di hana.  Yaba Esthere o bitsa Hathake e leng e mong wa maqhalaha a morena, eo morena a neng a mo kgethile hore a sebeletse Esthere mme a mo laela hore a botse Mordekai hore na ho etsahalang.  Ka hoo, Hathake a ya ho Mordekai seterateng se neng se le ka pela keiti ya ntlo ya morena.  Mordekai a mo bolella dintho tsohle tse mo hlahetseng le hore na ke tjhelete e kae+ eo Hamane a tshepisitseng ho e isa polokelong ya matlotlo a morena bakeng sa hore Bajuda ba bolawe.+  A boela a mo fa lengolo le neng le ena le molao wa hore Bajuda ba bolawe. Molao ona o ile wa phatlalatswa Shushane.*+ Hathake o ne a lokela ho le bontsha Esthere, ho mo hlalosetsa lona le ho mo laela+ hore a ye ho morena a kope mohau ho yena bakeng sa batho ba habo.  Hathake a kgutla mme a bolella Esthere hore na Mordekai o itseng. 10  Yaba Esthere o bolella Hathake hore a re ho Mordekai:+ 11  “Bahlanka bohle ba morena le batho ba diprofinseng tse tlasa puso ya morena ba a tseba hore haeba monna kapa mosadi le ha e le ofe a ka ya ho morena ka lebaleng+ a sa bitswa, molao o re a bolawe. O tla tlohelwa haeba feela morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la kgauta.+ O tsebe hore ke se ke ena le matsatsi a 30 ke eso bitswe ke morena.” 12  Ha Mordekai a bolellwa hore na Esthere o itseng 13  a re: “O se ke wa nahana hore hara Bajuda bohle o tla pholoha hobane feela o le ntlong ya morena. 14  Ha o ka itholela boemong bona, Bajuda ba tla thuswa le ho lopollwa ka tsela e nngwe+ empa wena le beng ka wena le tla shwa. Ho tseba mang? Mohlomong o fihletse boemo ba bofumahadi+ ka lebaka lona lena.” 15  Yaba Esthere o re ho Mordekai: 16  “Tsamaya, o bokelle Bajuda bohle ba tla fumanwa Shushane mme le itime dijo+ molemong wa ka. Le se ke la ja kapa la nwa ka matsatsi a mararo,+ bosiu le motshehare. Le nna le basebetsi* ba ka re tla itima dijo. Ke tla tlola molao ke ye ho morena. Haeba ke shwa, ke shwe.” 17  Yaba Mordekai o a tsamaya mme o phetha dintho tsohle tseo Esthere a mo laetseng tsona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E ne e le ba barwetsana.
Kapa: “Susa.”
E ne e le ba barwetsana.