Esthere 9:1-32

  • Bajuda ba a hlola (1-19)

  • Ba qapa mokete wa Purime (20-32)

9  Ka letsatsi la bo13 la kgwedi ya bo12 e leng kgwedi ya Adare,*+ taelo ya morena le molao wa hae di ne di lokela ho phethwa.+ Dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola empa ha etsahala ntho e fapaneng. Bajuda ya eba bona ba hlolang dira tsa bona.+  Bajuda ba phutheha metseng ya bona diprofinseng tsohle tse buswang ke Morena Asueruse+ bakeng sa ho bolaya ba batlang ho ba hlasela mme ha ho motho ya ileng a ba futuhela hobane ditjhaba tsohle di ne di ba tshaba.+  Dikgosana tsohle tsa diprofinse, diofisiri tse kgolo tsa morena,+ babusi le ba sebeletsang morena ba ne ba tshehetsa Bajuda etswe ba ne ba tshaba Mordekai.  Mordekai o ne a se a hlompheha+ ka tlung ya morena.* A nna a tsebahala diprofinseng tsohle hobane o ne a ntse a hlompheha ho ya pele.  Bajuda ba hlasela bohle ba direng ka sabole. Ba ba bolaya le ho ba fedisa mme ba iketsetsa borata ka bona.+  Shushane*+ ntlong ya morena, Bajuda ba bolaya le ho ripitla banna ba 500.  Ba boela ba bolaya Parshandatha, Dalfone, Aspatha,  Poratha, Adalia, Aridatha,  Parmashta, Arisai, Aridai le Vaizatha 10  e leng bara ba leshome ba Hamane mora wa Hamedatha sera sa Bajuda.+ Empa ha ba se ba ba bolaile ha ba a ka ba hapa thepa ya bona.+ 11  Letsatsing leo, morena a bolellwa palo ya ba bolailweng Shushane ntlong ya morena. 12  Morena a re ho Mofumahadi Esthere: “Bajuda ba bolaile le ho timetsa banna ba 500 le bara ba leshome ba Hamane Shushane ntlong ya morena. Diprofinseng tse ding tsa morena+ teng ba entseng? Keng eo o e batlang? O tla e fuwa. Keng eo o e kopang hape? E tla etswa.” 13  Esthere a re: “Haeba morena a rata,+ Bajuda ba Shushane ba ke ba dumellwe hore hosane ba etse ho ya ka molao wa kajeno+ le hore bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwe palong.”+ 14  Ka hoo, morena a laela hore ho etswe ka tsela eo. Ha fanwa ka taelo Shushane mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa. 15  Bajuda ba Shushane ba phutheha hape letsatsing la bo14 la kgwedi ya Adare+ mme ba bolaya banna ba 300 Shushane empa ha ba a ka ba hapa thepa ya bona. 16  Bajuda ba bang kaofela ba diprofinseng tse buswang ke morena ba phutheha mme ba itwanela.+ Ba ile ba bolaya dira tsa bona+ tse 75 000 empa ha ba a ka ba hapa thepa ya tsona. 17  E ne e le letsatsi la bo13 la kgwedi ya Adare. Yaba ba phomola letsatsing la bo14 mme ba le etsa letsatsi la ho keteka le la ho thaba. 18  Bajuda ba Shushane ba phutheha bakeng sa ho lwana ka letsatsi la bo13+ le la bo14+ mme ba phomola ka letsatsi la bo15. Ba le etsa letsatsi la ho keteka le la ho thaba. 19  Ke ka lebaka leo Bajuda ba mahaeng ba hahileng metseng e diterekeng tse ding, ba ileng ba etsa hore letsatsi la bo14 la kgwedi ya Adare e be letsatsi la ho thaba,+ ho keteka le ho fanana dijo.+ 20  Mordekai+ a ngola diketsahalo tsena mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba diprofinseng tsohle tse buswang ke Morena Asueruse, ba hole le haufi. 21  A ba laela hore ba keteke letsatsi la bo14 le la bo15 la kgwedi ya Adare selemo se seng le se seng 22  hobane ka mora matsatsi ao, Bajuda ha ba a ka ba hlola ba kgathatswa ke dira tsa bona. Kgweding eo, mesarelo ya bona e ile ya fetoha thabo le letsatsi la ho utlwa bohloko+ la fetoha letsatsi la ho keteka. Ba ne ba lokela ho a keteka e le matsatsi a ho thaba le ho fanana dijo le ho fa bafutsana dimpho. 23  Bajuda ba dumela hore ba tla nne ba etse mokete ona e le moetlo jwalo ka ha ba ne ba se ba qadile le ho etsa ka moo Mordekai a neng a ba laetse. 24  Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage,+ sera sa Bajuda bohle, o ne a rerile ho timetsa Bajuda+ mme o ne a entse hore ho lahlwe Pure+ e leng Lotho, bakeng sa ho ba hlokisa botsitso le ho ba fedisa. 25  Empa ha Esthere a fihla ho morena, morena a fana ka molao o ngotsweng+ o reng: “Ntho e mpe eo a neng a e reretse Bajuda+ e ke e etsahale ho yena.” Yaba ba mo fanyeha palong le bara ba hae.+ 26  Ke ka hoo ba ileng ba rehella matsatsi ana ka Pure*+ ba a bitsa Purime. Ho latela mantswe a lengolo leo Mordekai a le ngotseng, dintho tseo Bajuda ba di boneng le tse ba hlahetseng, 27  Bajuda le bana ba bona ha mmoho le ba ikopantseng le bona+ ba ile ba itlama ho keteka matsatsi ana a mabedi ba sa fose. Ba ne ba boetse ba itlamme ho etsa ka moo Mordekai a ngotseng ka teng mabapi le matsatsi ao selemo le selemo ka nako ya ona. 28  Matsatsi ana a ne a lokela ho hopolwa le ho ketekwa ke meloko yohle, malapa ohle, diprofinse tsohle le metse yohle. Bajuda le bana ba bona ba ne ba sa lokela ho kgaotsa ho keteka matsatsi ana a Purime le ho ikgopotsa ona. 29  Yaba Mordekai wa Mojuda le Mofumahadi Esthere, moradi wa Abikaile ba ngola lengolo la bobedi mabapi le Purime mme ba le tiisa ka matla ao ba a filweng. 30  Mordekai a romela mangolo a nang le mantswe a kgotso le a nnete ho Bajuda bohle diprofinseng tse 127+ tse buswang ke Asueruse.+ 31  E ne e le ho tiisa hore matsatsi ana a Purime a ketekwa ka dinako tsa ona tse kgethilweng feela jwalo ka ha Mordekai wa Mojuda le Mofumahadi Esthere ba ba laetse+ le feela jwalo ka ha bona le bana ba bona ba ne ba itlamme.+ Ba ne ba boetse ba itlamme hore matsatsing ao ba tla itima dijo+ le ho etsa dithapedi.+ 32  Taelo ya Esthere ya tiisa ditaba tsena tsa Purime+ mme ya ngolwa bukeng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phaleising.”
Kapa: “Susa.”
“Pure,” e bolela “Lotho.” Ha e iswa bongateng e bitswa “Purime”. Ke lebitso la mokete wa Bajuda o ketekwang ka kgwedi ya bo12 khalendareng e halalelang. Sheba Ntlha ya B15.